Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 9/08 maq. 16-19
  • Liroboto li Tsoetse Pele Hakae Kajeno?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Liroboto li Tsoetse Pele Hakae Kajeno?
  • Tsoha!—2008
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mosebetsi o Phethoang ke Liroboto
  • Li Tšoana le Batho Hakae?
  • Li Tla Sebelisoa Joang ka Moso?
  • Setsebi sa Liroboto se Hlalosa Tumelo ea Sona
    Tsoha!—2013
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2008
  • Kamoo re ka Thabisang Molimo Kateng
    Ithute ho Mosuoe e Moholo
  • Nko ea Tlou
    Tsoha!—2012
Bala Tse Ling
Tsoha!—2008
g 9/08 maq. 16-19

Liroboto li Tsoetse Pele Hakae Kajeno?

KA MONGOLI OA TSOHA! JAPANE

LIROBOTO. U nahana’ng ha u utloa lentsoe lee? Batho ba bang ba nka liroboto e le bathusi ba molemo, ba botsoalle. Ba bang baa tšoha ha ba nahana ka tsona—ba nka hore ke mechine e bohlale haholo eo mohlomong e ka nkelang batho sebaka. Leha ho le joalo, ba bang ba li talima e le lintho tse bontšang takatso eo bo-rasaense ba nang le eona ho fapana le ho ba lintho tsa sebele.

Li sebelisoa hakae kajeno? Ho ea ka likhakanyo tse lokolotsoeng ke Mokhatlo oa Machaba oa Liroboto ka 2006, ho na le liroboto tse ka bang milione tse sebelisoang ke liindasteri lefatšeng ka bophara, ’me halofo ea tsona e linaheng tsa Asia. Ke hobane’ng ha ho hlokahala tse ngata hakaale?

Mosebetsi o Phethoang ke Liroboto

Ak’u nahane ka mosebetsi eo kamehla a leng mosebetsing, eo ho seng mohla a tletlebang ’me a sebetsa lihora tse 24 ka letsatsi, matsatsi ’ohle a beke, a sa khathale. Ke sona seo liroboto tse sebelisoang liindastering li se etsang, li sa khefutse, li hlahisa boieane ba likoloi, thepa ea motlakase le ea ka tlung. Liroboto li etsa sona seo lebitso la tsona ka Seczech, robota le se bolelang, e leng “mosebetsi ea qobelloang.” Ho hakanngoa hore indastering e etsang likoloi, ka 2005 roboto e le ’ngoe e ne e etsa mosebetsi oa batho ba 10!

Leha ho le joalo, liroboto ha li sa fumaneha feela lifekthering. Hona joale ho entsoe hore tse ling li tsebe ho khetholla mantsoe a batho, tse ling li hahiloe ka tsela eo li khonang ho itsitsisa, tse ling li amohela boitsebiso le ho bo fetisa li sa hokahanngoa ka mehala, ’me tse ling li tsamaisoa ka sathalaete, ha tse ling li khona ho utloa mocheso, matla, melumo eo batho ba sitoang ho e utloa, ho fumana lik’hemik’hale le ho bona mahlaseli a sa bonahaleng. Kaha liroboto li se li le matla li bile li khona ho etsa lintho tse ngata ho feta pele, li etsa lintho tseo lilemong tse seng kae pejana ho neng ho nahanoa hore li ke ke tsa khoneha. Nahana ka mehlala e meng.

◼ Litšebeletso. Sepetleleng se seng sa Great Britain, ho na le roboto e nang le matsoho e nkang metsotsoana feela hore e ntše meriana le ho fana ka eona. Ba Litšebeletso Tsa Poso United States ba na le liroboto tse ngata tse sebelisetsoang ho hlopha liphasele, ho li kakasa le ho li paka hantle. Liroboto tse nang le matsoho a tsoelipanang joaloka noha li fihla libakeng tseo ho leng thata ho fihla ho tsona—tse kang bokahare ba lepheo la sefofane—hore li le hlahlobe kapa li le lokise.

◼ Ho Tlosa Batho Bolutu. Lehaeng le hlokomelang batho ba kulang Japane, maqheku a kulang a chenchana ka ho pholla roboto e ntle ea lelinyane la qibi le boea. Roboto ena ea qibi e itšoara ka tsela e itseng ha e tšoaroa, ha e bona khanya, ha e utloa molumo, ha ho chesa kapa ho bata, esita le ha e tšoaroa ka tsela e itseng. E etsisa lelinyane la sebele ’me ea lla, ea panya-panya hammoho le ho sisinya mapheo a eona. Ho ’nile ha boleloa hore roboto ena ea qibi e khotsofatsa tlhoko eo motho a nang le eona ka tlhaho ea ho thabela botsoalle ’me e sebelisoa e le mokhoa oa phekolo.

◼ Phekolo. Roboto e nang le matsoho a mararo e ema haufi le mokuli. Thōkoana mane ngaka e buoang e sheba ka mochineng o e bontšang pelo ea mokuli ka mahlakoreng a mararo. Ngaka e laola matsoho a roboto ha e ntse e buoa mokuli le ho roka leqeba e le ho lokisa mothapo oa pelo o nang le bothata. Mokhoa ona o etsa hore mokuli a se ke a sehoa haholo ha a buuoa kaha liroboto tsena li sebetsa ka tsela e nepahetseng haholo, ’me sena se etsa hore mokuli a se ke a ba le maqeba a mabe, a se ke a tsoa mali a mangata le hore a fole kapele.

◼ Lapeng. Ha u penya konopo feela roboto e sepapetloa e qala ho fiela fatše. Roboto ena e fiela hohle moo ho se nang letho ha e ntse e tsamaea e bilika ’me e ea haufi le mabota, ebe e qetella e “tseba” seemo sa kamore. E khona ho utloa moo ho nang le litepisi ’me ea li qoba. Hang ha e qetile, roboto ena ea ema ’me e khutlela moo e polakoang teng hore e ’ne e chache beteri. Hona joale ho se ho ntse ho sebelisoa liroboto tsena tse fielang tse fetang limilione tse peli.

◼ Sepakapakeng. Roboto e tsamaeang ka mabili a tšeletseng, e bitsoang Spirit e hlahloba polanete ea Mars. Roboto ena e kentsoeng litšepe le lithulusi tsa saense matsohong a eona e hlahloba mobu le majoe polaneteng eo. Spirit e ’nile ea nka litšoantšo tse fetang 88 500 tsa Mars e sebelisa lik’hamera tse hokeletsoeng ho eona, tse akarelletsang sebōpeho sa polanete eo, mehohlo, maru, moea o kuputsang lerōle hammoho le ho likela ha letsatsi. Ke e ’ngoe ea liroboto tse ntseng li sebelisoa hona joale polaneteng ea Mars.

◼ Mosebetsing oa Pholoso. Ka tlas’a maloanlahla a kubellang ka lebaka la mocheso o matla oa litšepe le mabota a konkreite ka mor’a ho soahlamana ha World Trade Towers, liroboto tse 17 tse lekanang le bolo ea basketball tse etsang mosebetsi oa pholoso li ile tsa batla mahlatsipa. Ka mor’a moo, ho ’nile ha etsoa mefuta e meng e tsoetseng pele ea liroboto, e kang roboto ena e bontšitsoeng ka tlaase.

◼ Ka Metsing. Bo-rasaense ba sebelisa mechine e itsamaisang ka metsing ho hlahloba karolo ea lefatše e e-song ho ka e hlahlojoa hakaalo leoatleng. Liroboto tsena ha li tsamaisoe ke motho empa lia itsamaisa. Mesebetsi ea tsona metsing e akarelletsa mosebetsi oa pholoso, ho hlahloba mehala ea lithelefono, ho sala maruarua morao hammoho le ho tlosa liqhomane tse maoatleng.

Li Tšoana le Batho Hakae?

Ka makholo a lilemo, batho ba ’nile ba lakatsa ho etsa roboto e kang motho. Empa ho ile ha e-ba thata haholo ho e etsa! Makasine e bitsoang Business Week e re: “Ho etsa lik’homphieutha tse matla haholo tse rarahaneng, ho haha mehaho e melelele haholo kapa ho rala metse e meholo hase letho ha ho bapisoa le mosebetsi oa ho etsa mechine e khonang ho etsisa motho, e khonang ho bona, ho fofonela, ho utloa le ho tšoara, hammoho le e nang le bohlale bo batlang bo tšoana le ba batho.”

Ka mohlala, nahana ka mosebetsi o bonahalang eka o bonolo oa ho etsa roboto e kang motho, e tsebang ho tsamaea. Ka mor’a hore baenjiniere ba Japane ba qete lilemo tse 11 ba etsa lipatlisiso tse ngata le ho sebetsa ka thata—’me ba sebelise lidolara tse limilione tse ngata-ngata—qetellong ka September 1997, ba ile ba atleha ho hlahisa roboto e joalo. Ho tloha ka nako eo, ho ’nile ha etsoa liroboto tse kang batho tse khonang ho hloa litepisi, ho matha, ho tantša, ho nka lintho ka terei, ho sututsa kariki, esita le ho itsosa haeba li ka oela fatše!

Li Tla Sebelisoa Joang ka Moso?

Liroboto li tla sebelisoa joang ka moso? Mokhatlo oa United States oa National Aeronautics and Space Administration hona joale o ntse o etsa roboto e kang motho, e tla khona ho etsa lintho tse kotsi sepakapakeng. Bill Gates, ea tsebahalang haholo, ’me a li hula pele theknolojing ea lik’homphieutha o bolela hore mohlomong “liroboto li tla phetha mosebetsi oa bohlokoa oa ho thusa batho ba hōlileng esita le ho ba tlosa bolutu.”

Ka ho tšoanang, tlaleho e fanoeng ke ’muso oa Japane e bontša hore mohlomong ka 2025, batho ba tla be ba phela le liroboto ’me li tla be li sebetsa joaloka bahlokomeli, li thusa ho hlokomela bana haesita le ho etsa mesebetsi ea lapeng. Bafuputsi ba re ba nahana hore ka 2050, ho tla be ho na le thimi ea libapali tsa bolo ea maoto ea liroboto, e tla khona ho hlōla thimi ea batho. Hape ba nahana hore ka mor’a lilemo tse mashome a seng makae, ho tla be ho entsoe mechine e bohlale ho feta boko ba motho.

Le hoja ba buang lintho tseo ba e-na le boikemisetso bo tiileng, hase bohle ba lumelang hore lintho tseo li tla hle li phethahale. Ha a bua ka mathata a rarahaneng ao ba sebetsanang le ’ona, Jordan B. Pollack, eo e leng mofuputsi oa lintho tse bohlale tse ka khonang ho etsisa batho, o itse: “Re khella tlaase haholo tsela e rarahaneng eo lintho tse phelang li sebetsang ka eona.”

Ho se ho tla bonahala hore na ho etsoa ha liroboto ho tla hatela pele ho fihlela hokae. Leha ho le joalo, ’nete ke hore bokhoni ba ho bontša lerato, bohlale, toka le matla bo tla lula bo bonahatsoa feela ke batho. Hobane’ng? Hobane Bibele e bolela ka ho hlaka hore ho fapana le libōpuoa tse ling, ke batho feela ba bōpiloeng ka setšoantšo sa Molimo. (Genese 1:27) Batho hase liroboto feela tse itsamaisang, tse se nang maikutlo. Ba na le bolokolohi ba ho ikhethela, ba na le kelello ba bile ba khona ho rapela Molimo. E se eka ’nete ena e ka etsa hore re atamele haufi le ’Mōpi oa rōna, Jehova Molimo!—Jakobo 4:8.

[Mantsoe a hlalosang setšoantšo se leqepheng 16]

Courtesy Aaron Edsinger

Courtesy OC Robotics

[Mantsoe a hlalosang setšoantšo se leqepheng 17]

Courtesy AIST

© 2008 Intuitive Surgical, Inc.

Courtesy iRobot Corp.

[Mantsoe a hlalosang setšoantšo se leqepheng 18]

Top: NASA/​JPL-Solar System Visualization Team; left: NASA/​JPL/​Cornell University

© The RoboCup Federation

Greg McFall/​NOAA/​Gray’s Reef National Marine Sanctuary

[Mantsoe a hlalosang setšoantšo se leqepheng 19]

© 2007 American Honda Motor Co., Inc.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela