U Tla Araba Joang?
Ke Lintho Life Tse Sieo Setšoantšong See?
Bala Tšenolo 12:3. Joale sheba setšoantšo. Ke lintho life tse sieo ho sona? Ngola karabo meleng e ka tlaase, ’me u toroee lintho tseo tse sieo setšoantšong.
1. ․․․․․
2. ․․․․․
3. ․․․․․
SE KA TŠOHLOANG:
Drakone ee e emela mang? Hona o susumetsa lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona joang?
NTLHA E THUSANG: Bala Tšenolo 12:9.
Tse Hlahang Makasineng Ena
Araba lipotso tsena, u be u fane ka temana kapa litemana tsa Bibele tse sa tlatsoang.
LEQEPHE 3 Molimo o kentse eng mehopolong ea batho le lipelong tsa bona? Moeklesia 3:․․․
LEQEPHE 5 Mpho eo Molimo a fanang ka eona ke eng? Baroma 6:․․․
LEQEPHE 21 Ke litlotla life tsa bolumeli tseo Jesu a itseng ha rea lokela ho li sebelisa? Matheu 23:․․․
LEQEPHE 27 Motho ea masene o etsa’ng? Liproverbia 22:․․․
Bana Batlang Litšoantšo
Na u ka fumana litšoantšo tsee makasineng ee? Hlalosa ka mantsoe a hao se etsahalang setšoantšong ka seng.
Ke Mang ea Leng Lesikeng Labo Jesu?
Nahana ka lintlha tsena tse tla u thusa ho fumana karabo. Sheba litemana tse bontšitsoeng. Ebe u ngola mabitso a nepahetseng meleng e fanoeng.
4. ․․․․․
NTLHA E THUSANG: Zera, Moethiopia o ile a mphutuhela ka banna ba milione, empa Jehova a ba hlōla ka pel’a ka.
Bala 2 Likronike 14:9-12.
5. ․․․․․
NTLHA E THUSANG: Ke ile ka hlophisa hore Molao oa Jehova o rutoe metseng ea Juda.
Bala 2 Likronike 17:1, 7-9.
6. ․․․․․
NTLHA E THUSANG: Ke patetsoe Motseng oa Davida empa eseng libakeng tsa lepato tsa marena.
Bala 2 Likronike 21:16-20.
◼ Likarabo li leqepheng la 13
LIKARABO BAKENG SA LEQEPHENG 13
1. Hlooho e ’ngoe le molala.
2. Linaka tse leshome.
3. Mefapa-hlooho e supileng.
4. Asa.—Matheu 1:7.
5. Josafate.—Matheu 1:8.
6. Jorame.—Matheu 1:8.