Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 1/15 maq. 10-11
  • Ho Etela Costa Rica

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Etela Costa Rica
  • Tsoha!—2015
Tsoha!—2015
g 1/15 maq. 10-11
Setšoantšo sa lebōpo la Costa Rica se nkiloeng sefofaneng

LINAHA LE BATHO

Ho Etela Costa Rica

’Mapa oa lefatše o bontšang moo Costa Rica e leng teng

MASEPANISHE a ile a qala ho etela sebaka sena lilemong tse makholo a mahlano tse fetileng. A ile a se reha Costa Rica (Rich Coast), kaha a ne a nahana hore a tla fumana khauta e ngata—empa a ile a hamela letanteng. Kajeno sebaka sena hase tsebahale e le sebaka se nang le lirafshoa tse ngata, empa se tsejoa e le naha e nang le mefuta e mengata ea limela le liphoofolo lefatšeng.

Batho ba Costa Rica ba bitsoa Matico, e leng lebitso le nkiloeng tloaelong ea bona ea ho kenya lentsoe“-ico” qetellong ea mantsoe ao ba a nyenyefatsang. Ka mohlala, ho e-na le hore ba re “un momento” (e leng ema hanyane), ba ka ’na ba re “un momentico” (e leng ema hanyane feela). Hangata ha ba bua ba tloaetse hore “¡pura vida!” (e leng bophelo bo botle!) ho bontša hore ba ananela ntho e itseng, ba lumellana le eona kapa ha ba re “lumela” kapa “salang hantle.”

Senqanqane sa merung se mahlo a mafubelu

Meru ea Costa Rica e na le mefuta e mengata ea limela le liphoofolo, joaloka senqanqane sena se mahlo a mafubelu (Agalychnis callidryas)

Tse ling tsa lijo tseo batho ba Costa Rica ba li ratang ke gallo pinto (e bolelang “mokoko o khoarahla”)—e leng raese le linaoa tse phehiloeng ka thōko ebe li tšeloa linōko. Gallo pinto e ka jeoa hoseng, motšehare kapa mantsiboea. Ba rata kofi e bitsoang café chorreado—e ritetsoeng ka tlhotlelo ea lepolanka.

Ho na le liphutheho tsa Lipaki Tsa Jehova tse ka bang 450 Costa Rica. Liboka tsa tsona li tšoaroa ka lipuo tse leshome, ho akarelletsa Puo ea Matsoho ea Costa Rica le lipuo tse peli tse buuoang ke matsoalloa a Costa Rica feela—e leng Sebribri le Secabecar.

NA U NE U TSEBA? Ho fumanoe majoe a betliloeng a chitja a makholo Costa Rica. Le leholo-holo le bophara ba limithara tse 2,4. Ho hakanngoa hore a mang a lilemo li ka bang 1 400. Ha ho na motho ea tsebang hantle hore na a ne a etsetsoa’ng!

Majoe a chitja a mehleng ea khale a Costa Rica

Majoe a chitja

LINTLHA TSE THAHASELLISANG

  • Baahi: 4 878 000

  • Motse-moholo: San José

  • Puo e buuoang: Sepanishe

  • Naha: Mabōpo a bataletseng le Lithaba tse bohareng

  • Puso: Demokrasi

LEKA TSEBO EA HAO

Ke ntho efe ho tsee eo u nahanang hore e teng Costa Rica?

  1. E na le batho ba rutehileng ka ho fetisisa Karolong e ka Bophirimela ea Lefatše

  2. E na le sesole se matla

  3. E na le sehlekehleke seo ho sona ho kileng ha ba le matšolo a fetang 500 a ho batla matlotlo a patiloeng

Likarabo: A le C. Ntlha ea C e bua ka Sehlekehleke sa Cocos, se ka bang bohōle ba lik’hilomithara tse 560 ka bophirimela ho naha.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela