Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 9/08 maq. 22-24
  • Ho Sebetsana ka Katleho le Lefu la Asperger

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Sebetsana ka Katleho le Lefu la Asperger
  • Tsoha!—2008
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Qetellong ho Fumaneha Bothata!
  • Ho Ithuta ho Etsa Lintho ka Tsela e Tloaelehileng
  • Ho Hlōla Bothata bo Boholoanyane
  • Ho Fana ka Tšehetso
  • “Le Leng la Matsatsi a Molemo ka ho Fetisisa Bophelong ba Ka”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Ngoana oa Hao o ne a Tla Re’ng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2008
  • Sebeletsa Jehova Ntle ho Tšitiso
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
Bala Tse Ling
Tsoha!—2008
g 9/08 maq. 22-24

Ho Sebetsana ka Katleho le Lefu la Asperger

KA MONGOLI OA TSOHA! BRITHANI

U BATLA ho ba le metsoalle, empa u thatafalloa ho qoqa le ba bang. Leha ho le joalo, u khona ho qeta nako e telele u qoqa ka lintho tseo u li ratang. U batla ho lula u etsa lintho ka tsela e itseng eo u e tloaetseng; ua ferekana ha lintho li fetoha. U atisa ho ikutloa u tšoenyehile, u ferekane ’me ka linako tse ling u tepeletse maikutlo.

Batho ha ba u utloisise. Ba re ua makatsa, ua sokolisa, kapa ha u na mekhoa. U thatafalloa ke ho utloisisa seo ba bang ba se nahanang le tsela eo ba ikutloang ka eona, haholo-holo kaha ha u khone ho lemoha boikutlo ba bona sefahlehong. Batho ba bangata ba nang le lefu la Asperger kamehla ba sebetsana le maemo a joalo bophelong.

Ba nang le lefu la Asperger ba shebahala joaloka batho ba bang kaofela ’me hangata ke batho ba bohlale. Leha ho le joalo, ba na le bothata bo itseng methapong ea kutlo bo amang tsela eo ba buisanang le batho ba bang ka eona le eo ba sebelisanang le batho ka eona. Lefu lena le na le matšoao a sa tšoaneng ’me le ama batho ka litsela tse fapaneng. Leha ho le joalo, ho ka khoneha hore motho a sebetsane ka katleho le lefu la Asperger. Nahana ka pale ea Claire.

Qetellong ho Fumaneha Bothata!

Ha e sa le ngoana, Claire o ne a thōtse haholo a bile a le lihlong. O ne a sa rate ho sheba batho mahlong a bile a tšaba ho ba ka har’a letšoele. O ne a ithutile ho bua a sa le monyenyane haholo, empa o ne a bua mantsoe a seng makae feela le hona ka molumo o tšoanang oa lentsoe. O ne a batla hore lintho li etsoe ka tsela e itseng eo a e tloaetseng, ’me o ne a ferekana ha lintho li fetoha.

Sekolong matichere a ne a tenehela Claire, a nahana hore oa iketsisa ’me le bana ba bang ba mo khahlapetsa. ’Mè oa hae le eena o ne a tšoere bothata, kaha ka phoso ba bang ba ne ba mo jarisa molato ka tsela eo Claire a itšoarang ka eona. Qetellong, o ile a etsa qeto ea ho rutela Claire lapeng.

Ka mor’a moo, Claire o ile a sebetsa libakeng tse ’maloa empa o ile a felloa ke mesebetsi eo kaofela hobane o ne a thatafalloa ha ho fetoloa tsela eo lintho li etsoang ka eona a bile a sa khone ho finyella se lebeletsoeng ho eena. Mosebetsing oa hae oa ho qetela lehaeng la batho ba hlokang tlhokomelo, meitrone oa moo o ile a hlokomela hore o na le bothata bo tebileng. Qetellong, ha Claire a le lilemo li 16, ho ile ha fumanoa hore o tšoeroe ke lefu la Asperger.

Qetellong, ’mè oa Claire o ile a tseba hore na ke hobane’ng ha morali oa hae a itšoara ka tsela e fapaneng le ea batho ba bang. Motsoalle e mong oa bona o ile a fumana boitsebiso bo buang ka lefu lena, ’me ha Claire a bo bala, o ile a botsa a maketse, a re: “Na ke tsona lintho tseo ke li etsang tsee? Na ke joalo?” Lefapha la boiketlo ba sechaba le ile la eletsa Claire hore a tsamaee phekolo eo ho eona motho a thusoang hore a etse lintho tse itseng. Chris, eo e leng e mong oa Lipaki Tsa Jehova ’me a e-na le phihlelo tabeng ea ho thusa bana ba hlokang tlhokomelo e khethehileng, o ile a lokisetsa hore Claire, eo le eena e leng Paki, e be moithaopi ’me a thuse ho lokisa mohaho oo Lipaki li o sebelisetsang borapeli ba Bokreste le ho o hloekisa.

Ho Ithuta ho Etsa Lintho ka Tsela e Tloaelehileng

Qalong, Claire o ne a sa tloaela ho buisana le baithaopi ba bang ba sebetsang le eena. Ha a ne a thatafalloa ke ntho e itseng, o ne a ngolla Chris, kaha seo se ne se mo nolofalla ho feta ho itlhalosa ka mantsoe. Butle-butle, Chris o ile a mo khothalletsa hore a lule fatše ’me a itlhalose. O ile a mo ruta ka mamello hore a etse lintho ka tsela e tloaelehileng. Chris o ile a mo hlalosetsa hore hase ntho e tloaelehileng hore a qobe ho ba ka har’a batho le hore a batle ho etsa feela seo a se batlang. Ka thuso eo Claire a ileng a e fuoa, o ile a qala ho ithuta ho sebelisana le ba bang ho finyella lintho tse itseng.

Lintho tse bohloko tse etsahalletseng Claire nakong e fetileng li ne li entse hore a ikhalale, kahoo hang ha ho thoe a etse ntho leha e le efe, ntho ea pele eo a neng a e bua e ne e le ho re, “Nke ke ka khona ho e etsa.” Chris o ile a sebetsana le bothata boo joang? O ne a mo abela hore a etse ntho e itseng e nyenyane ebe o re, “E etsoa tjena,” ’me a phaelle ka ho re, “U ka khona ho e etsa.” Ha Claire a qeta ho e etsa, o ne a ikutloa a thabile. Chris o ne a mo babatsa ka mofuthu a ntan’o mo abela mosebetsi o mong. Claire o ne a thatafalloa ho hopola litaelo tseo a li boleletsoeng, empa o ne a se na bothata ha li ngotsoe fatše. Butle-butle o ile a qala ho itšepa.

Kaha Claire o ne a sa rate ho ba ka har’a letšoele, o ne a thatafalloa haholo ho buisana le ba bang ha a le libokeng tsa Bokreste tsa borapeli. O ne a tloaetse ho itulela a le mong litulong tse ka pele Holong ea ’Muso. Leha ho le joalo, o ile a ipehela pakane ea hore hang ha liboka li tsoa, a ee karolong e ka morao ea holo ’me a bue le motho ea itseng.

Ha nako e ntse e ea, Claire o ne a se a buisana le batho ba bangata. O re: “Empa ha ho bonolo.” Le hoja lefu lena le etsa hore ho be thata hore a qoqe le ba bang, o lula a fana ka lipuo Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, se reretsoeng ho thusa Lipaki tsohle Tsa Jehova hore li tsebe ho itlhalosa hantle.

Ho Hlōla Bothata bo Boholoanyane

Ha Claire a ntse a itšepa ka ho eketsehileng, Chris o ile a mo khothalletsa hore a leke ho ba pula-maliboho ea thusang, e leng lentsoe leo Lipaki Tsa Jehova li le sebelisang ho Lipaki tse kolobelitsoeng tse qetang lihora tse 50 kapa ho feta ka khoeli li bolella ba bang ka seo li se lumelang se thehiloeng Bibeleng. Claire o ile a re: “Nke ke ka khona ho etsa seo.”

Leha ho le joalo, Chris o ile a mo khothatsa ka ho re le haeba a sa finyelle pakane ea hae ea lihora tse 50 khoeling eo, bonyane o tla thabela hore ebe o lekile. Kahoo Claire o ile a leka seo, ’me a se thabela haholo. O ile a nka bopula-maliboho ka makhetlo, ’me nako le nako a bo thabela le ho feta. Sena se ile sa etsa hore a itšepe, haholo ha a ntse a fumana batho ba bangata ba batlang ho ithuta ka ho eketsehileng ka Bibele.

Claire o ile a angoa ka ho teba ke khothatso e fanoang libokeng tsa Bokreste ea hore a hlahlobe hore na ho na le ntho leha e le efe e mo sitisang ho ba pula-maliboho oa kamehla, kapa motho ea bolelang evangeli kamehla. O ile a etsa qeto ea ho ba pula-maliboho oa kamehla. Phello e ile ea e-ba efe? Claire ka boeena o re: “Ke ntho e molemo ka ho fetisisa eo motho a ka e etsang!” O se a tloaelane haholoanyane le ba bang ka phuthehong ea habo ’me o na le metsoalle e mengata. Bana ba rata ho qeta nako ba e-na le eena ’me le eena o thabela ho ba thusa ha a ntse a etsa mosebetsi oa boboleli le bona.

Ho Fana ka Tšehetso

Ke ’nete hore hase batho bohle ba nang le lefu la Asperger ba ka khonang ho ba basebetsi ba nako e tletseng. Empa phihlelo ea Claire e bontša hore batho bao ba ka finyella lintho tse ngata ho feta kamoo ba ka ’nang ba nahana kateng. Kemiso ea lintho tseo Claire a li etsang kamehla, e khotsofatsa takatso ea hae ea ho batla ho etsa lintho tse tšoanang kamehla, ’me ho ba hlokolosi ha hae le hore ebe a ka tšeptjoa ho mo thusa hore a atlehe mosebetsing oo a ikhethetseng oona.

Claire o nka hore ke habohlokoa hore batho ba bang ba tsebe hore o na le lefu la Asperger, e le hore ba utloisise hore na ke hobane’ng ha a bona lintho ka tsela e fapaneng a bile a itšoara ka tsela e sa tšoaneng le ea bang. O re, “Kaha hase kamehla u khonang ho itlhalosa hantle, batho ba nka hore u sitoa ho nahana.” Ho molemo ho fumana motho eo u ka khonang ho mo phetlela sefuba.

Chris le Claire ba khothalletsa batho ba nang le bothata bona hore ba ipehele lipakane tse nyenyane, ba etse ntho e le ’ngoe ka nako. Ho ka ba molemo hore ho be le motho ea utloisisang lefu lena ea ka u thusang. Ka tsela eo motho a ka thusoa hore a itšepe ’me a hlōle mathata.

Pale ea Claire e bontša hore ha batho ba e-na le mamello ba bile ba fana ka khothatso, ho ka finyelloa ho hongata ho thusa batho ba nang le lefu la Asperger. Claire o tiisa sena, ka ho re: “Lilemong tse seng kae tse fetileng, ke ne ke sa nahane hore ke tla be ke etsa lintho tsena kaofela tseo ke li etsang kajeno.”

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 24]

Claire o nka hore ke habohlokoa hore batho ba bang ba tsebe hore o na le lefu la Asperger

[Lebokose mo leqepheng la 22]

LEFU LA ASPERGER

Lefu lena le reheletsoe ka Dr. Hans Asperger, ea qalileng ho le hlalosa ka 1944. Leha ho le joalo, ke lilemong tsa morao tjena feela moo ho entsoeng lipatlisiso tse eketsehileng ho leka ho utloisisa lefu lena le ho thusa batho ba ntseng ba eketseha ba nang le lona. Bafuputsi litabeng tsa bongaka ha ba tsebe hantle hore na ke mofuta o batlang o se matla oa lefu la autism kapa hore ke lefu le fapaneng ka ho feletseng. Hajoale, ha ho motho ea tsebang hore na lefu la Asperger le bakoa ke eng. Leha ho le joalo, ha le bakoe ke ho haelloa ke se itseng maikutlong kapa tsela eo ngoana a hōlisitsoeng ka eona.

[Lebokose mo le leqepheng la 24]

HO THUSA BA NANG LE LEFU LA ASPERGER

Thahasella batho ba nang le lefu la Asperger, ’me u leke ho ba tseba. Le hoja ba ka ’na ba thatafalloa ho qalisa moqoqo, ela hloko hore batho bao ba batla ho ba le metsoalle ebile baa e hloka. Ha ba iketsise ha ba sokolisa kapa ba etsa lintho tse sa tloaelehang.

E-ba le mamello, ’me u leke ho utloisisa mathata a bona. Hape, ela hloko hore u lokela ho hlalosa lintho hantle le ka ho hlaka, hobane ba ka ’na ba nka hore ehlile ntho eo u e buang ke eona eo u e bolelang. Haeba ho hlokahala hore tsela eo ka tloaelo lintho li etsoang ka eona e fetoloe, ba hlalosetse seo ka ho hlaka, mohlomong u be u ba bontše hore na joale ho se ho lebeletsoe hore ba etse’ng.

Haeba u hlokomela hore ho na le ntho e itseng e ba tšoentseng haholo eo ba e boneng kapa eo ba e utloileng, ba khothalletse hore ba shebe setšoantšo se setle kapa ba mamele ’mino o thobang maikutlo.

[Mantsoe a hlalosang setšoantšo se leqepheng 23]

Claire o ithutile ho ea ho ba bang hore a etse setsoalle le bona

[Mantsoe a hlalosang setšoantšo se leqepheng 23]

Chris o hlalosetsa Claire kamoo a ka sebelisanang le ba bang kateng ho finyella mosebetsi o itseng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela