Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 9/08 leq. 32
  • “Ke ne ke sa Tsebe Hore Molimo o na le Lebitso”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Ke ne ke sa Tsebe Hore Molimo o na le Lebitso”
  • Tsoha!—2008
Tsoha!—2008
g 9/08 leq. 32

“Ke ne ke sa Tsebe Hore Molimo o na le Lebitso”

◼ Mantsoe ana a ile a buuoa ke mosali e mong ka mor’a hore a bale buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? O ile a phaella ka ho re: “Empa ena ke taba e utloahalang. Ha ke sheba lebitso la Molimo ka Bibeleng ea ka, ke ile ka le fumana!” O ile a re: “Ke qala ho bala buka e rutang le e utloisisehang habonolo joaloka ena, e buang ka Bibele!”

Buka ea Seo Bibele e se Rutang e bontša hore tšimolohong Molimo o ne a rerile hore lefatše e be paradeise, e boetse e bontša ka ho hlaka hore na morero oo o tla phethahatsoa joang. Buka ena e senola karolo ea bohlokoa eo Mor’a Molimo, e leng Jesu Kreste a e phethang ho etseng hore morero ona o phethahale. E fana ka tlhaloso ea Bibele ea hore na ke hobane’ng ha re tsofala re bile re e-shoa, e bolela lebaka leo Molimo a lumeletseng mahlomola ka lona le hore na ’Muso oa Molimo o tla lokolla batho mahlomoleng ’ohle joang.

Le hoja buka ea Seo Bibele e se Rutang e bile teng ka lilemo tse tharo feela, ho se ho hatisitsoe tse fetang limilione tse 79 ka lipuo tse 220. U ka kōpa buka ena ka hore u tlatse setlankane sena se ka tlaase ebe u se romela atereseng e bontšitsoeng kapa e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.

□ Le hoja ke sa itlame ka letho, ke kōpa le ntlisetse buka e bontšitsoeng mona.

□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela