Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 8/10 maq. 10-11
  • ’Muelli oa Molao o Ithuta ka Lipaki Tsa Jehova

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ’Muelli oa Molao o Ithuta ka Lipaki Tsa Jehova
  • Tsoha!—2010
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Motho a le Mong Feela ho ba Bangata Bao U Ammeng Bophelo ba Bona”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Ho Hōlisa Bana Lefatšeng Lohle—Ka Khōliso e Lerato, Taeo, Mohlala, le Litekanyetso tsa Moea
    Tsoha!—1991
  • Molimo o Arabela Lithapelo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Bacha—Matlafatsang Boikemisetso ba Lōna ba ho Sebeletsa Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
Bala Tse Ling
Tsoha!—2010
g 8/10 maq. 10-11

’Muelli oa Molao o Ithuta ka Lipaki Tsa Jehova

LES CIVIN, eo e leng ’muelli oa molao ebile e le motsamaisi oa feme ea molao Afrika Boroa, o re: “Ke ne ke e-na le tsebo e fokolang haholo ka Lipaki Tsa Jehova.” Ke hobane’ng ha a ile a hlahloba seo Lipaki li se lumelang? O ile a fihlela qeto efe ka seo li se lumelang? O ile a bolella ba makasine ea Tsoha! se latelang.

U hōletse bolumeling bofe?

Ke hōletse Bolumeling ba Sejuda, empa mathoasong a lilemo tsa bo-1970, ke ile ka nyala Carol, eo e neng e le Mochache. O ne a sa thahaselle bolumeli, ’me ka nako eo re ne re se na nako ea bolumeli bophelong ba rōna. Leha ho le joalo, ha mora oa rōna, Andrew, a le lilemo li robeli, Carol o ile a nahana hore re lokela ho etsa ho hong e le hore a be le bolumeli. Rabi o ile a mpolella hore haeba Carol a ka sokolohela Bolumeling ba Sejuda, ho tla ba bonolo hore Andrew e be Mojuda ’me ha a le lilemo li 13 o tla etsetsoa mokete oa Bar Mitzvah. Kahoo re ile ra qala ho ea synagogeng moo ho tšoaroang thupelo ea beke le beke ea ba batlang ho sokolohela Bojudeng.

Ho tlile joang hore u tsebe Lipaki Tsa Jehova?

Ha Lipaki li ne li fihla ha rōna, kamehla ke ne ke khaoletsa moqoqo. Ke ne ke re: “’Na ke Mojuda ’me ha ke lumele Testamente e Ncha.” Eaba Carol o mpolella hore motsoalle e mong oa hae ke Paki le hore o tseba Bibele haholo. Carol o ile a etsa tlhahiso ea hore re ke re ithute Bibele haholoanyane. Kahoo, le hoja ke ne ke sa rate, ke ile ka lumela ho ithuta le Lipaki.

U ne u ikutloa joang ka thuto ea Bibele?

Ke ne ke e khella fatše haholo. Ke ne ke sa tsoa tsosolosa tumelo ea ka ea Sejuda ’me ke nka hore ke oa morabe o khethiloeng. Ke ne ke re ka pelong: ‘Batho baa ba ka nthuta’ng?’ Ha re qala moqoqo oa rōna, ke ile ka bolella Paki e neng e re etetse hore: “Ke hlahile ke le Mojuda. Ke fumane bolumeli ba ka ’me ke tla shoa ke ntse ke le Mojuda. Ha ho letho leo u ka le buang le tla etsa hore ke fetohe.” O ile a lumellana le ’na ka mosa. Kahoo, mantsiboeeng a Labohlano le Mantaha, re ne re ea thupelong ea ho sokolohela Bojudeng ’me ka Sontaha hoseng, (haeba ke ne ke sa khone ho baleha) re ne re ithuta le Lipaki. Taba e ’ngoe ke hore thuto ea tsona e ne e sa lefelloe, ho fapana le lithupelo tseo re neng re ea ho tsona synagogeng.

Ke ne ke sebelisa Bibele ea ka ea Sejuda kaha ke ne ke nahana hore Lipaki li sebelisa phetolelo ea tsona e lumellanang le maikutlo a tsona. Leha ho le joalo, ke ile ka hlolloa ke kamoo Libibele tsena tse peli li neng li lumellana kateng. Sena se ile sa etsa hore ke ikemisetse le ho feta ho bontša Lipaki hore ha li tsebe seo li se buang.

Ka mor’a hore re ee ka makhetlo a ’maloa lithupelong tse fanoang ke rabi, Carol o ile a re o nahana hore rabi eo ha a tsebe Bibele hantle. O ile a mpolella hore o tl’o tlohela ho ea thupelong eo le hore a ke ke a khaotsa ho lumela hore Jesu ke Kreste. Ke ile ka utloa bohloko hoo ke ileng ka nahana ho mo hlala. Empa ha maikutlo a kokobela, ka etsa qeto ea ho leka leqheka le leng—ka rera ho sebelisa tsebo ea ka ea molao ho kholisa Carol hore ‘lequloana lena la batho ba se nang kelello’ le fositse.

Na u ile ua atleha?

Rabi o ile a mpha buka e neng e hanyetsa boprofeta bo mabapi le Mesia. ’Na le Carol re ile ra ithuta buka eo ka likhoeli tse 18. Re ile ra boela ra tsoela pele ho ithuta le Lipaki beke le beke. Leha ho le joalo, ha re ntse re hlahloba boprofeta bo bong le bo bong bo hlalositsoeng bukeng eo ea rabi, ke ile ka belaela le ho feta. Ho fapana le mabaka a neng a fanoe bukeng eo, boprofeta ba Bibele bo mabapi le Mesia bo ne bo lula bo supa motho a le mong—e leng Jesu Kreste. Taba e ile ea fihla sehlohlolong ha re ithuta boprofeta ba Daniele 9:24-27, bo boletseng esale pele hore Mesia o ne a tla hlahella ka selemo sa 29 C.E.a Paki eo e ile ea tla le Bibele ea Seheberu e fetoletsoeng ka Senyesemane lentsoe ka lentsoe. Ke ile ka hlahloba mantsoe a eona, ka itšebeletsa lipalo tsa tatellano ea liketsahalo ho ea ka nako ea tsona, eaba ke re: “Ho hlakile hore boprofeta bona bo supa selemo sa 29 C.E. Joale see se amana kae le Jesu?”

Paki eo e ile ea re: “Sena ke selemo seo Jesu a kolobelitsoeng ka sona.”

Ke ne ke hloletsoe! Ke ne ke boetse ke makaletse ho bona kamoo boprofeta ba Bibele bo nepahetseng kateng le kamoo bo lumellanang kateng.

Metsoalle ea hao e ile ea re’ng ha u fetola maikutlo?

E meng e ne e tšoenyehile haholo ’me ea tšepisa hore e tla nkisa le mofumahali oa ka ho batho ba tla re bontša hore re qobeletsoe ho lumela lithuto tsa Lipaki. Empa lintho tseo re neng re li lumela li ne li thehiloe lipatlisisong tse entsoeng ka hloko le mabakeng a utloahalang—e leng se fapaneng hōle le ho qobelloa ho lumela lithuto tse itseng.

Ke eng se ileng sa etsa hore u etse qeto ea ho ba Paki?

Qalong, ke ile ka ea libokeng ka makhetlo a ’maloa le mosali oa ka Holong ea ’Muso, eo ka nako eo e neng e se e le Paki.b Ke ile ka khahloa ke botsoalle ba Lipaki le kamoo li ratanang kateng ho sa tsotellehe morabe oa tsona. Ke ne ke e-s’o ka ke bona seo se etsahala bolumeling ba heso. Kahoo, ka mor’a hore ke ithute ka lilemo tse ling tse ka bang tharo, ke ile ka kolobetsoa.

U ikutloa joang ka hore ebe u entse qeto ea ho ba Paki?

Ke ho nka e le tlotla hore ke re, “Ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova.” Empa ha ke nahana hore na ke ne ke loantša ’nete hakae, ke utloa ke sa tšoanelehe ho fumana litlhohonolofatso tseo Jehova a mphileng tsona. Ha ho mohla ke tla ikoahlaela qeto eo ke e entseng.

U thabetse litlhohonolofatso life?

Ke thabetse litlhohonolofatso tse ngata. Har’a tse ling, ke ananela tokelo ea ho sebeletsa ke le moholo, kapa molisa le mosuoe oa moea phuthehong ea heso. Hape ke bile le monyetla oa ho thusa Lefapha la Molao ofising ea lekala ea Afrika Boroa ea Lipaki Tsa Jehova. Empa ha ho pelaelo hore tlhohonolofatso e khōlō ka ho fetisisa ke ho tseba Jehova le Mora oa hae le ho utloisisa se boleloang ke nako eo re phelang ho eona le lintho tsa bohlokoa tse etsahalang lefatšeng.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a C.E. e bolela “Mehla e Tloaelehileng.” Hore u fumane moo ho tšohloang boprofeta ba Daniele bo buang ka Mesia, sheba leqephe la 197 bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?

b Carol o ile a hlokahala ka 1994 ’me Les Civin o ile a nyala hape.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 11]

Ke ne ke . . . makaletse ho bona kamoo boprofeta ba Bibele bo nepahetseng kateng le kamoo bo lumellanang kateng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela