Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 8/10 maq. 20-21
  • Bademona ke Bo-mang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bademona ke Bo-mang?
  • Tsoha!—2010
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Mangeloi a Ileng a Etsa Sebe”
  • O ‘Khelosa Lefatše Lohle Leo ho Ahiloeng ho Lona’
  • Itšireletse Khahlanong le Bademona
  • Mangeloi ke Bo-mang?
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
  • Jesu o Matla ho Feta Bademona
    Ithute ho Mosuoe e Moholo
  • Kamoo Libōpuoa Tsa Moea li re Amang Kateng
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Mangeloi ke Bo-mang, Hona a Etsa Eng?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
Bala Tse Ling
Tsoha!—2010
g 8/10 maq. 20-21

Pono ea Bibele

Bademona ke Bo-mang?

LITHOTSELA, lipoko, lithokolosi, bademona ke libōpuoa tsa moea tseo batho ba malumeli a sa tšoaneng ba lumelang ho tsona ’me ba nka hore li kotsi, li molemo kapa li kotsi li bile li molemo. Batho ba bang ha ba lumele hore meea e teng, kaha ba nka hore ke tumela-khoela kapa ntho feela eo batho ba inahanelang eona. Bibele eona e re’ng?

Bibele e ruta hore ’Mōpi ka boeena ke Moea le hore libōpuoa tsa hae tsa pele e ne e le meea. (Johanne 4:24; Baheberu 1:13, 14) Bibele e boetse e bua ka meea e mebe, eo ka linako tse ling e e bitsang bademona. (1 Bakorinthe 10:20, 21; Jakobo 2:19) Empa ha e rute hore Molimo o bōpile bademona. Joale bademona ke bo-mang, hona ba bile teng joang?

“Mangeloi a Ileng a Etsa Sebe”

Ha Molimo a ne a bōpa libōpuoa tsa moea, o ile a li etsa li e-na le bolokolohi ba ho ikhethela, li ka khetha ho etsa se nepahetseng kapa se fosahetseng. Ka masoabi, ka mor’a hore ho bōptjoe motho, mangeloi a sa boleloang ka palo a ile a ikhethela ho etsa se fosahetseng ka hore a fetohele Molimo.

Satane ke sebōpuoa sa pele sa moea se tummeng hampe, se ileng sa fetohela Molimo. Jesu Kreste o ile a re: “Ha aa ka a ema a tiile ’neteng.” (Johanne 8:44) Ke eng e ileng ea susumetsa Satane hore a fetohele Molimo? O ile a qala ka ho lakatsa borapeli bo neng bo lokela ho lebisoa ho ’Mōpi ka ho khetheha, ’me a phethahatsa takatso eo eaba o qothisana lehlokoa le Molimo. Ka tsela ena o ile a iketsa “Satane,” e bolelang “mohanyetsi.” Lilemo tse makholo hamorao, pele ho Moroallo oa mehleng ea Noe, mangeloi a mang a ile a ikopanya le Satane, a tloha libakeng tsa ’ona leholimong a iphetola batho ’me a lula lefatšeng. (Genese 6:1-4; Jakobo 1:13-15) Ha Moroallo o fihla, ho bonahala eka “mangeloi a ileng a etsa sebe,” a neng a iphetotse batho a ile a khutlela sebakeng sa moea. (2 Petrose 2:4; Genese 7:17-24) Ha nako e ntse e ea, a ile a bitsoa bademona.—Deuteronoma 32:17; Mareka 1:34.

Joale mangeloi ao a sa mameleng a ile a e-ba boemong bo fapaneng le boo a neng a le ho bona pele e e-ba marabele. Juda 6 e re: “Mangeloi a sa kang a boloka sebaka sa ’ona sa pele empa a furalla sebaka sa ’ona sa bolulo se loketseng [Molimo] o a bolokile ka litlamo tsa ka ho sa feleng tlas’a lefifi le letšo-letšo bakeng sa kahlolo ea letsatsi le leholo.” Ka sebele, Molimo ha aa ka a lumella bademona bao hore ba boele ba phele leholimong, empa o ile a ba romela “likoting [tsa tšoantšetso] tsa lefifi le letšo-letšo,” a ba khaola ka ho feletseng leseling la moea.

O ‘Khelosa Lefatše Lohle Leo ho Ahiloeng ho Lona’

Le hoja ho hlakile hore bademona ba thibetsoe ho iphetola batho, ba ntse ba na le matla le tšusumetso e khōlō likelellong le bophelong ba batho. Ha e le hantle, Satane le lekhotla la hae la bademona, o ‘khelosa lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona.’ (Tšenolo 12:9; 16:14) O etsa see joang? O sebelisa “lithuto tsa bademona” haholo. (1 Timothea 4:1) Lithuto tsena tsa bohata, tseo hangata li rutoang malumeling, li foufalitse likelello tsa batho ba limilione e le hore ba se ke ba tseba ’nete ka Molimo. (2 Bakorinthe 4:4) Nahana ka mehlala ena.

● Thuto ea hore bafu ba ntse ba phela. Bademona ba sebelisa lithotsela, mantsoe le maqiti a mang ho thetsa batho e le hore ba lumele hore ba ka buisana le bafu. Ho feta moo, leqheka lena le bohlale le tšehetsa leshano la hore moea oa motho oa pholoha ha ’mele o shoa. Leha ho le joalo, Bibele e bolela ka ho hlaka hore: “Ha e le ba shoeleng, ho hang ha ba tsebe letho.” (Moeklesia 9:5, 6) Kaha ‘ba theohetse moo ho khutsitseng,’ ha ba khone ho rorisa Molimo.—Pesaleme ea 115:17.a

● Boitšoaro bo hlephileng. Johanne oa Pele 5:19 e re: “Lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo.” Satane le bademona ba hae ba sebelisa mecha ea phatlalatso le litsela tse ling ho khothalletsa maikutlo a fosahetseng a hore batho ba lokela ho inehella litakatso tse litšila tsa nama. (Baefese 2:1-3) Ke kahoo boitšoaro bo hlephileng hakana, ho akarelletsa boitšoaro bo litšila ba ho kopanela liphate. Boitšoaro boo bo bile bo nkoa bo tloaelehile, athe melao ea Bibele eona hangata e nkoa e feletsoe ke nako kapa e sa fane ka bolokolohi.

● Ho khothalletsa tšebelisano le meea. Moapostola Pauluse o ile a kopana le lekhabunyane le neng le e-na le “modemona oa bonohe,” ea neng a le thusa ho “ruisa beng ba lona haholo ka ho sebelisa tsebo ea ho bolela liketsahalo esale pele.” (Liketso 16:16) Kaha Pauluse o ne a tseba hore na matla a phahametseng tlhaho a lekhabunyane leo a tsoa hokae, o ile a hana ho le mamela. Ho phaella moo, o ne a sa batle ho khopisa Molimo, ea nkang hore mefuta eohle ea tšebelisano le meea—ho akarelletsa bonohe ba linaleli le ho buisana le matla a phahametseng tlhaho—ke manyala.—Deuteronoma 18:10-12.

Itšireletse Khahlanong le Bademona

U ka itšireletsa joang khahlanong le meea e mebe? Bibele e araba ka ho re: “Ipeheng tlas’a Molimo; empa le hanyetse Diabolose, ’me o tla le balehela.” (Jakobo 4:7) Re latela taelo ena ka ho phela tumellanong le lithuto tse ka Bibeleng, e leng eona feela buka e halalelang e pepesang ka ho hlaka Satane, bademona le “maqiti” a bona. (Baefese 6:11, 2 Bakorinthe 2:11) Bibele e boetse e re bolella hore meea e mebe e ke ke ea e-ba teng ka ho sa feleng, hammoho le bohle ba hanyetsang Molimo. (Baroma 16:20) Liproverbia 2:21 e re: “Ba lokileng ke bona ba tla lula lefatšeng, ’me ba sa tšoauoeng phoso ke bona ba tla sala ho lona.”

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ho fumana seo e leng ’nete ka boemo ba bafu le tšepo e ka Bibeleng ea tsoho, ka kōpo sheba khaolo ea 6 le ea 7 bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?

NA U KILE UA IPOTSA?

● Na Molimo o bōpile bademona?—2 Petrose 2:4.

● Na u ka buisana le bafu?—Moeklesia 9:5, 6.

● U ka itšireletsa joang ho bademona?—Jakobo 4:7.

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

Bademona ba leka ho susumetsa batho ka litsela tse ngata

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela