Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 3/09 maq. 3-4
  • Na Chelete ea U Laola Kapa Ua e Laola?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Chelete ea U Laola Kapa Ua e Laola?
  • Tsoha!—2009
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ka Lehlakoreng le Leng
  • E-ba le Maikutlo a Nepahetseng ka Chelete
    Tsoha!—2015
  • Na Chelete ke Motso oa Mefuta Eohle ea Lintho Tse Mpe?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Ho Sebelisa Chelete Hantle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Kamoo le ka Sebelisang Chelete Hantle
    Ho ka ba le Thabo Lelapeng la Hao
Bala Tse Ling
Tsoha!—2009
g 3/09 maq. 3-4

Na Chelete ea U Laola Kapa Ua e Laola?

NA U na le matšoao a bontšang hore u kulisoa ke chelete? Litlaleho li bontša hore baahi ba bangata ba lefatše ba na le matšoao ao. Matšoao aa ke’ng?

Dr. Roger Henderson, eo e leng mofuputsi oa mafu a kelello United Kingdom, o sa tsoa qapa poleloana “matšoao a bontšang hore motho o kulisoa ke chelete,” e le ha a bua ka matšoao ao batho ba bang le ’ona ’meleng le kelellong, a bontšang hore ba imetsoe kelellong ka lebaka la ho tšoenyeha ka chelete. Matšoao ao a akarelletsa ho ba le letšoea, ho tšoaroa ke hlooho, ho nyekeloa ke pelo, ho tsoa makhopho, ho felloa ke takatso ea lijo, ho halefa ntle ho mabaka, ho tšoha le ho nahana lintho tse sithabetsang. Henderson o tlaleha hore: “Sesosa se seholo sa ho imeloa kelellong ke ho tšoenyeha ka chelete.”

Ha ho makatse hore ebe likhoeling tsa morao tjena, batho ba bangata ba anngoe hampe ke matšoenyeho a tsamaisanang le chelete. Mathata a teng a lichelete linaheng tse ngata a entse hore batho ba felloe ke mesebetsi, ba lahleheloe ke mahae le ke chelete eo ba e bolokileng. Mekhatlo e meholo ea lichelete e putlame, esita le linaha tse ruileng ka ho fetisisa li nkile mehato ea tšohanyetso ho thibela maqakabetsi a ho felloa ke chelete ka ho feletseng. Linaheng tse tsoelang pele, litheko tse phahameng tsa lijo le lintho tse ling tsa motheo le tsona li baketse batho matšoenyeho.

Mathata a lichelete a ba teng esita le ha batho ba ntse ba e-na le eona ka bongata. Lilemong tse seng kae tse fetileng, ha maemo a lichelete a ne a tsamaea hantle, batho ba bangata ba ne ba ntse ba tšoenyehile ka chelete. Ka mohlala, koranta ea Afrika Boroa e bitsoang The Witness, e tlalehile hore “boloetse bo kekelang sechabeng ba ho feteletsa lintho, ho batla phaello ka mahlo a matšo le ho rata lintho tse bonahalang” bo atile Afrika. Koranta eo e thathamisitse matšoao a mang a “lefu” lena, a akarelletsang “ho imeloa kelellong, ho kena likolotong, ho senya, ho sebetsa ho feta tekano, le ho utloa eka ha u fumane seo u se hlokang, mohono le ho tetebela maikutlo.” Ho thoe chelete ke eona e senyang bophelo ba batho ba Afrika.

Pele ho e-ba le mathata a teng hona joale a lichelete, moruo oa India o ne o hōtse ka tsela e ikhethang. India Today International e tlalehile hore 2007 e bile selemo seo baahi ba naha eo “ba ileng ba qala ho reka ka tsela e bontšang tšenyo.” Leha ho le joalo, ka nako eo ba boholong ba ne ba tšohile hore tsela eo moruo oa India o neng o hōla ka eona e ne e tla eketsa ho hloka botsitso le pefo.

Nakong eona eo, United States, moloko o mocha oa batho ba lilemong tsa ho tiea o ne o reka lintho tse mabothobotho ka tsela e feteletseng. Leha ho le joalo, ho ba le chelete e ngata ho ne ho sa etse hore ba thabe. Bafuputsi ba re ho ba le chelete e ngata ke e ’ngoe ea lintho tse ka sehloohong tse neng li etsa hore batho e be makhoba a tahi, ba tetebele maikutlo le hore ba ipolaee naheng eo. Phuputso e ’ngoe e bontšitse hore ho sa tsotellehe ho ba le lintho tse ngata le ho rua, ‘lenane la Maamerika a neng a re a “thabile haholo” le ne le sa fihle le ho motho a le mong ho ba bararo.’

Ka Lehlakoreng le Leng

Leha ho le joalo, batho ba bangata—ba ruileng le ba futsanehileng—ba batla ba sa tšoenyehe ka chelete le lintho tse bonahalang, ebang lintho li tsamaea hantle kapa hoa nyolosetsa. Phapang ee e bakoa ke’ng?

Sehloohong se reng, The Meaning of Money, bafuputsi ba hlokometse hore batho ba bang ba “susumetsoa ke chelete haholo ebile ea ba laola. Sena se ka ’na sa ba sithabetsa le ho ba kulisa kelellong.” Ho fapana le seo, ba ile ba phaella ka ho re: “Batho ba ralang ka hloko hore na ba tla sebelisa chelete joang, ba atisa ho ba le boikutlo ba hore ba laola lintho tse etsahalang bophelong ba bona le ho ikutloa ba thabile. Ba laola chelete, hase eona e ba laolang . . . Re tiisa hore batho ba etsang moralo oa tšebeliso ea chelete ka hloko ba ka ’na ba boetse ba fokotsa ho imeloa kelellong, kahoo ba iphokoletse boima.”

Uena u talima chelete joang? Boemo bo sa tsitsang ba lefatše ba lichelete bo u ama joang? Na chelete ea u laoloa kapa ua e laola? Mohlomong ha u na seo ho thoeng ke matšoao a bontšang hore u kulisoa ke chelete. Leha ho le joalo, ebang re barui kapa re bafutsana, kaofela ha rōna re angoa hampe ke ho tšoenyeha ka chelete. Hlahloba kamoo ho fetola tsela eo u sebelisang chelete ka eona ho ka ’nang ha u tlisetsa khotso ea kelello le thabo haholoanyane kateng bophelong.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 4]

E ka ’na eaba chelete ea u laola haeba . . . 

◻ U qoba ho bua ka eona hobane e u tšoenya

◻ Lapeng le lula le qabana ka lebaka la chelete

◻ U reka ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u kopanang le eona

◻ U lula u tšoenyehile ka likoloto

◻ Ha u tsebe hantle hore na u fumana bokae

◻ Ha u tsebe hantle hore na u sebelisa chelete e kae

◻ Ha u tsebe hantle hore na u kolota bokae

◻ Likoloto tsa hao li atisa ho ba ka holimo ho seo u neng u se lebeletse

◻ Hangata u lieha ho lefa likoloto

◻ Kareteng ea ho reka ka mokitlane, u lefa feela chelete e tlaase-tlaase e lumeletsoeng

◻ U lefa likoloto ka chelete e behetsoeng lintho tse ling

◻ U sebetsa mesebetsi e mengata hore feela u lefe likoloto

◻ U alima chelete e le hore u lefe likoloto

◻ U sebelisa chelete eo u e bolokileng ho lefella likoloto tse tloaelehileng

◻ U fumana ho le thata hore khoeli e fele u ntse u e-na le chelete

◻ U tlas’a khatello ea hore u be le chelete e ngata

◻ U na le matšoao ’meleng kapa mohlomong le kelellong a bakoang ke ho tšoenyeha ka chelete

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Mohloli: Money Sickness Syndrome, ea Dr. Roger Henderson

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela