Tsa Mona Le Mane
“Ho ba mopresidente oa United States ho etsa hore motho a bone ho hlokahala hore a rapele.”—BARACK OBAMA, E LENG MOPRESIDENTE OA UNITED STATES OF AMERICA.
Ha ba botsoa hore na ba ka khetha ho etsa’ng ho bontša hore ba motlotlo ka naha ea habo bona, baahi ba Argentina ba etsang karolo ea 56 lekholong ba lilemong tse pakeng tsa 10 le 24 ba ile ba re ba ka khetha ho apara liaparo tsa sehlopha sa bolo sa naha.—LA NACIÓN, ARGENTINA.
Sephetho sa phuputso e entsoeng se bontša hore “hoo e ka bang karolo ea boraro ea lijo tse hlahisoang e-ea lahleha kapa e-ea lahloa lefatšeng ka bophara, e leng lithane tse ka bang libilione tse 1,3 selemo ka seng.”—MOKHATLO OA LIJO LE TEMO OA MACHABA A KOPANENG, ITALY.
“Kajeno, lintoa le litlaleho tsa lintoa li tletse hohle lefatšeng, kahoo lebotho la Naha ea Habo Rōna le lokela ho lula le itokiselitse ho sireletsa batho le lintho tsohle tseo ba li nkang li halalela, khahlanong le lira tse ka ntle ho naha.”—MOPATRIAREKA KIRILL, e leng MOETA-PELE OA KEREKE EA ORTHODOX e RUSSIA.
Likotsi tse ngata tsa mebileng tse tlalehetsoeng k’hamphani ea inshorense ea Jeremane ka 2010, li etsahetse pakeng tsa hora ea bosupa le ea borobeli hoseng. Molaoli oa k’hamphani eo o re: “Ntho e ’ngoe ea bohlokoa e ka etsoang e le hore ho thibeloe likotsi, ke hore batho ba iphe nako e lekaneng ea ho ea mosebetsing hoseng.”—PRESSEPORTAL, JEREMANE.
Baeta-pele ba Banyenyane ba Malaysia
Tlhōlisanong e tummeng ea TV Malaysia, ho na le sehlooho seo ho sona ho khethoang imam kapa moeta-pele ea molemo oa bolumeli ba Islamo. Lenaneo lena leo sehlooho sa lona e leng “Imam Muda,” kapa “Moeta-pele e Monyenyane,” le hatisetsoa Kuala Lumpur. Tlhōlisano ena e keneloa ke batho ba lilemo li 18 ho ea ho tse 27, ba tsoang limelong tse sa tšoaneng, ’me ba fokotsoa butle-butle ho fihlela ho sala a le mong feela. Moputso o akarelletsa chelete le koloi e ncha, empa mohlōli o boetse o fuoa mosebetsi oa ho ba imam, o lefelloa ho ea ithuta Saudi Arabia le ho etela Mecca ka leeto la bolumeli. Ba kenelang tlhōlisano ba lokela ho tseba hantle mesebetsi ea imam, ba khone ho phehisana ka litaba tsa bolumeli le ka litaba tsa morao-morao ’me ba qotse Koran. Moqapi oa lenaneo lena o re sepheo sa hae ke ho “ho hohela bacha” hore ba tle tumelong ea Boislamo.
Ho Senola Litaba Tsa Lekunutu Inthaneteng
Batho ba bangata ba sebelisang liwebsaete tseo ho etsoang metsoalle ho tsona, ha ba bone esale pele liphello tse ka tlisoang ke ho senola litaba tsa lekunutu. Empa ho senola litaba tsa lekunutu Inthaneteng, ho ka tlisetsa motho liphello tse bosula hamorao bophelong. Ho ea ka Timothy Wright, e leng mosuoe-hlooho ea qotsitsoeng koranteng ea Australia e bitsoang Sydney Morning Herald, “theknoloji ea kajeno e etsa hore lipuo tse sa nahaneleng, liketselletso, litšoantšo tse sa lokelang kapa litaba tsa lekunutu tse senotsoeng, li bolokoe tlalehong e lulang e le teng eo motho e mong le e mong a ka e shebang.” Wright o re: Sena se bolela hore “lilemo tse leshome hamorao, mohiri a ka ’na a khona ho bona liphoso tseo mohiruoa oa hae a ileng a li etsa ha a le lilemo li 15.”