Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 3/12 maq. 10-11
  • U ka Etsa Joang Hore U Bōpe Khotso le Batho ba Bang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U ka Etsa Joang Hore U Bōpe Khotso le Batho ba Bang?
  • Tsoha!—2012
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tšoarela ka Bolokolohi
  • Ntša Maikutlo
  • Tiisetsa
  • ‘Tsoelang Pele ho Tšoarelana ka Bolokolohi’
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Tšoarela ho Tloha Pelong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Phehella Khotso
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Ho Rarolla Liqabang ka Khotso
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
Bala Tse Ling
Tsoha!—2012
g 3/12 maq. 10-11

Pono ea Bibele

U ka Etsa Joang Hore U Bōpe Khotso le Batho ba Bang?

HA BIBELE e bua ka batho e re: “Etsoe bohle ba entse sebe ’me ba haelloa ke khanya ea Molimo.” (Baroma 3:23) Kaha batho ba libilione tse ka holimo ho tse supileng ba lulang lefatšeng ha baa phethahala, ho ke ke ha etsahala hore ba se ke ba qabana. Re ka bōpa khotso joang maemong a joalo?

Bibele e fana ka keletso e molemo. E hlalosa ’Mōpi e le “Molimo oa khotso,” eo lebitso la hae e leng Jehova. (Baheberu 13:20; Pesaleme ea 83:18) Molimo o batla hore bana ba hae ba lefatšeng ba phelisane ka khotso. O re behela mohlala tabeng ena. Ha banyalani ba pele ba siteloa Molimo, ka ho senya khotso pakeng tsa bona le eena, o ile a nka mehato ka eona nako eo hore a tsosolose khotso le batho. (2 Bakorinthe 5:19) Nahana ka lintho tse tharo tseo u ka li etsang e le hore u bōpe khotso le batho ba bang.

Tšoarela ka Bolokolohi

Ke’ng seo Bibele e se buang? “Tsoelang pele le mamellana le ho tšoarelana ka bolokolohi haeba leha e le mang a e-na le sesosa sa pelaelo khahlanong le e mong. Esita le joalokaha Jehova a ile a le tšoarela ka bolokolohi, le etse joalo le lōna.”—Bakolose 3:13.

Bothata e ka ba bofe? E ka ’na eaba ‘sesosa sa hao sa pelaelo’ sea utloahala, ’me u nka hore u na le lebaka le utloahalang la ho khaotsa setsoalle le motho ea u khopisitseng. U ka ’na ua beha lebaka la hore motho ea u khopisitseng o lokela ho kōpa tšoarelo pele. Empa haeba motho eo a sa lemoha hore o u khopisitse kapa a nka hore ke uena ea mo foselitseng, ho ka etsahala hore bothata bo se ke ba rarolleha.

Ke’ng seo u ka se etsang? Latela keletso ea Bibele ka hore u tšoarele motho eo ka bolokolohi haholo-holo haeba bothata e se bo bokaalo. U hopole hore haeba Molimo a ne a boloka tlaleho ea liphoso tsa rōna re ne re ke ke ra ema ka pel’a hae. (Pesaleme ea 130:3) Bibele e re, “Jehova o mohau ’me o mosa, o lieha ho halefa ’me o tletse mosa o lerato. Etsoe o tseba sebōpeho sa rōna hantle, oa hopola hore re lerōle.”—Pesaleme ea 103:8, 14.

Hape hopola maele a Bibele a reng: “Ka sebele temohisiso ea motho e liehisa bohale ba hae, ’me ho hlokomoloha tlōlo ke botle ho eena.” (Liproverbia 19:11) Temohisiso e re thusa ho bona hore na bothata bo bakiloe ke eng, le ho lemoha hore na ke hobane’ng ha batho ba bua le ho etsa lintho ka tsela eo ba li etsang ka eona. Kahoo ipotse, ‘Na motho ea nkhopisitseng o ne a khathetse, a kula kapa a hatellehile?’ Ha u lemoha sepheo, maikutlo le maemo a batho ba bang, seo se ka ’na sa u kokobetsa bohale ’me sa u thusa hore u ba tšoarele ha ba u khopisitse.

Ntša Maikutlo

Ke’ng seo Bibele e se buang? “Ho feta moo, haeba mor’eno a etsa sebe, e-ea u totobatse phoso ea hae pakeng tsa hao le eena le le bang. Haeba a u mamela, u ruile mor’eno.”—Matheu 18:15.

Bothata e ka ba bofe? Maikutlo a fosahetseng a kang ho ba le tšabo, khalefo le ho ba lihlong a ka u thibela ho ea ho motho eo, e le hore le lokise bothata. U ka boela ua lekeha hore u batle tšehetso ho batho ba bang ka ho ba bolella bothata, e leng se ka ’nang sa etsa hore bothata bo tote.

Ke’ng seo u ka se etsang? Haeba bothata boo e le bo tebileng ’me u ikutloa u sa khone ho bo hlokomoloha, e-ea ho motho eo e le hore le buisane ka bona. Leka ho rarolla bothata ka tsela e latelang:

(1) Bo rarolle ka potlako: U se ke oa lieha. Haeba u lieha, bothata bo ka ’na ba mpefala. Leka ho sebelisa keletso ea Jesu e reng: “[Haeba] u tlisa mpho ea hao aletareng ’me u hopola hore mor’eno o na le ho hong khahlanong le uena, u siee mpho ea hao moo ka pel’a aletare, ’me u tlohe; etsa khotso le mor’eno pele, ’me joale, ha u khutlile, u nyehele mpho ea hao.”—Matheu 5:23, 24.

(2) Bo rarolle lekunutung: Hanela teko ea ho batla ho buisana le batho ba bang ka bothata boo. “Buella nyeoe ea hao ho oa heno, ’me u se ke ua senola lekunutu la e mong.”—Liproverbia 25:9.

(3) Bo rarolle ka khotso: Qoba tloaelo ea ho batla ho fumana hore na ke mang ea nepileng kapa ea fositseng. Sepheo sa hao ke ho bōpa khotso eseng ho hlōla khang. Leka ho sebelisa lentsoe “ke” ho e-na le “u.” Ho bolella motho hore “Ke utloile bohloko hobane . . . ” ho ka ba molemo haholo ho feta hore: “U nkutloisitse bohloko!” Bibele e re: “Phehellang lintho tse tlisang khotso le lintho tseo re ka hahanang ka tsona.”—Baroma 14:19.

Tiisetsa

Ke’ng seo Bibele e se buang? “Ho se ke ha e-ba le eo le busetsang bobe ka bobe ho eena. . . . Empa, ‘haeba sera sa hao se lapile, u se fepe; haeba se nyoriloe, u se fe se nooang.’”—Baroma 12:17, 20.

Bothata e ka ba bofe? Haeba qalong motho e mong a hana hore le bōpe khotso, mohlomong u ka ’na ua batla ho tela.

Ke’ng seo u ka se etsang? E-ba le mamello. Batho ba na le litšobotsi tse sa tšoaneng ’me ba hōla kelellong ka litsela tse sa tšoaneng. Ba bang ba nka nako ho khoba matšoafo; ba bang bona ba ntse ba ithuta ho bontša litšobotsi tse khahlisang Molimo. Tsoela pele ho ba bontša mosa le lerato. Bibele e re: “U se ke ua itlohela hore u hlōloe ke bobe, empa u ’ne u hlōle bobe ka botle.”—Baroma 12:21.

E le hore re bōpe khotso le batho ba bang, re lokela ho bontša boikokobetso, temohisiso, mamello le lerato. Empa ho ba le khotso le batho ba bang ho molemo e le kannete!

NA U KILE UA IPOTSA?

● Ke’ng e ka u thusang hore u tšoarele motho e mong ka bolokolohi?—Bakolose 3:13.

● Ke’ng e ka u thusang hore u ee ho motho eo le qabaneng le eena e le hore le buisane ka bothata?—Matheu 5:23, 24.

● U ka etsa’ng haeba motho e mong a hana hore le bōpe khotso?—Baroma 12:17-21.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 11]

“Ka sebele temohisiso ea motho e liehisa bohale ba hae, ’me ho hlokomoloha tlōlo ke botle ho eena.”—LIPROVERBIA 19:11

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela