Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 9/12 maq. 10-12
  • Ke Eng Seo Nka se Lebellang Lenyalong?—Karolo ea 1

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Eng Seo Nka se Lebellang Lenyalong?—Karolo ea 1
  • Tsoha!—2012
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Se ka Atlehisang Manyalo a Bakreste
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • Ho Hlokahala Eng Hore Lenyalo le Atlehe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Lenyalo—Mpho e Tsoang ho Molimo ea Lerato
    “Le Ipoloke Leratong la Molimo”
  • Fumana Thabo Lenyalong la Hao
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
Bala Tse Ling
Tsoha!—2012
g 9/12 maq. 10-12

Bacha Baa Botsa

Ke Eng Seo Nka se Lebellang Lenyalong?—Karolo ea 1

“Ha re le ’moho, ekare ke tsamaea marung! Ke tatetse hore ke be le eena!”

“Ha ho na letho leo re tšoanang ka lona. Ho e-na le hore ebe re banyalani, re mpa feela re lula ’moho. Ke jeoa ke bolutu haholo!”

E KA ’na eaba u nahana hore polelo e ka holimo e builoe ke ngoanana ea e-s’o nyaloe; athe polelo e ka letsohong le letšehali e builoe ke motho ea lenyalong. Seo u ka ’nang ua se ke ua se hlokomela ke hore lipolelo tseo ka bobeli li builoe ke motho a le mong.

Ho ile ha senyeha kae? Haeba u lebeletse hore u kene lenyalong ka le leng, u ka etsa joang ho qoba hore maikutlo a lerato a fetohe lenyalo le tletseng mathata?

Seo e leng ’nete bophelong: Hore na u ba le thabo e kae lenyalong ho itšetlehile ka seo u se lebeletseng ho lona.

Sehlooho sena hammoho le sa “Bacha Baa Botsa” Tsoheng! ea khoeli e tlang, li tla u thusa hore u lebelle lintho tsa sebele.

Ke eng seo ka sebele u ka se lebellang lenyalong? Ka mantsoe a mang, u ka:

  1. Lebella melemo

  2. Lebella mathata

  3. Lebella seo u sa nahaneng hore se ka etsahala

A re ke shebisise lintlha tsena ka bonngoe.

LEBELLA MELEMO

Bibele e bua hantle ka lenyalo. (Liproverbia 18:22) E meng ea melemo eo u ka e lebellang ke ena.

Botsoalle. Bibele e re nakoana ka mor’a hore motho oa pele Adama a bōptjoe, Molimo o ile a re: “Ha ho hotle hore motho a ’ne a be mong,” ’me ka mor’a moo o ile a bōpa Eva hore e be motsoalle oa Adama. (Genese 2:18) Molimo o ile a bōpa e mong le e mong oa bona a e-na le litšobotsi tse ikhethang e le hore ba ka fapana, empa ba tšoanelana. Kahoo, monna le mosali ke metsoalle ea hlooho ea khomo.—Liproverbia 5:18.

Bolekane. Bibele e re: “Ba babeli ba molemo ho feta a le mong, hobane ha ba le ’moho ba ka etsa mosebetsi o tsoileng matsoho.” (Moeklesia 4:9, Good News Translation) Ka sebele, ho fela ho le joalo lenyalong. Mosali e mong e mocha ea sa tsoa nyaloa ea bitsoang Brenda, o re: “Sohle se hlokahalang ke ho sebetsa le le thimi, le ho ikokobetsa ’me ka linako tse ling u ee le maikutlo a molekane oa hao.”a

Ho kopanela liphate. Bibele e re: “Monna o lokela ho khotsofatsa mosali oa hae tabeng ea ho kopanela liphate, le mosali a etse ka ho tšoanang ho monna oa hae.” (1 Bakorinthe 7:3, Common English Bible) Ha u le lenyalong, u ka thabela ho kopanela liphate u sa ngongorehe le ho ikoahlaea, tseo hangata e leng litholoana tse bosula tsa ho kopanela liphate pele ho lenyalo.—Liproverbia 7:22, 23; 1 Bakorinthe 7:8, 9.

Ntlha ea bohlokoa: Lenyalo ke mpho e tsoang ho Molimo. (Jakobo 1:17) Ha u mamela melao-motheo ea hae, u ka lebella hore lenyalo e be tsela e putsang haholo bophelong.

Seo u ka nahanang ka sona: Na pono ea hao ka lenyalo e sentsoe ke mehlala e mebe eo u e boneng, mohlomong lelapeng leno? Haeba ho joalo, ke mehlala efe e metle eo u ka e etsisang?

LEBELLA MATHATA

Bibele e re thusa ho ba le pono e loketseng ka lenyalo. (1 Bakorinthe 7:28) Mathata a mang ao u ka a lebellang ke ana.

Khohlano. Ha ho na batho ba babeli ba tšoanang hantle, ntho feela eo ba tšoanang ka eona ke hore ha baa phethahala. (Baroma 3:23) Kahoo, monna le mosali ba tla ba le likhohlano ka linako tse ling, ho sa tsotellehe hore na ba bonahala ba tšoanelana hakae. Athe ka linako tse ling, ba ka ’na ba bua lintho tse sa thabiseng tseo hamorao ba tla ikoahlaela tsona. Bibele e re: “Motho eo ho seng mohla a buang letho le fosahetseng . . . o se a phethahetse.” (Jakobo 3:2, Holy Bible—Easy-to-Read Version) Ho e-na le ho leka ka matla ho qoba lintho tsohle tseo ba sa lumellaneng ka tsona, banyalani ba atlehileng ba ithuta ho buisana ka tsona le ho li lokisa ha li hlaha.

Ho soetseha. Ngoanana e mong ea bitsoang Karen o re: “Re foqoa lifilimi le mananeo a TV a bontšang ngoanana ea fumanang mohlankana ea mo tšoanelang hantle ebe ka mor’a moo ba phela ba thabile.” Ha lenyalo le sa be ka tsela eo ba e nahanneng, banyalani ba ka ’na ba nyahama. Ha ho pelaelo hore ka mor’a hore ba nyalane, ba tla hlokomela mefokolo e eketsehileng le mekhoa eo ba nang le eona. Ntlha ea bohlokoa ke ho hopola hore lerato la ’nete “le mamella lintho tsohle”—esita le ho soetseha.—1 Bakorinthe 13:4, 7.

Matšoenyeho. Bibele e re batho ba nyalaneng ba “tšoenyeha ka lintho tsa lefatše.” (1 Bakorinthe 7:33, 34) Matšoenyeho a joalo a tloaelehile ebile hangata a loketse. Ka mohlala, u ka ’na ua thatafalloa ho lefella lintho tse hlokahalang bophelong. Banyalani ka bobeli ba ka ’na ba tlameha ho sebetsa e le hore feela ba khone ho reka lijo, ho lefella liaparo le bolulo. Empa le ka atleha haeba le sebetsa joaloka thimi ho hlokomela lelapa.—1 Timothea 5:8.

Ntlha ea bohlokoa: Haeba lefereho le tšoana le ho fofisa k’haete, lenyalo le tšoana le ho fofisa sefofane. U tla hloka tsebo e eketsehileng le boiteko hore u sebetsane le mathata a tebileng—empa u ka atleha.

Seo u ka nahanang ka sona: Hona joale u sebetsana joang le likhohlano tseo u bang le tsona le batsoali ba hao le banab’eno? Ha batho ba bang ba u soetsa, na u khona ho ba le pono e loketseng ka boemo boo? U sebetsana le matšoenyeho joang?

SEHLOOHONG SE LATELANG SA “BACHA BAA BOTSA” . . . Melao-motheo ea Bibele e ka u thusa joang hore u lebelle seo u sa nahaneng hore se ka etsahala?

Lihlooho tse ling tsa “Bacha Baa Botsa” li ka fumanoa mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.jw.org

a Mabitso a mang a fetotsoe sehloohong sena.

SEO BACHA BA BANG BA SE BUANG

Brittany—Ke nahana hore ke ntho e fosahetseng ho nyaloa feela hobane u khathetse ke ho botsoa hore na “U tla nyaloa neng?” Etsoe ha mathata a hlaha, e tla be e le uena ea tlamehang ho sebetsana le ’ona, eseng batho bao ba u hatellang hore u nyaloe.

Ciara—Maikutlo a ka sitisa motho ho nahana ka tsela e hlakileng. Ke ka hona ke nahanang hore batsoali ba lokela ho phetha karolo ea bohlokoa ha u khetha molekane. Etsoe ke bona ba u tsebang hantle, kahoo ba tla khona ho u thusa hore u fumane motho ea u loketseng.

U NAHANA’NG KA SEE?

Josh le Melanie ba se ba qetile selemo ba ntse ba intša. Nakong eo, ba batlile ba hlalana habeli. Ka lekhetlo la pele, Josh o ile a re o tla hlala Melanie ha a ne a mo qosa ka hore o bonya le bahlankana ba bang. Lekhetlong la bobeli, Melanie o ile a fa Josh khetho ea ho qetela ha a ne a se a sa khone ho mamella liqoso tsa hae. Makhetlong ao ka bobeli, Josh le Melanie ba ile ba khona ho lokisa liqabang tsa bona.

U nahana’ng ka see? Na u bona matšoao leha e le afe a bontšang kotsi kamanong e hlalositsoeng ka holimo? Hore ebe Josh le Melanie ba batlile ba hlalana ka makhetlo a mabeli ho bontša’ng? Ka lehlakoreng le leng, hore ebe ba ile ba khona ho rarolla mathata a bona ho u bontša’ng? U nahana hore Josh le Melanie ba ka lebella eng lenyalong?

KE HOBANE’NG HA U SA BOTSE BATSOALI?

Tšohla lebokose la “U Nahana’ng ka See?” le batsoali ba hao, ’me u bone hore na maikutlo a bona ka Josh le Melanie a fapana le a hao joang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela