“U Ntse U sa Nyahama”
● Camila o na le bothata ba khaello ea mali le ba methapo ea kutlo ’me ha a hōle hantle ’meleng. Ka lebaka leo, ha a ne a le lilemo li robeli, o ne a le bolelele ba lisenthimithara tse 75 feela. Batsoali ba Camila, bao e leng Lipaki Tsa Jehova, ba ile ba etsa qeto ea ho ea le eena sebokeng sa bongaka se neng se tšoaretsoe holong e ’ngoe e motseng oa habo bona, Argentina. Ba ile ba lula moleng oa bobeli, ’me sebokeng seo ho ne ho e-na le batho ba 500.
Ha sebui se seng sa ngaka se ntse se bua, se ile sa supa Camila e le mohlala oa ngoana ea phetseng hantle. Kaha se ne se sa tsebe hore na ngoanana eo o lilemo li kae le hore oa kula, se ile sa botsa: “O se a e-na le likhoeli tse kae?”
’Mè oa Camila, e leng Marisa, o ile a re: “O na le lilemo tse robeli.”
Ngaka ea re: “U re o likhoeli li robeli?”
Marisa a re: “Che, o lilemo li robeli.”
E hloletsoe ke seo, ngaka eo e ile ea kōpa ’mè le morali hore ba nyolohele sethaleng ho tla araba lipotso tse itseng. Ka mor’a hore Marisa a hlalose liteko tseo lingaka tse ling li li entseng ho Camila le mekhoa ea phekolo eo li e lekileng, ngaka eo e ile ea re: “Ho na le bo-’mè ba llisoang ke hore bana ba bona ba tšoeroe ke sefuba. Empa ka mor’a ho qeta lilemo tse supileng u batla mekhoa ea phekolo ’me u etsa sohle se matleng a hao ho thusa Camila, u ntse u sa nyahama. U khona joang?”
Ha a arabela potso ena e botsitsoeng ka mosa, Marisa o ile a bolella bamameli ka tšepo eo a nang le eona e thehiloeng Bibeleng ea lefatše le lecha la ho loka, leo ho lona maloetse le lintho tsohle tse utloisang batho bohloko, ho akarelletsa le lefu, li tlang ho fela. (Esaia 33:24; Tšenolo 21:3, 4) Qetellong, Marisa o ile a bua ka kutloano ea bara ba motho eo Lipaki Tsa Jehova li e thabelang lefatšeng ka bophara ’me a hlalosa kamoo ho ratana ha tsona ho li thusang ho sebetsana le liteko le mathata a mang ao li tobanang le ’ona bophelong.—Johanne 13:35.
Ha seboka se tsoa, mosali e mong o ile a ea ho Marisa ’me a mo kōpa hore a mo hlalosetse ka ho eketsehileng ka lintlha tseo a neng a bua ka tsona. Mosali eo o ne a labalabela ho ithuta ’me o ile a amohela thuto ea lehae ea Bibele, eo Lipaki Tsa Jehova li ithaopelang ho e tšoarela batho ba batlang ka tieo ho utloisisa Bibele le morero o babatsehang oa Molimo ka moloko oa batho.
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Camila ea lilemo li robeli le ’mè oa hae, Marisa