Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 8/10 leq. 30
  • Tsa Mona le Mane

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsa Mona le Mane
  • Tsoha!—2010
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Lithunya Lia Sireletsa?
  • Baitlami ba Banna ba Itlotsang ka Lipstick
  • Literene Tsa Basali Feela
  • Lithunya—Tsela ea Lefu
    Tsoha!—1990
  • Lithunya—Tsela ea Bophelo
    Tsoha!—1990
  • Lithunya—Ha se Tsa Banna Feela
    Tsoha!—1990
  • Ke ile ka Qala ho Ananela Bohlale ba ’Nete
    Tsoha!—1988
Bala Tse Ling
Tsoha!—2010
g 8/10 leq. 30

Tsa Mona le Mane

Mokhatlo oa Machaba oa Phuputso ea Kankere o phahamisitse boemo boo o behang mechine e fifatsang lebala la letlalo, ho e tlosa tabeng ea hore “e ka ’na ea bakela batho kankere” ho e isa ho ea hore “e bakela batho kankere.”—THE LANCET ONCOLOGY, BRITHANI.

Argentina, basali ba 9 ho ba 10 ba baimana ba ne ba sa batle ho ima.—CLARÍN, ARGENTINA.

“Bo-rasaense ba fumana lintho tse ncha nako le nako. Litsebi tsa baeloji li khetholla tse ka bang 50 ka letsatsi. Ka 2006, ho ile ha khetholloa limela le liphoofolo tse ka bang 17 000 tse ncha—e leng 1% ea mefuta e limilione tse 1,8 e seng e rehiloe mabitso.”—TIME, U.S.A.

Na Lithunya Lia Sireletsa?

Na sethunya se sireletsa motho ea se nkileng ha a hlaseloa? Bafuputsi ba Univesithing ea tsa Bongaka ea Pennsylvania, U.S.A., ba fihletse qeto ea hore ha se mo sireletse. Ka mor’a ho ntša manane a liketsahalo tse amang mapolesa, batho ba ithunyang ka boomo le ba thunngoang e se ka morero, bafuputsi ba fumane hore ha motho a nkile sethunya “ho na le menyetla e 4,5 ea hore a thunngoe ha a hlaseloa ho feta ha a sa se nka.” Bafuputsi bao ba hlokometse hore batho ba bang ba nang le lithunya ba atleha ho itšireletsa ka tsona, empa menyetla ea seo ea fokola. Ba ile ba tlaleha hore khopolo ea hore ho ba le sethunya “ho sireletsa motho maemong a kotsi e lokela ho sekasekoa bocha le ho nahanisisoa ka botebo.”

Baitlami ba Banna ba Itlotsang ka Lipstick

Tlaleho ea litaba ea Bangkok e re baitlami ba banna ba bacha ba Thailand “ba senya botumo ba Mabuddha a tšoareletseng neanong ea tumelo” ka ho itlotsa ka li-lipstick, ho apara ka tsela e ba tšoarang, “ho sotha matheka ha ba tsamaea le ho tsamaea ba nkile mekotlana ea basali.” Ba boholong bolumeling boo, ba amehile ka boitšoaro bona ba bosodoma ’me ba entse tlhahiso ea hore baitlami bao ba bacha ba rutoe mekhoa e metle. ’Moleli ea ka sehloohong oa Mabuddha o boletse hore bosodoma ha boa thibeloa har’a baitlami ba banna, “ho seng joalo ba fetang halofo ba ne ba tla lelekoa boitlaming.”

Literene Tsa Basali Feela

Ka lilemo tse ngata basali ba tsamaeang ka literene tse tlalang haholo tsa India ba ’nile ba tlameha ho mamella ho rohakoa, ho hlekahlekoa, ho tsiptjoa, ho shejoa le ho hlorisoa ka litsela tse fapaneng ke bapalami ba banna. Koranta e bitsoang The Telegraph, ea Calcutta e tlaleha hore e le ho sebetsana le litletlebo tse ntseng li eketseha, ’muso o entse qeto ea hore maemong a mang ho ntšoe banna ka ho feletseng. Ka lebaka leo, metseng e meholo e mene ea India—e leng New Delhi, Mumbai, Chennai le Calcutta—ho na le literene tse seng kae tsa “Basali ka ho Khetheha” tse palamisang bona feela. Ho tlalehoa hore bapalami ba thabetse seo haholo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela