E ba Thusa ho Phela ka Tsela e Nang le Morero Haholoanyane
◼ Buka ea ‘Tloo U be Molateli oa Ka’ e amme batho ba bangata ba e balileng ka ho teba. Mosali e mong o ile a re : “E entse hore ke nke Jesu e le motho oa sebele le ho feta. Joale ke utloisisa haholoanyane karolo eo a e phethang. Ke batla ho phela ka tsela e nang le morero haholoanyane ’me ke be le seabo mosebetsing oa ho bolella batho litaba tse molemo tseo ho potlakileng haholo hore ba li utloe.”
Ntate e mong o ngotse, a re: “Buka ena e ntlhokomelisitse kamoo e leng habohlokoa kateng hore re etsise mohlala o phethahetseng oo Jesu a re sietseng oona . . . Buka ena e nthusitse hore ke thuise ka lithuto tsa Jesu le ka litšobotsi tseo a li bonahalitseng ha a le lefatšeng—e leng boikokobetso, lerato, mamello e khōlō, kutlo le tiisetso. Jesu o ntšietse mohlala o babatsehang o nkhothalitseng hore ke tsoele pele.”
’Mali e mong o ile a re o lumellana ka ho feletseng le mantsoe a ngotsoeng sekoahelong se ka morao sa buka ena, a reng: “Jesu Kreste ke Moeta-pele eo Molimo a faneng ka eena eo bohle ba mo hlokang. . . . Buka ena e tla u thusa hore u tsebe Jesu ka tsela e batsi le hore u mo latele haufi-ufi.” ’Mali eo a ntan’o re, “Ka sebele buka ena e re thusa hore re rate Jesu, re bontše tumelo ho eena, re mo mamele ’me re mo latele.”
Buka ea ‘Tloo U be Molateli oa Ka’ e na le maqephe a 192, ’me a 13 ho ’ona a na le litšoantšo tse ’mala tse feletseng leqepheng tse bontšang litšobotsi tse fapaneng tsa bophelo ba Jesu ha a ne a le lefatšeng. U ka kōpa buka ena ka hore u tlatse setlankane sena se ka tlaase ebe u se romela atereseng e bontšitsoeng kapa e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.
□ Le hoja ke sa itlame ka letho, ke kōpa le ntlisetse buka e bontšitsoeng mona.
□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.