Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g16 no. 4 maq. 12-13
  • Ho Etela Kyrgyzstan

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Etela Kyrgyzstan
  • Tsoha!—2016
Tsoha!—2016
g16 no. 4 maq. 12-13
Matlo a mekhoro a phuleng ea Tash Rabat, Kyrgyzstan

Matlo a mekhoro a phuleng ea Tash Rabat

LINAHA LE BATHO

Ho Etela Kyrgyzstan

’Mapa oa Kyrgyzstan

KYRGYZSTAN ke naha e fumanehang Asia Bohareng e pota-potiloeng ke naha ea Chaena, Kazakhstan, Tajikistan le Uzbekistan ’me e ka har’a lithaba tse leqhoa. Boholo ba naha ena ke lithaba. Kyrgyzstan e na le thaba e telele ka ho fetisisa har’a lithaba tsa Tian Shan ’me e bolelele ba limithara tse 7 439. Kyrgyzstan e na le meru e mengata. Kahoo, e na le lifate tse ngata ka ho fetisisa tsa makotomane lefatšeng.

Paki ea Jehova e ithuta Bibele le mosali oa Kyrgyzstan

Lipaki Tsa Jehova li ithuta Bibele le batho ba likete ba lulang Kyrgyzstan

Baahi ba Kyrgyzstan ba tsebahala ka ho hlompha le ho amohela baeti. Ba tloaetse ho bua le batho ba baholo ka tlhompho, ho ba suthela setulong koloing ea baeti kapa ba ba fe sebaka se hlomphehang ha ba lutse tafoleng.

Hangata malapa a ba le bana ba bararo kapa ho feta. Mora oa ho fela ke eena ea salang le batsoali e le hore a ba hlokomele ha ba se ba tsofetse esita le ha a se a nyetse.

Bana ba banana ba rutoa ba sa le banyenyane hore e be basali ba molemo. Ha ba le lilemo li ka bang 16, ba se ba khona ho etsa lintho tsohle ka tlung. Hangata monyaluoa o fuoa limpho. Ba ka mo fa lintho tse apesang bethe, liaparo tsa mefuta le limmete tse entsoeng ka letsoho. Monyali o ntša mahali ka chelete le liphoofolo.

Ha ho e-na le mekete kapa mafu, ho hlajoa nku kapa pere. Nama ea eona ea aroloa ebe karolo ka ’ngoe e fuoa motho ea itseng ka ho khetheha. Batho ba fuoa nama ho latela lilemo le hore na ba na le baeti ba bangata hakae. Tlhompho ke eona e ba tataisang ha ba phetha moetlo ona. Ka mor’a moo, ba ja lijo tseo ba tsebahalang ka tsona e leng beshbarmak. Ba li ja ka letsoho.

Mohlankana o bapala komuz

Komuz ke seletsa se tloaelehileng

LINTLHA TSE THAHASELLISANG

Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?

Buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? ea puo ea Sekirghiz, ea fumaneha ho www.jw.org

  • Baahi: 5 776 000

  • Motse-moholo: Bishkek

  • Puo e buuoang: Sekirghiz le Serussia

  • Lihlahisoa: K’hothone, ulu, khauta, mercury le uranium

  • Bolumeli: Boholo ba baahi ke Mamosleme

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela