Coati—Tseba ka Phoofolo Ena e sa Tloaelehang
KA MONGOLI OA TSOHA! BRAZIL
U NTSE u itsamaela ka boiketlo morung ha ka tšohanyetso u bona sehlopha sa li-coati se tla se lebile ho uena. U sehoa ke letsoalo ’me ua ipotsa hore na ebe li tla u hlasela kapa che. Empa khoba matšoafo! Le hoja ho tsebahala hore li-coati lia loma, ha e le hantle liphoofotsoana tsena tse sa tloaelehang li ichebetse mokotla oo u o nkileng. Li-coati li lula li batla ntho eo li ka e jang. Ha e le hantle, li ka ja ntho leha e le efe eo li e fumanang, ho akarelletsa libōkō, mekholutsoane, likho, litoeba, litholoana, esita le mahe a linonyana.
Coati ke mofuta oabo phoofolo e bitsoang raccoon, empa ’mele oa eona o batla o le moleletsana, hammoho le mohatla oa eona, ’me e na le sefene se tenyetsehang. Phoofolo ena e anyesang, ea libakeng tsa tropike tse Amerika, e bolelele ba lisenthimithara tse 66, le mohatla o molelele bo bokaalo, ’me e fumaneha karolong e ka boroa-bophirimela United States le ho elella ka leboea Argentina.
Tse tšehali li tsamaea ka lihlopha tsa tse ka bang 20, athe e tona e tsamaea e le ’ngoe. Selemo se seng le se seng nakong ea ho tlōlela, e le ’ngoe e tona e kena sehlopheng sa tse tšehali. Libeke tse supileng ho ea ho tse robeli hamorao, tse emereng li tloha sehlopheng ho ea haha matloana lifateng. E le ’ngoe e ba le malinyane a mararo kapa a mane. Ka mor’a libeke tse tšeletseng malinyane a hlahile, bo-’mè ba bacha ba khutlela sehlopheng, hammoho le malinyane a bona. Malinyane a li-coati a tšoana le pitikoana ea boea e sa tsitsang.
Nako ena kaofela li-coati lia fofonela le ho tsetsepela linala fatše ha li ntse li tsamaea morung. Lihoai ha li batle le ho li bona kaha li baka tšenyo e khōlō masimong a poone le lirobeng tsa likhoho. Ha li tsongoa, li-coati li tseba ho ipata. Liphoofotsoana tsena tse masene li balehela litšabelong tsa tsona tse lifateng. Li boetse li na le mokhoa o mong oa ho pholoha. Ha li utloa molumo oa sethunya kapa oa ho opa liatla, li ithapalatsa fatše ’me li etse e ka li shoele! Ha litsomi li le haufi le ho li tšoara, li tšola tlhako morong!
Nakong e tlang ha u etetse Brazil, mohlomong u tla kopana le sehlopha sa li-coati. Haeba u kopana le tsona, u se ke ua tšoha. Li ka ’na tsa se ke tsa u ntša kotsi. Empa seo li ka se thabelang haholo ke hore u li akhelle lijonyana!