Se ka Tšohloang ke Lelapa
Na e Bile Qeto e Molemo?
Balang Numere 13:1, 2, 25-33; 14:3, 6-12. Joale shebang setšoantšo sena, ebe le ngola likarabo meleng e ka tlaase.
1. Ke hobane’ng ha lihloela tse ngata li ile tsa etsa qeto ea ho tlisa tlaleho e mpe?
․․․․․
2. Ho ile ha etsahala’ng ka lebaka la tlaleho e mpe ea lihloela tse leshome?
NTLHA E THUSANG: Balang Numere 14:26-38.
․․․․․
3. Ke hobane’ng ha Joshua le Kalebe ba ne ba kholisehile hore ba tla hlōla?
․․․․․
SE KA TŠOHLOANG:
Ha lelapa le tobane le mathata, u ka etsa’ng e le hore u qobe ho tšoana le lihloela tse leshome, empa ho e-na le hoo u tšoane le Joshua le Kalebe?
LE TSEBA’NG KA MOAPOSTOLA PETROSE?
4. Petrose o bitsoa ka mabitso afe a mahlano ka Bibeleng?
NTLHA E THUSANG: Balang Matheu 10:2; 16:16; Johanne 1:42; Liketso 15:14.
․․․․․
5. Na Petrose o ne a nyetse?
NTLHA E THUSANG: Balang 1 Bakorinthe 9:5.
․․․․․
SE KA TŠOHLOANG:
Hlalosa tlaleho e buang ka Petrose eo u e thabelang. Ke litšobotsi life tsa Petrose tseo u ka ratang ho li etsisa ’me u ka etsa see joang?
BANA BATLANG LITŠOANTŠO
Na le ka fumana litšoantšo tsee makasineng ee? Hlalosang ka mantsoe a lōna se etsahalang setšoantšong ka seng.
TSE HLAHANG MAKASINENG ENA
Arabang lipotso tsena le be le fane ka temana kapa litemana tsa Bibele tse sa tlatsoang.
LEQEPHE 7 Re lokela ho bua eng le baahelani ba rōna? Baefese 4:․․․
LEQEPHE 8 ’Nete e tla u etsetsa’ng? Johanne 8:․․․
LEQEPHE 11 Ho tla etsahala’ng ka sera sa ho qetela? 1 Bakorinthe 15:․․․
LEQEPHE 24 U lokela ho balehela eng? 1 Bakorinthe 6:․․․
● Likarabo li leqepheng la 13
LIKARABO BAKENG SA LEQEPHE LA 31
1. Ba ile ba inehella tšabo ’me ba haelloa ke tumelo ho Jehova.—Numere 14:3, 11.
2. Banna bohle ba lilemo li 20 ho ea holimo ba ile ba shoella lefeelleng ntle ho Joshua le Kalebe.
3. Ba ne ba lumela hore Jehova o na le bona.—Numere 14:9.
4. Simone, Petrose, Simone Petrose, Kefase le Symeone.
5. E, o ne a nyetse.