U ka Etsa’ng ha U Khathatsoa ke Hlooho ea Migraine?
Joyce ea sehlahlo ea sebetsang ofising, o shebile tokomane eo a e tšoereng. Ka tšohanyetso, likarolo tse ling tsa leqephe leo li bonahala li se na letho. Ka mor’a moo, o bona lintho tse phatsimang, tse etsang mela e matsoelintsoeke le libōpeho tse makatsang. Ka mor’a metsotso e seng mekae, Joyce ha a sa bona letho. Ha a hlokomela se etsahalang, o potlakela ho noa pilisi e nyenyane e reretsoeng ho mo thusa boemong bona ba tšohanyetso.
JOYCE o khathatsoa ke hlooho ea migraine, e fapaneng ka litsela tse ’maloa le hlooho e tloaelehileng. Ka mohlala, ho fapana le hlooho e tšoarang motho ka linako tse itseng, hlooho ea migraine e tšoara motho nako le nako ha ho etsahetse lintho tse itseng. Ho phaella moo, hlooho eo e ka opela motho hoo a sitoang ho tsoela pele ka mesebetsi e tloaelehileng.
Matšoao a migraine ke afe? Motho o opeloa ke hlooho ka tsela e futhang ’me e ka ’na ea mo opela ka lehlakoreng le le leng feela. Mokuli a ka ’na a nyekeloa ke pelo ’me a sitoa ho mamella khanya e matla. A ka ’na a qeta lihora kapa matsatsi a ’maloa a ntse a opeloa ke hlooho.
Le hoja ka linako tse ling batho ba bangata ba tšoaroa ke hlooho e bakoang ke ho ba tlas’a khatello ea kelello, ke motho a le mong feela ho ba leshome ea khathatsoang ke migraine. E tšoara basali haholo ho feta banna. Batho ba bang e ba opela ka matla ho feta ba bang, ’me bakuli ba bangata ba qeta matsatsi a ’maloa ba sa ee mosebetsing. E ka etsa hore motho a hule ka thata licheleteng ’me ea ama lelapa hampe le tsela eo a phelisanang le ba bang ka eona. Kahoo, Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo o re ke se seng sa lisosa tse 20 tse itlhommeng pele tse holofatsang batho.
Nakoana pele batho ba bang ba tšoaroa ke migraine, ba ba le matšoao a kang ho hatsela matsoho, ho khathala, ho lapa, kapa ho ba le maikutlo a feto-fetohang. Ka mor’a moo, ba ka ’na ba tšoaroa ke molikoalikoane, ba utloa molumo ka litsebeng, ba ikutloa eka ba hlajoa ke linale, ba bona ntho e le ’ngoe e hlaha habeli, ba thatafalloa ho bua, kapa ba fokolloa ke mesifa.
Litsebi ha li utloisise ka ho feletseng hore na ke’ng e bakang migraine, empa li nahana hore ke boloetse bo hlaselang tsamaiso ea methapo ea kutlo, bo amang methapo ea mali e hloohong. Kamoo ho bonahalang kateng, ho opa ha hlooho ka tsela e futhang ho tsamaisana le ha mali a feta methapong e utloileng bohloko. Makasine ea Emergency Medicine e re: “Bakuli ba tšoaroang ke migraine ba futsa tsamaiso ea methapo ea kutlo e boi, e angoang ke lintho tse ngata bophelong, tse kang ho se robale ka ho lekaneng, ho utloa menko e matla, ho nka leeto, ho se je ka linako tse ling, ho ba tlas’a khatello ea kelello le ho feto-fetoha ha lihomone.” Batho ba khathatsoang ke migraine ba ka ’na ba boela ba e-ba le mathata a ka maleng, ho tšoha ho sa laoleheng le ho imeloa kelellong.
U ka Etsa’ng ho Kokobetsa Hlooho ea Migraine?
U ke ke ua fetola tsamaiso ea methapo ea kutlo eo u e futsitseng. Empa u ka ’na ua khona ho thibela lintho tse u bakelang migraine. Batho ba bang ba khonne ho hlokomela lijo tse itseng kapa maemo a etsang hore ba tšoaroe ke hlooho ea migraine, ka hore ba boloke tlaleho ea lintho tseo ba li etsang letsatsi ka leng.
Batho baa fapana. Lorraine o ile a hlokomela hore o tšoaroa ke migraine nakong ea ha a ilela khoeli. O re: “Ho elella bohareng ba nako eo, ho etsa mesebetsi e eketsehileng kapa ho ba boemong bo itseng—ho sebetsa ka thata, ho ba mochesong kapa serameng, lerateng, esita le ho ja lijo tse nang le linōko—ho ne ho mpakela migraine. Kahoo, nakong eo ke leka ho khoba matšoafo le ho etsa lintho ka tsela e itekanetseng.” Joyce ea qetileng lilemo tse fetang 60 a mameletse migraine, o re: “Ke hlokometse hore hang ha ke qeta ho ja lilamunu, phaenapole le ho noa veine e khubelu ke tšoaroa ke migraine, kahoo kea li qoba.”
Ha ho bonolo ho lemoha lintho tse bakang migraine hobane hangata e bakoa ke lintho tse ’maloa ha li kopana. Ka mohlala, ka nako e ’ngoe u ka ’na ua ja chokolete ’me ua se ke ua kula, empa ka nako e ’ngoe ha u e jele ua tšoaroa ke migraine, mohlomong hobane ho e-na le ntho e ’ngoe e tlatselitseng boemong boo.
Esita le haeba u sa khone ho hlokomela lintho tse u bakelang migraine kapa u sitoa ho li qoba, ho na le lintho tse ling tseo u ka li etsang ho fokotsa monyetla oa hore e u tšoare. Litsebi li khothalletsa hore u leke ho robala ka nako e tšoanang ka matsatsi ’ohle. Haeba u batla ho lieha ho tsoha ka mafelo-beke, li khothalletsa hore u tsohe ka nako e tloaelehileng, u etse ntho e itseng ka metsotso e seng mekae, ebe u khutlela likobong. Ho fetola k’hafeine eo u e noang ho ka u bakela migraine, kahoo leka hore bonyane u noe likopi tse peli tsa kofi kapa makotikoti a mabeli a senoa-mapholi sa cola ka letsatsi. Kaha tlala e ka u bakela migraine, qoba ho se je ka nako ea lijo. Ha ho bonolo ho qoba khatello ea kelello, e leng eona e atisang ho bakela batho hlooho ea migraine, empa u ka ’na ua fumana litsela tsa ho ikhatholla, mohlomong u ka fetola kemiso ea hao ea lintho, ua bala Bibele kapa ua mamela ’mino o khathollang.
Motho a ka Alafa Migraine Joang?
Ho na le lintho tse ngata tseo motho a ka li khethang ho mo thusa ho alafa migraine.a Ka mohlala, ho robala ke e ’ngoe ea litsela tse molemo ka ho fetisisa. Meriana e thethefatsang bohloko e sa fanoeng ke ngaka e ka ’na ea kokobetsa bohloko ka ho lekaneng hore mokuli a khone ho robala.
Ka 1993, ho ile ha qaloa ho sebelisa li-triptan, e leng mofuta o mocha oa moriana o fanoang ke lingaka, o reretsoeng ho alafa migraine ka ho khetheha. The Medical Journal of Australia e ile ea o bitsa “khatelo-pele e khōlō phekolong,” ’me ea phaella ka ho re: “Ho sibolloa ha li-triptan e bile habohlokoa haholo . . . tabeng ea ho alafa migraine le hlooho e ngabaolang e tšoarang motho khafetsa, feela joalokaha ho sibolloa ha penicillin e bile habohlokoa tabeng ea ho phekola tšoaetso ea baktheria!”
Migraine ha e bolaee. Kahoo meriana e alafang migraine ha e boloke bophelo, joaloka e phekolang tšoaetso. Leha ho le joalo, li-triptan li thusitse haholo batho ba qetileng lilemo ba sa khone ho etsa lintho tse ngata. Bakuli ba ntse ba lokela ho etsa liphetoho linthong tse boletsoeng ka holimo, empa batho ba bang ba khathatsoang ke migraine ba ’nile ba re li-triptan ke moriana oa mohlolo.
Leha ho le joalo, meriana kaofela e na le melemo le mathata a eona. Mathata a bakoang ke li-triptan ke afe? Ba pele, theko ea pilisi e le ’ngoe ea triptan e ka lekana le ea lijo tse rekisoang reschorenteng ea maemo, kahoo ka tloaelo li fuoa batho ba khathatsoang ke migraine e tloaelehileng le e matla haholo. Hape, li-triptan ha li sebetse ho batho bohle, ’me batho ba bang ba tšoeroe ke maloetse ao e leng bohlale hore ba qobe ho li sebelisa. Le hoja ho sa tsejoe meriana e phekolang boloetse boo bakuli ba migraine ba bo futsitseng, Emergency Medicine e etsa qeto ea hore: “Kaha ho na le meriana e mecha le e ntlafalitsoeng e thusang ho alafa migraine, ha ho na lebaka la hore bakuli ba tsoele pele ho opeloa.”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Tsoha! ha e buelle phekolo ea mofuta o itseng ka ho khetheha. Motho ka mong o lokela ho hlahloba ka hloko phekolo eo a e khethang pele a etsa qeto.
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Batho ba bang ba khonne ho hlokomela lijo tse itseng kapa maemo a etsang hore ba tšoaroe ke “migraine,” ka hore ba boloke tlaleho ea lintho tseo ba li etsang letsatsi ka leng
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Ho mamela ’mino o khathollang ho ka ’na ha u thusa hore u fokotse khatello ea kelello, e atisang ho bakela batho hlooho ea “migraine”
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
“Migraine” ke boloetse bo futsoang, bo holofatsang batho boo hangata lingaka li atlehang ho bo alafa