O Ile a Emela Tumelo ea Hae
◼ Matsatsing a phomolo a sa tsoa feta, bana ba sehlopheng sa pele le Morgan ea lilemo li supileng ba ile ba abeloa hore ba bale pale e ’ngoe e buang ka Keresemese. Morgan o ile a hopotsa tichere ea hae hore o lumela hore mokete ona ha o lumellane le se ka Bibeleng. Ka mosa, tichere eo e ile ea mo lumella hore a bale pale e ’ngoe e neng e sa mo hatelle letsoalo.
Nakoana hamorao, ho ile ha tšoaroa mokete oa kabo ea likhau sekolong seo, ’me ba lelapa labo Morgan ba ne ba menngoe. Morgan o ile a makala ha a fuoa khau moketeng oo ka lebaka la ho bontša sebete ha a emela tumelo ea hae ka tieo. Ha a ne a botsoa hore na sebete se sekana o se nka kae, o ile a hlalosa hore eena le ba lelapa labo ba bala buka ea Ithute ho Mosuoe e Moholo, e rutang ka lintho tse etsahetseng bophelong ba Jesu Kreste le lithutong tsa hae.
Buka ena e maqephe a 256, e nang le litšoantšo tse mebala-bala, e thusa batsoali hore ba thabele ho buisana le bana ba bona. E na le likhaolo tse kang e reng, “Lebaka Leo ka Lona re sa Lokelang ho Bua Leshano,” “Na ke Liphathi Tsohle Tse Thabisang Molimo?,” le e reng “Se ka re Thusang ho Hlōla Tšabo ea Rōna.”
Haeba u ka thabela ho ba le buka ena, ka kōpo tlatsa setlankane sena ’me u se romele atereseng e bontšitsoeng ho sona kapa e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.
□ Le hoja ke sa itlame ka letho, ke kōpa le ntlisetse buka e bontšitsoeng mona.
□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.