Lefu— Na Ehlile ke Qetello ea Bophelo?
KA February 1987, monna e mong ea lilemo li 85 ea neng a phelisoa ke mochine o hloekisang mali hobane liphio tsa hae li sa sebetse hantle, o ile a etsa qeto ea hore a khaotse ho o sebelisa. Libeke tse peli hamorao, o ile a ichoella ka khotso ha hae, mora oa hae ea mong feela a le lehlakoreng la hae.
Nako eo ea ho qetela ba le babeli e ile ea ba fa monyetla oa hore ba nahanisise ka taba eo ba neng ba kile ba e tšohla nakong e fetileng, e leng ea hore na ho na le monyetla oa hore bafu ba phele hape. Ntate eo, ea neng a rutehile a tsoa k’holejeng, o ne a le lekhonono tabeng ena. O ne a susumelitsoe ke khopolo ea hore lintho li iphetotse ’me a tennoe ke boikaketsi bolumeling. O ne a lumela hore ha ho motho ea tsebang hore na Molimo o teng kapa che.
Kaha mora o ne a batla ho tšelisa ntate oa hae le ho mo fa tšepo, o ile a mo behela mabaka a bontšang hore ruri ke ntho e ka etsahalang hore bafu ba boele ba phele. Ha a le haufi le ho hlokahala, ntate eo o ile a lumela hore a ka rata ho phela hape, a se a nchafetse, a le mafolofolo a bile a phetse hantle ’meleng.
Matšeliso ha Motho a Tobane le Lefu
Hoo e batlang e le batho bohle ba ka rata ho phela hape lefatšeng le renang khotso ba se ba sa kule, ’me ba le mahlahahlaha. Batho ba fapane le liphoofolo tseo Bibele e li hlalosang e le libōpuoa “tse sa nahaneng,” kapa “libōpuoa tse laoloang ke tlhaho.” (2 Petrose 2:12; New International Version) Rōna re pata bafu. Re nahana ka bokamoso. Ha re batle ho tsofala, ho kula le ho shoa. Leha ho le joalo, lintho tsena li etsahalla batho bophelong.
Ha lefu le atamela, ebang ke la rōna kapa la motho eo re mo ratang, re qala ho nahana ka ho teba ’me rea hlonama. Leha ho le joalo, Bibele e re khothalletsa hore re be sebete ha re tobane le lefu, e re: “Ho molemo ho ea ntlong ea ho siama ho feta ho ea ntlong ea mokete.” Ea phaella: “Ea phelang o lokela ho [le] tebisetsa pelong ea hae.” (Moeklesia 7:2) Ke hobane’ng ha re lokela ho tebisetsa lefu pelong kapa ho nahana ka lona ka ho teba?
Taba ea pele, ka tlhaho re na le takatso ea ho phela re thabile moo ho nang le khotso le tšireletseho. Ka tlhaho, ha re batle ho shoa kapa hore re be sieo. Ho thata haholo ho amohela seo. Bibele e hlalosa lebaka: “[Molimo] o kentse nako e sa feleng mehopolong ea batho,” kapa “lipelong tsa bona.” (Moeklesia 3:11; Revised Standard Version) Re batla ho phela, eseng ho shoa. Ak’u nahane ka sena: Na re ne re tla ba le takatso e matla hakaalo haeba tšimolohong ’Mōpi oa rōna a ne a sa rera hore re phele ka ho sa feleng? Na ho ka etsahala hore batho ba boele ba phele ba se ba sa kule ’me ba thabile?
Mabaka a ho Lumela Seo
Selemong se fetileng, makasine e bitsoang AARP The Magazine, e hatisoang ke Mokhatlo oa Amerika oa Batho ba Pencheneng, e ne e e-na le sehlooho se reng, “Bophelo ka Mor’a Lefu.” Ha ho buisanoa le batho ba bangata ba neng ba se ba fetile lilemo tse 50, ho ile ha bonahala hore “hoo e ka bang batho ba bararo ho ba bane (liphesente tse 73) ba lumellana le maikutlo ana a reng, ‘Ke lumela hore bophelo bo teng ka mor’a lefu.’” Ka lehlakoreng le leng, makasine eo e ile ea tlaleha hore hoo e ka bang kotara ea bona e ile ea lumellana le maikutlo a reng, “Ke lumela hore ha ke shoa, ho felile ka ’na.” Empa na ke sona seo batho ba hlileng ba batlang ho se lumela?
Sehloohong sona seo, ho ile ha tlalehoa hore Tom, eo e leng Mok’hatholike oa New York, o ile a re: “[Baruti] ba ruta hore motho a ka phela hape ka mor’a lefu. Ntho eo ke e hlokometseng ke hore batho ba ruta lintho tse ngata. U lokela ho iketsetsa qeto ea hore na u lumela eng. Ke tloaetse ho ea ’Miseng. Ke phela joalokaha eka kea lumela hore bophelo bo teng ka mor’a lefu, empa ha ke lumele. Haeba bo teng, khele! e tla be e le pasela.”
Joaloka Tom, batho ba bangata ba lekhonono tabeng ea hore na motho a ka phela hape, ho tšoana le ntate ea boletsoeng qalong ea sehlooho sena, ea neng a tloaetse ho re ho mora oa hae, “Bolumeli bo loketse batho ba sa batleng ho amohela ’nete ea hore lefu le teng.” Leha ho le joalo, joalokaha ntate eo le batho ba bang ba lekhonono ba ile ba tlameha ho amohela, ho lumela hore ho na le ’Mōpi ea matla ’ohle ho re fa lebaka la ho utloisisa mehlolo eo ho seng joalo re neng re ke ke ra e utloisisa.
Ka mohlala, libeke tse tharo feela ka mor’a kemolo, lesea le qala ho ba le lisele tsa boko. Lisele tsena li ikatisa ka potlako, ka linako tse ling ho hlaha tse ka etsang kotara ea milione ka motsotso! Likhoeli tse robong hamorao, ngoana o hlaha a e-na le boko bo nang le matla a hlollang a ho ithuta lintho. James Watson, eo e leng setsebi sa baeloji ea limolek’hule, o re boko ba motho “ke ntho e rarahaneng ka ho fetisisa eo re e fumaneng ho fihlela joale bokahohleng ba rōna.”
Ha u nahana ka mohlolo o kang ona, na ha u hlolloe ke seo, joalokaha batho ba bang ba bangata ba hlolloa ke seo? Na ho nahanisisa ka lintho tsee ho u thusitse hore u fumane karabo ea potso e botsitsoeng ke monna e mong oa khale, ha a ne a re: “Haeba monna ea shahlileng a shoa na a ka phela hape?” Monna eo o ile a araba Molimo a kholisehile, a re: “U tla hooa, ’me ke tla u araba. U tla hloloheloa mosebetsi oa matsoho a hao.”—Jobo 14:14, 15.
Ka sebele re lokela ho hlahloba bopaki bo re fang mabaka a ho lumela hore bafu ba ka boela ba phela.