“Buka Ena ea Tsoteha”
● Na u ka thabela ho bala ka bophelo ba Jesu Kreste ha a sa le lefatšeng, hammoho le ka lithuto tsa hae tse fetolang bophelo le lipapiso tse sa lebaleheng? Haeba ho joalo, re u khothalletsa hore u bale buka ea Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela.
Ka mor’a hore a ithute buka ena, ’mali e mong ea nang le kananelo o ile a re: “E ngotsoe ka tsela e bonolo, empa e tlaleha ka tsela e babatsehang lintlha tsohle tse amanang le bophelo ba Morena oa rōna ha a sa le lefatšeng, buka ena ea tsoteha.”
Ho ea kamoo ho tsejoang kateng, liketsahalo tse tlalehiloeng bukeng ena li phetoa ho ea ka tatellano eo li etsahetseng ka eona. E thehiloe mangolong a bululetsoeng ke Molimo a ngotsoeng ke batho ba bane ba phetseng mehleng ea Jesu, ba ngotseng Likosepele e leng Matheu, Mareka, Luka le Johanne. Matheu le Johanne e ne e le baapostola ba Jesu ’me ba tsamaea le eena. Mareka e ne e le motsoalle ea haufi oa Petrose, e leng e mong oa baapostola ba Jesu. Athe ngaka Luka eena o ne a tsamaea le moapostola oa Mokreste, e leng Pauluse.
U ka kōpa buka ena ka hore u tlatse setlankane se ka tlaase mona ebe u se romela atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.
□ Le hoja ke sa itlame ka letho, ke kōpa le nthomelle buka e bontšitsoeng mona.
□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.