Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 9/08 maq. 12-15
  • Molimo o Nthusitse ho Hlōla Liteko

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Molimo o Nthusitse ho Hlōla Liteko
  • Tsoha!—2008
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Khanyetso Lapeng le Sekolong
  • Ke Etsa Liqeto
  • Ke Khathala Moeeng
  • “Ke Uena ea Hlōtseng, Ntate”
  • Maemo a Fetoha ka Tsela e Thabisang
  • Litlhohonolofatso Tse Enneng
  • Khetho ea Ka Pakeng Tsa Bo-Ntate ba Babeli
    Tsoha!—1998
  • Bibele e Fetola Batho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Bibele e Fetola Batho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • “Jehova, U Mphumane!”
    Tsoha!—2004
Bala Tse Ling
Tsoha!—2008
g 9/08 maq. 12-15

Molimo o Nthusitse ho Hlōla Liteko

Joalokaha Ho Boletse Vazir Asanov

Ke ile ka re khoapho! likobong, ka tlamella Bibele thekeng ’me ka apara ka potlako. Pele ke tsoa ka fensetere, ke ile ka bōpa liaparo tsa ka, ka li kenya ka har’a likobo e le hore ho shebahale eka ke ntse ke robetse. Joale ke ile ka mathela Holong ea ’Muso, ke ntse ke rapela Molimo hore a nthuse. Seo se etsahetse ka 1991 ha ke ne ke le lilemo li 14.

KE HLAHETSE lelapeng la Makurde motseng o ka boroa ho moo hona joale e leng Kazakhstan, eo ka nako eo e neng e le e ’ngoe ea lirephabliki tse 15 tsa Soviet Union. Ha ke ntse ke hōla, batsoali ba ka le beng ka ’na ba ne ba entse hore ke lumele hore ke tla ba moeta-pele le molopolli oa batho ba heso. Ke ne ke hloile lira tsa Makurde hoo ke neng ke ikemiselitse ho bolaea e le hore ke lopolle batho ba heso khatellong.

Ho ella mafelong a bo-1980, ’na le ’Mè le moen’a ka re ile ra qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova. Leha ho le joalo, Ntate o ne a re hanela ho kopanela le Bakreste. Empa ke ile ka tsoela pele ho ithuta. Lelapeng la Makurde, hase ntho e etsahalang hore e mong ka lapeng a se ke a mamela hlooho ea lelapa. Ke ne ke rata Ntate, empa hape ke ne ke rata ’nete ea Bibele eo ke neng ke ithuta eona.

Khanyetso Lapeng le Sekolong

Ka lekhetlo le leng, tichere e ’ngoe e ile ea bona makasine ea Molula-Qhooa ka mokotlaneng oa ka oa sekolo, ’me ea bolella batsoali ba ka taba eo. A tuka ke bohale, Ntate o ile a nkotla ka matla hoo ke ileng ka ba ka tsoa mokola. O ile a nkharumela a re: “U sa ntse u ea kerekeng eo?”

Ka mor’a moo, Ntate o ile a bolella lelapa hore ha a sa nkuka ke le mora oa hae. Seo se ile sa nkutloisa bohloko bo tebileng! Ho sa le joalo, bana ba bangata bao ke kenang tlelaseng le bona ba ile ba qala ho nkoekoetla, ba bang ba bile ba ntšoma sefahla-mahlo. Matichere a ka a ne a mpha limaraka tse tlaase ka boomo ’me hangata a ntšoma moo a lekang ho ntšokolla hore le ’na ke lumele hore Molimo ha a eo.

Ho sa tsotellehe khanyetso eo, ke ne ke ntse ke leka ho ea libokeng tsa Bokreste le ho bolella ba bang ka tumelo ea ka e ncha. Hamorao Ntate o ile a utloa hore ke ntse ke tsoela pele ho kopanela le Lipaki Tsa Jehova hammoho le ho bala Bibele. Ka Sontaha se seng, ke ile ka leka ho fumana lebaka la hore ke tlohe lapeng e le hore nka ea libokeng. Ka potlako, Ntate o ile a re ke e’o robala. O ile a tiisa lentsoe a re, “Ho tloha joale, Sontaha se seng le se seng ka nako ena u lokela ho robala.” O ile a re ke tla mo tseba haeba ke sa mo mamele, ’me ke ne ke tseba hore ehlile o tiile ha a cho joalo.

Ke ntse ke lla, ke ile ka kōpa Molimo oa ’nete, Jehova, ka tieo hore a nolofatse pelo ea Ntate, empa o ile a lula a ngangabetse. Ke ile ka hopola ho hatelloa ha Baiseraele ha ba ne ba le Egepeta. Liketso tsa Ntate li ne li nkhopotsa Faro, ea ileng a hana ho tlohella Baiseraele hore ba e’o rapela Jehova.—Exoda 5:1, 2.

Ke Etsa Liqeto

Ka Sontaha se seng ke ile ka etsa qeto ea ho ea libokeng. Ke ne ke tšohile ’me pelo e uba ha ke ntse ke rapela Jehova ka pelong, ke le ka likobong. Ha batsoali ba ka ba kena ka kamoreng ea ka, ke ile ka ithobatsa. A le motlotlo, Ntate o ile a re, “Joale enoa ke mor’a ka ea ’mamelang.” O ile a nkaka, ’me ba itsoela ka khutso. Ke ile ka tsoela pele ho rapela ka matla.

Joalokaha ke boletse qalong, nakoana ka mor’a hore batsoali ba ka ba tsoe ka kamoreng, ke ile ka khoaphoha, ka nka lieta ka tlas’a bethe ’me ka tsoa ka fensetere. Lihora tse peli li ile tsa fela ka potlako libokeng, ’me ke ile ka ipotsa hore na ho tla etsahala’ng ha ke fihla lapeng. Ka lehlohonolo, le hoja ’Mè a ne a hlokometse hore ha ke eo, ke mpa ke suntse liphahlo likobong, ha aa ka a bolella Ntate. Leha ho le joalo, o ile a ntemosa hore a ke ke a hlola a patela Ntate liketso tse joalo.

Ka 1992, ke ile ka bolella batsoali ba ka hore motsoalle e mong oa ka o ne a tl’o ba le mokete o itseng o khethehileng ’me o ’memme hore ke tsamaee le eena. Ha e le hantle, ketsahalo e khethehileng eo ke neng ke rerile ho ea ho eona e ne e le kopano ea Lipaki Tsa Jehova e neng e le motseng oa Taraz, o bohōle ba lik’hilomithara tse 100 ho tloha motseng oa heso oa Karatau. Ke ne ke il’o kolobetsoa kopanong eo e le ho bonahatsa boinehelo ba ka ho Jehova. Ke ile ka kōpa ’Mè hore a mphe nkho e tletseng lithootse tsa sonobolomo tse neng li le ka molikong. Ke ile ka li halika eaba ke li rekisa ’marakeng, ’me ke eona tsela eo ka eona ke ileng ka fumana chelete e lekaneng hore ke ee kopanong.

Ha ke khutla, Ntate o ile a mpotsa hore na ho ne ho le monate moo ke neng ke ile le motsoalle oa ka. Ke ile ka re ho ne ho le monate. Ke ile ka hlokomela hore Jehova o ne a ntšehelitse hobane Ntate ha aa ka a tsoela pele ho mpotsa letho ka taba eo. Ka sebele ke ile ka khahloa ke mantsoe a Liproverbia 3:5, 6, a reng: “Tšepa Jehova ka pelo ea hao eohle ’me u se ke ua itšetleha ka kutloisiso ea hao. U mo ele hloko litseleng tsohle tsa hao, ’me o tla otlolla litsela tsa hao.”

Ke Khathala Moeeng

Ntate ha aa ka a khaotsa ho nkhanyetsa ka mor’a hore ke kolobetsoe. Ha ke ntse ke tsoela pele ho kopanela le Lipaki, Ntate o ne a mpolaisa lipaputla ka pel’a batho, le ha re le bang. Hoo e ka bang letsatsi le letsatsi ke ne ke tlotlolloa ke bile ke utloisoa bohloko, ’me ke ne ke atisa ho lla. Ka nako eo, e ne e le hona Kazakhstan e fumanang boipuso ho Soviet Union, ’me batsoali ba ka le beng ka ’na ba mphehella hore ke kene lipolotiking e le hore ke finyelle ntho e itseng e bonahalang. Ba ne ba nahana hore ke bapala ka menyetla.

Abuti e ne e le khalala lipapaling ’me Ntate o ne a lula a mpolella hore ke lokela ho mo etsisa. Ho ella mafelong a 1994, le ’na ke ile ka kenella lipapaling. Kaha ke ne ke e-na le neo lipapaling, ka potlako ke ile ka qala ho hapa likhau le ho thoholetsoa ka lebaka la ho ipabola papaling ea bolo ea maoto le papaling ea boithapollo ba ’mele. Hape ke ile ka qala ho ithutela molao e le hore nka sireletsa litokelo tsa Makurde. Ke ile ka thahasella lipolotiki ka ba ka nahana ho theha mokha oa bacha ba Makurde. Joale Ntate o ile a qala ho mpabatsa.

“Ke Uena ea Hlōtseng, Ntate”

Ke ile ka khathala moeeng ’me ka khaotsa ho bala Bibele le ho ea libokeng tsa Lipaki Tsa Jehova. Ke ile ka itšelisa ka hore ke tla boela ke sebeletsa Jehova ha ke se ke hōlile. Ka le leng, Ntate o ile a mpotsa hore na ke ntse ke tsamaea le Lipaki Tsa Jehova kapa che. Ke ile ka mo araba ka re: “Che, ha ke sa tsamaea le tsona. Ke uena ea hlōtseng, Ntate. U thabile joale?” Ha Ntate a utloa seo, o ile a thaba haholo. O ile a bua a ikotla sefuba, a re: “Joale qetellong, u mor’a ka!”

Ho ile ha feta lilemo tse peli ke sa ee libokeng, le hoja ka linako tse ling ke ne ke batla ho ea. Empa ke ne ke tšaba ho ea ka lebaka la ho hlajoa ke lihlong. Ke ne ke nahana hore ba bang ka phuthehong ba ne ba ke ke ba utloisisa boemo boo ke leng ho bona.

Ka nako e tšoanang, ke ne ke kholisehile hore ha ho ntho e molemo ho feta ho sebeletsa Jehova. Hangata ke ne ke ipolella: ‘Jehova eena kea mo rata!’ Joale Ntate o ile a mphehella hore ke hahamalle thuto ea univesithi. Ke ile ka ea, ka ba ka mo tšepisa hore ke tla pasa ka linaleli. Leha ho le joalo, ka pelong ke ne ke tšepile hore hang ha ke fihla univesithi, Almaty, e leng motse o moholo o tsoetseng pele karolong e ka boroa ea Kazakhstan, ke ne ke tla fumana Lipaki.

Maemo a Fetoha ka Tsela e Thabisang

Nakoana ka mor’a hore ke qale lithuto tsa ka univesithi, ke ile ka kopana le Lipaki tse peli tse neng li le tšebeletsong ea boboleli seterateng, Almaty. Li ile tsa mpotsa, “U nahana hore ke mang ea busang lefatše?”

Ke ile ka araba, ka re: “Ke Satane Diabolose, sera sa Jehova le moloko oohle oa batho.” (2 Bakorinthe 4:3, 4) Ke ile ka li hlalosetsa hore ke Paki e kolobelitsoeng empa ke ne ke khathetse moeeng.

Ho ella mafelong a 1996, ke ile ka qala ho ithuta Bibele le Lipaki hape. Ka mor’a hore ke ithute ka makhetlo a ’maloa, ke ile ka boela ka ba le takatso e matla ea ho sebeletsa Jehova ’me ka qalella ho kopanela mesebetsing eohle ea Lipaki, Almaty. Ka September 1997, ke ile ka ba pula-maliboho oa kamehla, kapa ’moleli oa evangeli oa kamehla.

Selemo hamorao, Ntate o ile a nchakela. Ke ile ka mo mathela ’me ra hakana. O ile a kōpa tšoarelo ka lintho tseo a neng a li entse lilemong tseo tsohle. O ile a re o ne a sa nkutloisisa hantle ebile a sa utloisisa le tumelo ea ka. Ke ile ka re: “Ntate, ke u rata haholo.”

Ke ile ka thaba hakaakang ha Ntate a amohela lingoliloeng tsa Bibele ’me a kōpa Bibele, a bile a bolela hore o batla ho e bala ho tloha qalong ho fihlela qetellong! Selemo hamorao, o ile a nchakela hape a se a e-na le ’Mè. Ha re le Holong ea ’Muso, batho ba lichaba tse sa tšoaneng ba ile ba ba lumelisa ka mofuthu le ho itsebisa bona. Sena se ile sa khahla Ntate haholo, ’me a qala ho bala lingoliloeng tsa Lipaki ka tjantjello e khōlō.

Litlhohonolofatso Tse Enneng

Ka September 2001, ke ile ka nyala moroetsana e mong ea motle oa Morussia ea bitsoang Yelena. O kolobelitsoe ka 1997 ’me a qala ho bula-maliboho ka May 2003. Re ile ra thaba ha re utloa hore batsoali ba ka ba ne ba qalile ho ithuta Bibele le Lipaki le hore ba ne ba hatela pele hantle moeeng. Ha e le hantle, ha kea ka ka kholoa ho fihlela ha ke ikutloela ho Ntate ka boeena. Ha re ne re buisana ka founo, o ile a mpolella hore Jehova ke eena Molimo a le mong oa ’nete!

Ke thabile haholo hore ebe mona Almaty ke bile le monyetla oa ho ruta batho ba tsoang libakeng tse sa tšoaneng Bibele, ho akarelletsa ba tsoang Chaena, Iran, Pakistan, Syria le Turkey. Haufinyane tjena moruti e mong ea tsoang Iran o ile a nkōpa hore ke ithute Bibele le eena ka puo ea habo ea Sepersia. Motho e mong eo e kileng ea e-ba molaoli oa mabotho Afghanistan o ile a hlolloa haholo ke seo a ithutileng sona ka Jehova. Ke ile ka boela ka thabela ho ithuta le motho e mong oa Syria ka puo ea heso ea Sekurde hammoho le ho ithuta le ba bang ka Sekazakh le Serussia, e leng lipuo tse ling tseo ke ithutileng tsona bongoaneng.

Hona joale, ’na le Yelena, re kopanela phuthehong eo ho buuoang Sekazakh, e leng e ’ngoe ea liphutheho tse fetang 35 tsa Lipaki Tsa Jehova tse motseng oa Almaty. Selemong se fetileng, ’na le Yelena re ile ra fumana tokelo ea ho sebeletsa ka nakoana ofising ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e sa tsoa qetoa ho hahoa e haufi le Almaty.

Ho na le nako eo ke ileng ka rutoa hore ke be le lehloeo, empa Jehova o nthutile hore ke be le lerato. Ke kholisehile hore le ka mohla ha rea lokela ho susumetsoa ke ba bang hore re khaotse ho sebeletsa Jehova, esita le haeba re hatelloa ke beng ka rōna le metsoalle ba nahanang hore baa re thusa. (Bagalata 6:9) Hona joale ke thabile haholo hore ebe ’na le mosali oa ka re na le ‘ho hongata hoo re ka ho etsang mosebetsing oa Morena.’—1 Bakorinthe 15:58.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 13]

’Mè o ile a ntemosa hore a ke ke a hlola a patela Ntate liketso tse joalo

[Mantsoe a hlalosang setšoantšo se leqepheng 15]

Holo ea ’Muso ea Karatau, moo ke neng ke ea teng ha ke sa le mocha

[Mantsoe a hlalosang setšoantšo se leqepheng 15]

Batsoali ba ka, bao hona joale ba amohelang mosebetsi oo re o etsang

[Mantsoe a hlalosang setšoantšo se leqepheng 15]

’Na le Yelena ka letsatsi la lechato

[Mantsoe a hlalosang setšoantšo se leqepheng 15]

’Na le Yelena, mehahong e mecha ea lekala e haufi le Almaty

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela