Tholoana ea Armenia e ’Mala oa Khauta
● Liapolekose haesale li lengoa Asia le Europe ka makholo a lilemo. Batho ba Europe ba ne ba lumela hore apolekose e simolohile Armenia, eaba ba qala ho e bitsa apole ea Armenia.
Kajeno ho lengoa mefuta e ka bang 50 ea liapolekose Armenia. Li jeoa ho tloha mahareng a June ho fihlela mafelong a August. Mobu oa Armenia o nonneng o bakiloeng ke ho foqoha ha seretse le letsatsi la teng le chabang nako e telele, le etsa hore liapolekose tse lenngoeng moo li be tsoekere ka tsela e ikhethang ’me seo se etsa hore batho ba bangata ba re ha hona liapolekose tse monate joaloka tsona lefatšeng.
Mefuta e tloaelehileng ea tholoana ena e lekana le purumu e nyenyane ’me ’mala oa tsona o fapana ho tloha ho o bo-khauta bo khanyang ho ea ho oa lamunu. Li na le letlalo le boreleli ’me ka hare li tiile, ha li na lero le lengata haholo, ’me tatso ea tsona e ka fapana, ea e-ba tsoekere kapa ea e-ba bolila. Batho ba bang ba hlalosa tatso ea mefuta e tsebahalang haholo ka hore e tšoana le ea perekisi le ea purumu.
Balemi ba liapolekose ba hlahisitse apolekose e “ntšo” empa hase ea tlhaho. Ho e-na le hoo, ba kopantse apolekose le purumu. E ’mala o bo-pherese bo tebileng—bo batlang bo ba botšo—letlalo la teng le boea ’me ka hare e tšehla.
Lifate tsa liapolekose li thunya pele makhasi a tsona a hlaha, lithunthung tsa tsona li nkha hamonate e bile li ea ikatisa. Lithunthung tsa tsona li tšoana le tsa lifate tsa perekisi, purumu le cherry. Lifate tsena li hōla hantle moo mariha a teng a batang le moo lehlabula la teng le futhumetseng kaha li hloka serame e le hore li thunye le ho beha litholoana. Boemo ba leholimo ba Armenia bo li loketse!
Liapolekose tse sa tsoa khuoa li ntlafatsa bophelo ka litsela tse ngata. Ka mohlala, ke mohloli o motle oa beta-carotene le vithamine C. Batho ba bangata ba tseba liapolekose ha li entsoe mangangajane. Hobane li senyeha habonolo le ho bola kapele. Ke ka lebaka leo likarolong tse ling tsa lefatše mangangajane a tsona a tsebahalang haholo ho feta litholoana ka botsona. Ho thabisang ke hore mangangajane a liapolekose a na le phepo hape ke mohloli o motle oa fiber le tšepe. Ho phaella moo, liapolekose li sebelisetsoa ho etsa boranti, jeme le juse.
Ho ekeletsa moo, lintho tse ling tse ntle li etsoa ka lehong la sefate sa apolekose tse kang seletsa se butsoeloang sa Armenia, se tsebahalang haholo se bitsoang duduk, seo hape se bitsoang phala ea apolekose. Mabenkeleng le limmarakeng tsa Yerevan, e leng motse-moholo oa Armenia, bahahlauli ba ka boela ba fumana lintho tsa lehong la apolekose tse betliloeng ka letsoho.
Haeba u lula sebakeng seo ho sona ho nang le liapolekose, li je ’me u utloe hore na li latsoeha joang. Ha ho pelaelo hore ha u na ho ikoahlaela ho latsoa tholoana ena e ’mala oa khauta.