Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 4/12 leq. 32
  • Matšeliso ho ba Siameng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Matšeliso ho ba Siameng
  • Tsoha!—2012
Tsoha!—2012
g 4/12 leq. 32

Matšeliso ho ba Siameng

◼ Bukana e nang le mebala e maqephe a 32 ea Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa e fana ka matšeliso. E ka thusa batho ba siameng ho utloisisa le ho mamella boikutlo bo bakoang ke lefu la motho eo ba mo ratang. Karolo e ’ngoe ea bukana ena e tšohla kamoo batho ba bang ba ka thusang ba siameng kateng.

Bukana ena e araba lipotso tse kang: Nka phela le ho sareloa ha ka joang? Na ho na le tšepo bakeng sa bafu? E bontša kamoo Bibele e hlalosang lefu le boemo ba bafu kateng. Ha bohlokoa le ho feta, e bua ka ho phethahala ha tšepiso ea Molimo ka Jesu Kreste, ea ho tsosetsa bafu lefatšeng le lokisitsoeng la paradeise.

Mohlomong u ka tšeliseha ka ho bala bukana ena, kapa ea tšelisa motho e mong eo u mo tsebang. Re u khothalletsa hore u kōpe bukana ea hao.

U ka kōpa bukana ena ka hore u tlatse setlankane se ka tlaase mona ebe u se romela atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.

□ Le hoja ke sa itlame ka letho, ke kōpa le nthomelle bukana ea Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa.

□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela