-
Mohato oa 1: Etelletsang Lintho Tsa Bohlokoa PeleTsoha!—2009 | October
-
-
Mohato oa 1: Etelletsang Lintho Tsa Bohlokoa Pele
“Nepisisa lintho tsa bohlokoa haholo.”—Bafilipi 1:10.
Se boleloang ke sena. Manyalong a atlehileng, molekane ka mong o etelletsa pele seo molekane e mong a se hlokang ho e-na le seo eena a se hlokang, lintho tseo a nang le tsona, mosebetsi, metsoalle esita le beng ka eena. Monna le mosali ba qeta nako e ngata ba le hammoho ba bile ba e-na le bana. Ka bobeli ba ikemiselitse ho itela molemong oa lelapa.—Bafilipi 2:4.
Ke hobane’ng ha e le habohlokoa? Bibele e bontša hore lelapa ke la bohlokoa haholo. Ha e le hantle, moapostola Pauluse o ile a ngola a re motho ea sa hlokomeleng ba lelapa la hae “o mobe ho feta motho ea se nang tumelo.” (1 Timothea 5:8) Empa ha nako e ntse e ea, lintho tseo motho a li nkang e le tsa bohlokoa li ka ’na tsa fetoha. Ka mohlala, moeletsi e mong oa malapa o ile a hlokomela hore ba bangata ba neng ba le teng sebokeng seo a neng a se tšoere, ba ne ba bonahala ba amehile haholo ka mosebetsi ho feta malapa a bona. O re ho ne ho bonahala eka ba lebeletse ho ithuta ‘tsela ea ho rarolla mathata a lelapa ka potlako e le hore ba tsebe ho ikhutlella mesebetsing ea bona.’ Re ithuta’ng ho see? Ho bonolo ho bolela hore re etelletsa ba malapa a rōna pele ho e-na le ho bontša seo.
Ak’u leke sena ho itlhahloba. Araba lipotso tse latelang e le hore u bone hore na u nka ba lelapa la hao e le ba bohlokoa hakae.
◼ Ha molekane oa ka kapa ngoana a batla ho bua le ’na, na ke mo mamela hang ha ke fumana nako?
◼ Ha ke bua le ba bang ka lintho tseo ke li etsang, na ke atisa ho bua ka lintho tseo ke li etsang le ba lelapa la ka?
◼ Na nka hana ho amohela boikarabelo bo eketsehileng (mosebetsing kapa sebakeng se seng) haeba ba lelapa la ka ba hloka nako eo?
Haeba u arabetse lipotso tse ka holimo ka e, u ka ’na ua nka hore u etelletsa lintho tsa bohlokoa pele. Empa molekane oa hao le bana bona ba ne ba tla araba lipotso tsee joang? Lintho tseo re li etelletsang pele ha lia itšetleha feela ka hore na rōna re re’ng. Molao-motheo ona o boetse oa sebetsa le mehatong e meng e lebisang katlehong, e tlil’o tšohloa maqepheng a latelang.
Ikemisetse. Nahana ka ntho e le ’ngoe kapa tse peli tseo u ka li etsang ho bontša hore u etelletsa ba lelapa la hao pele. (Ka mohlala: Nahana ka ho fokotsa nako eo u e qetang u etsa lintho tse u nkelang nako eo u ka beng u e sebelisa hamolemo u e-na le molekane oa hao le bana.)
Re u khothalletsa hore u buisane le ba lelapa la hao ka lintho tseo u ikemiselitseng ho li etsa. Ha e mong ka lapeng a bontša hore o ikemiselitse ho fetoha, ba bang le bona ba ka ’na ba rata ho mo etsisa.
[Setšoantšo se leqepheng la 3]
Motsoali ea atlehang o nka molekane oa hae le bana e le ba bohlokoa haholo
-
-
Mohato oa 2: Ikemisetseng ho Phetha LikanoTsoha!—2009 | October
-
-
Mohato oa 2: Ikemisetseng ho Phetha Likano
“Seo Molimo a se kopantseng hammoho jokong ho se ke ha e-ba le motho ea se arolang.”—Matheu 19:6.
Se boleloang ke sena. Banyalani ba atlehang ba talima lenyalo e le kamano e sa khaotseng. Ha mathata a hlaha, ba leka ho a rarolla ho e-na le ho nka seo e le lebaka la hore ba khaole lenyalo. Ha balekane ba ikemiselitse ho phetha likano tsa bona tsa lenyalo, ba ikutloa ba sireletsehile. Molekane ka mong o tšepa hore e mong o tla tsoela pele ho hlompha likano tsa lenyalo.
Ke hobane’ng ha e le habohlokoa? Ka litsela tse ngata, likano tsa lenyalo ke mokokotlo oa maqhama a lenyalo. Empa ka mor’a hore banyalani ba qabane khafetsa, ba ka ’na ba khaotsa ho tšepana ’me ba ikutloa ba tšoasehile. Ha e le hantle, kano eo banyalani ba ikanneng ka eona ea hore “ho fihlela lefu le re arohanya” e se e ba mokhoka-khoale—oo ba lakatsang eka ba ka fumana litsela tsa ho o nyahlatsa. Ba ka ’na ba se ke ba lahla lelapa ka ho toba, empa ba ka ’na ba le “siea” ka litsela tse ling—ka mohlala ba ka ’na ba ikhethela ho ithōlela ha ho hlokahala hore ba buisane ka lintho tse tebileng.
Ak’u leke sena ho itlhahloba. Araba lipotso tse latelang e le hore u bone hore na u nka likano tsa hao e le tsa bohlokoa hakae.
◼ Ha re qabana le molekane oa ka, na ke ikoahlaela hore na ke hobane’ng ha ke ile ka nyalana le eena?
◼ Na hangata ke nahana ka motho e mong ea itseng ho fapana le molekane oa ka?
◼ Na ka linako tse ling ke ee ke re ho molekane oa ka, “Ke tla itsamaela ke u siee” kapa “Ke tla batla motho ea tla nkananela”?
Ikemisetse. Nahana ka ntho e le ’ngoe kapa tse peli tseo u ka li etsang e le hore u matlafatse boikemisetso ba hao ba ho phetha likano. (Litlhahiso: Ka linako tse ling, ngolla molekane oa hao lengolo, beha lifoto tsa hae moo u sebeletsang teng, kapa u mo founele letsatsi ka leng ha u le mosebetsing, e le hore feela le lule le buisana.)
Ke hobane’ng ha u sa nahane ka lintho tse ling tse ’maloa tseo u ka li etsang ’me u botse molekane oa hao hore na ke efe eo a ka e thabelang?
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
Ho ikemisetsa ho phetha likano tsa lenyalo ho tšoana le mekoallo e ka thōko ho tsela, ho thibela lenyalo hore le se ke la qhalana
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
© Corbis/age fotostock
-
-
Mohato oa 3: Sebelisanang HammohoTsoha!—2009 | October
-
-
Mohato oa 3: Sebelisanang Hammoho
“Ba babeli ba molemo ho feta a le mong . . . Haeba a le mong oa bona a ka oa, e mong a ka emisa molekane oa hae.”—Moeklesia 4:9, 10.
Se boleloang ke sena. Banyalani ba atlehang ba hlompha tokisetso ea Molimo ea bohlooho e boletsoeng ka Bibeleng. (Baefese 5:22-24) Ba etsa lintho hammoho, eseng e le batho ka bo-mong ba iketsetsang seo ba se ratang. Kahoo ha monna le mosali ba sebelisana hammoho, ha ba inahanele lintho ka bo-mong. Ke “nama e le ’ngoe”—e leng poleloana eo Bibele e e sebelisang ho bontša hore lenyalo ke kamano e sa khaotseng le ea setsoalle se haufi-ufi.—Genese 2:24.
Ke hobane’ng ha e le habohlokoa? Haeba u sa sebelisane hammoho le molekane oa hao, lintho tse sa reng letho li ka ’na tsa fetoha taba e khōlō ’me la hlaselana ho e-na le ho rarolla bothata boo le tobaneng le bona. Empa ha le sebelisana hammoho, le tšoana le mofofisi oa sefofane le mothusi oa hae ba latelang litaelo tse tšoanang, ho e-na le bafofisi ba babeli ba ka lifofaneng tse mothating oa ho thulana. Ha le fapana ka maikutlo, le sebeletsa ho fumana tharollo, ho e-na le ho senya nako le matla le tšoaea-tšoaeana liphoso le ho qosana.
Ak’u leke sena ho itlhahloba. Araba lipotso tse latelang e le hore u bone hore na le sebelisana hammoho hakae le molekane oa hao.
◼ Na ke nka hore chelete eohle ea moputso ke “ea ka,” kaha ke ’na ea e sebelelitseng?
◼ Na ke qoba ho ba le ba habo molekane oa ka le hoja eena a le haufi le bona?
◼ Na ha ke batla ho khatholoha ka ho feletseng, ke hloka ho ba hōle le molekane oa ka?
Ikemisetse. Nahana ka ntho e le ’ngoe kapa tse peli tseo u ka li etsang e le ho bontša hore u batla ho sebelisana hammoho le molekane oa hao ka ho eketsehileng.
Ke hobane’ng ha u sa botse molekane oa hao hore na le ka etsa eng hammoho?
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Ho sebelisana hammoho ho bolela hore e mong ke mofofisi oa sefofane, e mong ke mothusi oa hae ’me le latela litaelo tse tšoanang
-
-
Mohato oa 4: HlomphanangTsoha!—2009 | October
-
-
Mohato oa 4: Hlomphanang
“Ho tleroha le puo e nyefolang li ke li tlosoe tsohle ho lōna.”—Baefese 4:31.
Se boleloang ke sena. Ho se lumellane ho ba teng malapeng a atlehileng le a nang le mathata. Empa ha banyalani ba buisana malapeng a atlehileng, ha ba phoqane, ha ba rohakane kapa hona ho bua ka tsela e nyefolang. Ba lelapa ba tšoarana ka tsela eo le bona ba ka ratang ho tšoaroa ka eona.—Matheu 7:12.
Ke hobane’ng ha e le habohlokoa? Mantsoe a ka lematsa batho joaloka libetsa. Maele a Bibele a re: “Ho lula nahathote ho molemo ho feta ho lula le mosali ea likomang le ea bohale.” (Liproverbia 21:19, The Bible in Basic English) Ke ’nete hore ho ka buoa se tšoanang le ka monna ea likomang. ’Me ha ho tluoa tabeng ea ho hōlisa bana, Bibele e re: “Le se ke la khentša bana ba lōna, e le hore ba se ke ba nyahama.” (Bakolose 3:21) Bana ba lulang ba tšoauoa liphoso ba ka ’na ba qetella ba nahana hore ba ke ke ba khona ho khahlisa batsoali ba bona. Ba ka ba ba khaotsa ho leka ho ba khahlisa.
Ak’u leke sena ho itlhahloba. Araba lipotso tse latelang e le hore u bone hore na u hlompha ba bang hakae ka lapeng.
◼ Na ha ho e-na le lintlha tse itseng tseo re sa lumellaneng ka tsona ka lapeng, puisano e fella ka hore e mong a tsoe ka tlung a halefile?
◼ Na ha ke buisana le molekane oa ka kapa bana, ke ba bitsa ka mabitso a hlabang, a kang “sethoto tooe,” “tseketseke” kapa a mang a joalo?
◼ Na ke hōletse moo batho ba neng ba atisa ho bua puo e nyefolang?
Ikemisetse. Nahana ka pakane e le ’ngoe kapa tse peli tseo u ka ipehelang tsona e le hore u bue ka tsela e bontšang tlhompho. (Tlhahiso: Ikemisetse hore ha u bua, u supise taba ka ho uena ho e-na le ho e supisa ho motho e mong. Ka mohlala, u ka re: “Ke utloa bohloko ha u . . . ,” ho e-na le ho re “Ha ho mohla u . . . ”)
Ke hobane’ng ha u sa bolelle molekane oa hao hore na u ikemiselitse ho etsa’ng? Ka mor’a likhoeli tse tharo, mo botse hore na u sebelitse joang.
Nahana ka litsela tse ling tse ka u thusang hore u se ke ua bua le bana ka tsela e nyefolang.
Mohlomong u ka kōpa bana hore ba u tšoarele ha u ile ua ba halefela kapa ua ba buisa ka tsela e phoqang.
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Feela joalokaha maqhubu a leoatle a ka hohola lefika le tiile, ho tloaela ho sebelisa mantsoe a hlabang ho ka fokolisa lelapa
-
-
Mohato oa 5: E-bang le Kahlolo e MolemoTsoha!—2009 | October
-
-
Mohato oa 5: E-bang le Kahlolo e Molemo
“Ho ba le kahlolo e molemo ha lōna ho ke ho tsejoe ke batho bohle.”—Bafilipi 4:5.
Se boleloang ke sena. Malapeng a atlehang, monna le mosali baa tšoarelana. (Baroma 3:23) Hape ha ba buse bana ka lere la tšepe kapa hona ho ba lumella ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Ba ba behela melao e loketseng. Ha ho hlokahala hore ba ba khalemele, ba ba khalemela “ka tekanyo e loketseng.”—Jeremia 30:11.
Ke hobane’ng ha e le habohlokoa? Bibele e re “bohlale bo tsoang holimo . . . bo na le . . . kahlolo e molemo.” (Jakobo 3:17) Molimo ha a batle hore batho ba sa phethahalang ba etse lintho ka tsela e phethahetseng, kahoo ke hobane’ng ha banyalani ba ka batla hore e mong a etse lintho ka tsela e phethahetseng? Ha e le hantle, ho lulela ho tšoaea-tšoaea e mong liphoso le linthong tse sa reng letho ha ho mo thuse hore a ntlafatse, ho e-na le hoo hoa mo halefisa. Ho molemo hore re amohele ’nete ea hore “kaofela re khoptjoa hangata.”—Jakobo 3:2.
Batsoali ba atlehang ba bontša ho ba le kahlolo e molemo ha ba sebetsana le bana ba bona. Ha ba ba khalemele ka tsela e feteletseng, kapa hona ho ba “bao ho leng thata ho ba khahlisa.” (1 Petrose 2:18) Ba fa bacha bolokolohi ha ba bontša hore ba na le boikarabelo. Ha ba leke ho laola ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo bana ba e etsang. Buka e ’ngoe e re ho leka ho laola ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo mocha a e etsang bophelong “ho tšoana le ho tantša, motho a ea holimo le tlaase a leka ho upella pula. Pula e ka se ne, empa motho eena o tla khathala.”
Ak’u leke sena ho itlhahloba. Araba lipotso tse latelang e le hore u bone hore na u na le kahlolo e molemo hakae.
◼ U qetetse neng ho babatsa molekane oa hao?
◼ U qetetse neng ho mo tšoaea phoso?
Ikemisetse. Haeba u thatafalloa ho araba potso e qalang empa u nolofalloa ho araba ea bobeli, nahana ka pakane eo u ka ipehelang eona mabapi le seo u se lebeletseng ho eena.
Ke hobane’ng ha u sa buisane le molekane oa hao ka seo le ka ikemisetsang ho se etsa?
Nahana ka tse ling tsa lintho tseo u ka lumellang mocha hore a iketsetse liqeto ho tsona, ha a ntse a bontša hore o se a e-na le boikarabelo.
Ke hobane’ng ha u sa lule fatše le mocha ’me le buisane ka litaba tse kang hore na o lokela ho fihla neng hae?
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Joaloka mokhanni ea hlokolosi, setho sa lelapa se nang le kahlolo e molemo se ikemiselitse ho tenyetseha le maemo
-
-
Mohato oa 6: TšoarelanangTsoha!—2009 | October
-
-
Mohato oa 6: Tšoarelanang
“Tsoelang pele le mamellana le ho tšoarelana ka bolokolohi.”—Bakolose 3:13.
Se boleloang ke sena. Banyalani ba atlehang ba ithuta linthong tse etsahetseng nakong e fetileng; empa ha ba boloke tlaleho ea lintho tse ba khopisitseng ebe ba bua ka tsona ha ba hlalosa e mong, mohlomong ka ho re, “Ha ho mohla u tšoarang nako” kapa “Ha ho mohla u mamelang.” Ka bobeli, monna le mosali ba lumela hore “ho hlokomoloha tlōlo ke botle.”—Liproverbia 19:11.
Ke hobane’ng ha e le habohlokoa? Molimo o “itokiselitse ho tšoarela,” empa ka linako tse ling batho bona ha ba tšoarele. (Pesaleme ea 86:5) Ha mathata a sa rarolloe, seo se ka etsa hore banyalani ba jarane ka lipelo ho isa moo ba seng ba sa khone ho tšoarelana. Banyalani ba ka ’na ba khetha ho se buisane ka hore na ba ikutloa joang—e mong a bile a sa tsotelle hore na e mong o ikutloa joang. Ka bobeli ba ikutloa ba tlamehile ho lula lenyalong le hoja ba se ba sa ratane.
Ak’u leke sena ho itlhahloba. Shebang lifoto tsa lōna tsa khale ha le sa tsoa nyalana kapa nakong eo le neng le le leferehong. Lekang ho tsosolosa lerato leo le neng le e-na le lona pele mathata a le aparela ’me a fifatsa pono ea lōna. Nahana ka litšobotsi tse ileng tsa etsa hore u khahloe ke molekane oa hao qalong.
◼ Ke litšobotsi life tse u khahlang ka ho fetisisa ka eena hona joale?
◼ Nahana hore na haeba u le motho ea tšoarelang, bana ba hao ba ka ’na ba fumana melemo efe ho seo.
Ikemisetse. Nahana ka tsela e le ’ngoe kapa tse peli tse ka u thusang hore u se ke ua bua ka liphoso tsa nakong e fetileng ha le sa lumellane ka ntlha e itseng le molekane oa hao.
Ke hobane’ng ha u sa babatse molekane oa hao ka litšobotsi tseo u li ratang ka eena?—Liproverbia 31:28, 29.
Nahana ka litsela tse ling tseo u tla bontša bana ba hao ka tsona hore u ba tšoaretse.
Ke hobane’ng ha u sa buisane le bana ba hao ka taba ea ho ba ba tšoarelang le kamoo ho tšoarelana ho ruisang bohle ka lapeng molemo kateng?
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Ha u tšoarela motho, molato o hlakotsoe. U se ke ua leka ho o khutlisa
-
-
Mohato oa 7: E-bang le Motheo o TiilengTsoha!—2009 | October
-
-
Mohato oa 7: E-bang le Motheo o Tiileng
Se boleloang ke sena. Ha ho iketsahalle feela hore malapa a matla a mamelle mathata, feela joalokaha ho sa iketsahalle hore ntlo e qete lilemo tse ngata e eme. Lelapa le hloka motheo o tiileng feela joalokaha mohaho o tiileng o hloka motheo o joalo. Malapa a atlehang a hahiloe motheong oa tataiso e sebetsang.
Ke hobane’ng ha e le habohlokoa? Ho na le libuka tse ngata, limakasine le mananeo a TV, tse fanang ka keletso ka bophelo ba lelapa. Baeletsi ba bang ba manyalo ba khothalletsa banyalani ba nang le mathata hore ba tsoele pele ba lula hammoho, ha ba bang bona ba ba khothalletsa hore ba arohane. Litsebi tse ling li bile li fetola maikutlo litabeng tse kang ena. Ka mohlala, ka 1994 setsebi se seng se tummeng se sebetsanang ka ho khetheha le mathata a bacha, se ile sa ngola hore qalong se ne se nahana hore “ho molemo ha bana ba hōlisoa ke motsoali a le mong ea thabileng, ho e-na le ha ba hōlisoa ke batsoali ba babeli ba nyalaneng empa ba sa thaba. Ke ne ke nahana hore ho molemo hore banyalani ba hlalane ho e-na le ho lula lenyalong le bosula.” Empa ka mor’a lilemo tse 20 setsebi sena se sebetsana le mathata a bacha, se ile sa fetola maikutlo. Se ile sa re: “Tlhalo e sithabetsa bana ba bangata.”
Maikutlo a batho a ka ’na a fetoha, empa keletso e molemo ka ho fetisisa ke e latelang melao-motheo e ka Lentsoeng la Molimo, e leng Bibele. Ha u ntse u bala lihlooho tsena, e ka ’na eaba u hlokometse hore holimo leqepheng la 3 ho isa ho la 8 ho ngotsoe melao-motheo ea Bibele. Melao-motheo e kang ena e thusitse malapa a mangata hore a atlehe e le kannete. Le ’ona a ba le mathata joaloka malapa a mang ’ohle. Ntho e etsang hore a fapane le a mang ke hore Bibele e a file motheo o tiileng le tataiso ea hore na a phele joang. Ke seo re ka se lebellang ka Bibele, kaha Mongoli oa eona ke Jehova Molimo, Moqapi oa lelapa.—2 Timothea 3:16, 17.
Ak’u leke sena ho itlhahloba. Thathamisa litemana tse qotsitsoeng holimo leqepheng la 3 ho isa ho la 8. Thathamisa le litemana tse ling tsa Bibele tse u thusitseng. Boloka lethathamo lena, ’me u le sebelise khafetsa.
Ikemisetse. Ikemisetse ho sebelisa seo Bibele e se rutang bophelong ba lelapa la hao.
[Setšoantšo se leqepheng la 8, 9]
Ha lelapa la lōna le e-na le motheo o tiileng oa Mangolo, le ka khona ho mamella lifefo tse le sokelang
-