O Ile a Ithuta ha a Ntse a Ruta Bana ba Hae
● ’Mè e mong ea nang le lilemo tse fetang 30, ea lulang Kentucky, U.S.A., le monna oa hae le bana ba bona ba bararo, o re: “’Na le ba lelapa la ka re ruile molemo likhatisong tsohle tseo re nang le tsona tsa Lipaki Tsa Jehova.” O re: “Buka eo ke e ratelang bana ba ka ke Buka ea ka ea Lipale Tsa Bibele,” ’me o phaella ka ho re, “ha e le hantle ke ile ka ithuta ha ke ntse ke ba ruta.”
Buka ena e na le litšoantšo tse ntle ’me e hlalosa liketsahalo tse ka Bibeleng ho latela nako eo li etsahetseng ka eona. Ka mohlala: Karolo ea 2 e na le pale e reng “Ho Busa Morena e Mobe Egepeta,” “Lesea Moshe Lea Pholosoa,” “Lebaka Leo Moshe a Balehang ka Lona,” “Moshe le Arone ho Faro,” “Likotlo Tse Leshome” le e reng “Ba Tšela Leoatle le Lefubelu.”
Karolo ea 6 ea buka eo e na le sehlooho se reng “Ho Tsoaloa ha Jesu ho Isa Lefung la Hae,” ’me e na le lipale tse ’maloa tse buang ka bophelo ba Jesu, ho tloha ha a tsoaloa ho isa lefung. E ’ngoe ea tsona e re “Jesu o Hlahela Setaleng” e ’ngoe e re “Banna ba Tataisoang ke Naleli.” Pale ea “Banna ba Tataisoang ke Naleli” e bontša hore banna ‘ba bohlale’—bao ha e le hantle e neng e le linohe tsa linaleli—ba ile ba etela Jesu a le ka “tlung,” eseng a le setaleng moo a tsoaletsoeng teng. Ha ba kena ka tlung ba ile “ba fumana ngoana le ’m’ae, Maria.” Molimo o ile a lemosa banna bao hore ba se ke ba khutlela ho Heroda, ea neng a batla ho bolaea Jesu. Seo se lokela ho re ruta eng ka motho ea ikarabellang ka seo ho thoeng ke naleli?—Matheu 2:1, 11, 12, Bibele ea Sesotho.
Le uena u tla ithuta ha u ntse u balla bana ba hao Buka ea ka ea Lipale Tsa Bibele. E na le lipale tse 116 tse buang ka batho le liketsahalo tse ka Bibeleng. U ka kōpa buka ena ka hore u tlatse setlankane se ka tlaase mona ebe u se romela atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.
□ Le hoja ke sa itlame ka letho, ke kōpa le ntlisetse buka e bontšitsoeng mona.
□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.