Se ka Tšohloang ke Lelapa
Ke Bo-mang ba Neng ba Etsa Mosebetsi Oo?
1. Ke batšoasi bafe ba babeli ba litlhapi bao e neng e le bara ba Zebedea ebile e le baapostola ba Jesu?
Ngolang likarabo meleng e ka tlaase.
NTLHA E THUSANG: Balang Matheu 4:21, 22.
․․․․․
2. Ke baapostola bafe ba bang ba babeli bao e neng e le batšoasi ba litlhapi?
NTLHA E THUSANG: Balang Matheu 4:18.
․․․․․
SE KA TŠOHLOANG:
Ke hobane’ng ha Jesu a ile a re balateli ba hae e tla ba “batšoasi ba batho”? (Matheu 4:19) U nahana hore ho tšoasa litlhapi le ho tšoasa batho ho tšoana lintlheng life le ho fapana lintlheng life?
LE TSEBA’NG KA MOAPOSTOLA ANDREASE?
3. Pele e ba molateli oa Jesu, Andrease e ne e le molateli oa mang?
NTLHA E THUSANG: Balang Mareka 1:4; Johanne 1:35-40.
․․․․․
4. Andrease o ile a bua le mang ka Jesu, ’me phello e ile ea e-ba efe?
NTLHA E THUSANG: Balang Johanne 1:40-42.
․․․․․
SE KA TŠOHLOANG:
Ke hobane’ng ha e le taba e ntle hore u bolelle beng ka uena lintho tseo u li tsebang ka Jesu? Empa beng ka uena ba bang ba ka ’na ba etsa’ng?
NTLHA E THUSANG: Balang Matheu 10:32-37.
BANA BATLANG LITŠOANTŠO
Na le ka fumana litšoantšo tsee makasineng ee? Hlalosang ka mantsoe a lōna se etsahalang setšoantšong ka seng.
TSE HLAHANG MAKASINENG ENA
Arabang lipotso tsena, le be le fane ka temana kapa litemana tsa Bibele tse sa tlatsoang.
LEQEPHE 3 Motho ea bohlale, kapa ea masene o utloisisa’ng? Liproverbia 14:․․․
LEQEPHE 8 Molimo o iphile lebitso lefe? Pesaleme ea 83:․․․
LEQEPHE 20 Ho etsahetse’ng ka mangeloi a entseng sebe? Juda:․․․
LEQEPHE 26 “Ho pepeta bohale” ho tla hlahisa’ng? Liproverbia 30:․․․
● Likarabo li leqepheng la 11
LIKARABO BAKENG SA LEQEPHE LA 31
1. Jakobo le Johanne.
2. Petrose le Andrease.
3. Johanne Mokolobetsi.
4. Le mor’abo, Petrose, ’me e ile ea e-ba molateli oa Jesu.