Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 3/09 maq. 6-8
  • Litlhohonolofatso Tse Enneng ho Feta Maruo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litlhohonolofatso Tse Enneng ho Feta Maruo
  • Tsoha!—2009
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Thuto eo ba Atisang ho Ithuta Eona Habohloko
  • Tsela e Lebisang Litlhohonolofatsong Tse sa Feleng
  • Na Leruo le ka Reka Thabo?
    Tsoha!—1994
  • Na Maruo a ka U Etsa ea Thabileng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Thabo—Ho Thata Hakaakang Ho E Finyella!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Bophelo bo Khotsofatsang e le Kannete Lefatšeng le Lecha la Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
Bala Tse Ling
Tsoha!—2009
g 3/09 maq. 6-8

Litlhohonolofatso Tse Enneng ho Feta Maruo

JON o ne a atlehile haholo mosebetsing oa hae oa ho eletsa batho, United States. Ha a sa ntse a le mocha o ile a ea libakeng tse ngata ’me o ne a fumana chelete e ngata. Eena le mosali oa hae ba ne ba e-na le ntlo e majabajaba ’me ba phela mabothobothong. Batho ba bangata ba ne ba nka hore ba hlohonolofalitsoe.

Nahana ka boemo bo bong ke bona. Ho batho ba fetang 5 000 ba neng ba entse kōpo ea mosebetsi, Kostasa o ile a khethoa e le e mong oa ba 80 ba tlang ho rutoa mosebetsi bankeng e ’ngoe e hlaheletseng Europe. Ka nako ea lilemo tse seng kae, o ile a nyolloa mosebetsing ka makhetlo a mangata, ’me qetellong ea e-ba mookameli oa lefapha le leng bankeng e ’ngoe. Ha a ne a tlohela mosebetsi oo a iqalla k’hamphani ea hae, ka selemo o ne a se a fumana chelete e fetang eo batho ba bangata ba e fumanang bophelo bohle ba bona. O ne a ikutloa a le lehlohonolo.

Leha ho le joalo, banna bana ka bobeli ba kholisehile hore ho na le litlhohonolofatso tse enneng ho feta ho ba le maruo. Ka mohlala, kajeno Jon o ithaopela ho ruta ba bang Bibele e le hore a ba thuse ho atamela haufi le Molimo. Jon o re: “Ke bone ke bile ke hlokometse hore ho ba le lintho tse bonahalang ha ho etse hore motho a thabe. Ho loanela ho fumana leruo le ho le boloka ha ho fe motho nako ea hore a etse lintho tse ling. Ka lehlakoreng le leng, ho phela ka melao-motheo ea Bibele ho tlisa litlhohonolofatso tse ngata, tse kang ho thaba haholoanyane lenyalong, ho ba le khotso ea kelello le ho ba le letsoalo le khutsitseng.”

Le Kostas o bona lintho ka tsela e tšoanang, o re: “Molimo ha a batle hore re phele bophelo ba ho hafa ka nkatana. Ke lumela ka tieo hore ntho leha e le efe eo a re fang eona, eo e seng litlhoko tsa rōna tsa letsatsi le letsatsi re tlameha ho e sebelisa tumellanong le thato ea hae.” Haufinyane tjena, Kostas le ba lelapa la hae ba qalile ho ithuta puo e ’ngoe e le hore ba ka ruta batho ba eketsehileng melao-motheo ea Bibele. O re: “Re ithutile hore ho fana ho re thabisa haholo ho feta ho amohela.”—Liketso 20:35.

Ka sebele, Jon le Kostas ba ithutile hore litlhohonolofatso tsa moea ke tsa bohlokoa ho feta maruo. Daniel Gilbert, e leng moprofesa Univesithing ea Harvard, o re litsebi tsa mafu a kelello “li qetile lilemo tse mashome li ntse li fuputsa hore na leruo le amana joang le thabo, ’me li entse qeto ea hore leruo le etsa hore batho ba thabe ha le ba ntša bofumeng ba ho kolla ntsi hanong ’me le ba beha boemong bo itekanetseng.” Empa o tsoela pele ka ho re: “Ka mor’a moo, ha le sa etsa hore ba thabe hakaalo.”

Thuto eo ba Atisang ho Ithuta Eona Habohloko

Motho e mong ea nahanang o ile a re: “Ho makatsang ke hore ha motho a se a sa kolle ntsi hanong, ho fumana chelete e eketsehileng ha ho sa mo tlisetsa thabo hakaalo.” Qalong ea lekholo le fetileng la lilemo, motlalehi e mong oa litaba o ile a hlakeloa ke taba eo ha a ntse a buisana le Andrew Carnegie, e leng e mong oa batho ba qalileng indasteri ea tšepe, eo ka nako eo e neng e le e mong oa batho ba ruileng ka ho fetisisa lefatšeng. Carnegie o ile a re ho motlalehi eo: “Batho ha baa lokela ho nkhalla. Leruo leo ke nang le lona le ka nketsetsa’ng? Ke lilemo li mashome a tšeletseng ’me ha ke khone ho sila lijo tseo ke li jang. Nka fana ka limilione tsohle tseo ke nang le tsona e le hore ke be mocha ’me ke phele hantle ’meleng.”

Motlalehi eo o ile a re: “Monghali Carnegie o ile a reteleha, me a buela tlaase ka lentsoe le utloileng bohloko a bile a tebisitse maikutlo, a re, ‘Nka fana ka sohle seo ke nang le sona e le hore feela ke boele ke ikutloe ke phetse hantle.’” Ra-limilione e mong ea rekisang oli ea bitsoang J. Paul Getty, le eena hamorao o ile a lumela, a re: “Ho ba le chelete ha ho moo ho amanang teng le ho thaba. Mohlomong ho amana le ho se thabe.”

U ka ’na ua lumellana le mongoli oa Bibele ea ileng a re: “U se ke ua mpha bofutsana kapa maruo. E-re ke je lijo tseo ke li behetsoeng, e le hore ke se ke ka khora eaba kea u latola ’me ke re: ‘Jehova ke mang?’ le hore ke se ke ka futsaneha eaba kea utsoa ’me ke rohaka lebitso la Molimo oa ka.”—Liproverbia 30:8, 9.

Morena Solomone oa Iseraeleng ea boholo-holo o ile a re: “[Ke ile] ka ba moholo ’me ka ateloa ho feta mang kapa mang ea bileng teng pele ho ’na Jerusalema.” Leha ho le joalo, o ile a phaella a re: “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e le lefeela le ho lelekisa moea.” Solomone o ile a boela a re: “Tlhohonolofatso ea Jehova—ea ruisa, ’me ha a e phaelle ka bohloko.”—Moeklesia 2:9-11; 5:12, 13; Liproverbia 10:22.

Tsela e Lebisang Litlhohonolofatsong Tse sa Feleng

Ho hlakile hore re ka fumana thabo ea sebele le e tšoarelang ka mor’a hore re khotsofatse litlhoko tsa rōna tsa moea. Haeba re eteletsa Molimo pele bophelong ba rōna, re tla fumana hore karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo ba rōna e ba e enneng le e khotsofatsang haholo.

Rea thaba hore ebe chelete ha e na ho lula e re ngongorehisa. Bibele e re tiisetsa hore nakong e tlang, khoebo e meharo le e tlatlapang batho e tla felisoa ka ho feletseng. (1 Johanne 2:15-17) Tsamaiso e ncha ea Molimo e tlang ho latela, e tla laoloa ke melao-motheo ea hae e lokileng. Lefatše le tla fetoloa paradeise eo Molimo a neng a e rerile qalong, ha a ne a beha banyalani ba pele ho eona. E tla ba tlhohonolofatso e kaakang ho bona batho bohle lefatšeng ba thabile, ba le khotsong ba bile ba ratana!—Esaia 2:2-4; 2 Petrose 3:13; 1 Johanne 4:8-11.

Ka nako eo, batho ha ba na ho phela bophelo bo bosula kapa ba jeoe ke bolutu. Batho ba tla hlohonolofatsoa nameng hammoho le moeeng, ha Molimo a phethahatsa morero oa hae oa qalong oa hore batho ba phele ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise. Re tiisetsoa hore ho tla ba le lijo tse ngata, bolulo le mosebetsi o khotsofatsang bakeng sa bohle. Bofuma bo tla felisoa ka ho feletseng.—Pesaleme ea 72:16; Esaia 65:21-23; Mikea 4:4.

E mong le e mong eo ka tieo a bontšang tumelo ho Jehova, Molimo oa Bibele, a ke ke a soetseha. (Baroma 10:11-13) Kahoo, re tla be re bontša bohlale hakaakang haeba hona joale re hahamalla litlhohonolofatso tse enneng ho feta maruo!—1 Timothea 6:6-10.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Lebitso le fetotsoe.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 8]

Haeba re eteletsa Molimo pele bophelong ba rōna, seo se ka etsa hore re khotsofale haholo

[Setšoantšo se leqepheng la 8]

Ho sebelisa chelete ka bohlale ho ka etsa hore motho a thabele bophelo haholoanyane

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela