Bothata ba Bolumeli
HO BOLELA hore bolumeli ke mohloli o ka sehloohong oa lintoa tsohle ho fana ka maikutlo a hore ho ne ho tla ba le lintoa tse seng kae haeba bolumeli bo ne bo le sieo. Na lee ke lebaka le utloahalang? Na re ka felisa ntoa ka hore feela re felise bolumeli? Ho sa tsotellehe hore na u arabela joang, ’nete e ke keng ea latoloa ke hore: Bolumeli ha boa kopanya moloko oa batho. Nahana mabaka a mang ao ka ’ona ho leng joalo.
O Arohantsoe ke Bolumeli
Moloko oa batho o arohantsoe ke bolumeli ’me malumeli a ’maloa a ka sehloohong a lula a sa okhelane mollo. Na ho na le lebaka leha e lefe la ho lumela hore Bajuda, Bakreste, Mabuddha, Mahindu le Mamosleme ba tla ke ba phele hammoho ka khotso?
Taba e ’ngoe e utloisang bohloko ke hore ho na le likarohano malumeling ao a ka sehloohong. Ka mohlala, ho latela khakanyo e ’ngoe, likerekeng tsa malumeli a ipolelang hore ke a Bokreste ho tsoile lihlopha tse fetang 30 000. Boislamo le bona bo arohantsoe ke litumelo tse hanyetsanang. Mokhatlo o mong oa litaba oa Bochabela bo Hare o bolela hore Mohsen Hojjat, e leng setsebi sa Momosleme, o sa tsoa lumela hore “ho hloka bonngoe ha Mamosleme ke motso oa mathata a teng tumelong ea Boislamo.” Malumeli a mang a nang le tšusumetso e khōlō a kang Bobuddha, Bohindu le Bojuda le ’ona a arohane ka lihlopha tse loantšanang.
Bolumeli bo Itšunya-tšunya Lipolotiking
Ho bonahala eka bolumeli bo susumetsa batho hoo e batlang e le likarolong tsohle tsa bophelo. Makasine ea litaba e bitsoang The Economist e bolela hore “batho ba bolumeli ba bua phatlalatsa haholoanyane likarolong tsohle tsa bophelo, ho kopanyelletsa le khoebong. Bolumeli bo boetse bo hlahella litabeng tsa moruo.” Sena se arola batho ho e-na le ho ba kopanya. Empa tšusumetso e mpe le ho feta e amana le histori ea nako e telele ea ho itšunya-tšunya ha bolumeli lipolotiking.
Tlalehong e ’ngoe ea morao tjena eo ho builoeng ka eona sehloohong se fetileng, bo-rahistori bao ba boletse hore “hangata bolumeli bo hlohlelletsa ntoa ha bo e-na le maqhama a matla le ba boholong pusong kapa bo sebelisana le bona haufi-ufi.” ’Nete e ’ngoe e ke keng ea latoloa ke hore: Haesale bolumeli bo ikopantse ka ho feletseng le lipolotiki le sesole ’me ho ntse ho le joalo le kajeno.
Motsoako o Kotsi
Linaheng tse ngata, malumeli a hlaheletseng a fetohile letšoao le khethollang lerato la naha le merabe e itseng. Ka lebaka leo, ho batla ho sa khonehe hore ho bonahale phapang pakeng tsa lehloeo la bochaba, khethollo ea morabe le lehloeo la bolumeli. Motsoako ona o kotsi o na le lintho tse ka arolang lefatše.
Ho makatsang ho sena sohle ke hore malumeli a mangata a bolela hore a emela Molimo oa Bibele, e leng ’Mōpi. Na ke ntho e utloahalang hore ’Mōpi ea matla ’ohle, ea lerato le ea bohlale, a ka ikamahanya ka tsela leha e le efe le malumeli aa a bakang likarohano le tšollo ea mali?
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Lipaki Tsa Jehova tse likete li ’nile tsa koalloa chankaneng ka lebaka la ho khetha ho se nke lehlakore