Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g17 no. 6 maq. 10-11
  • Ho Etela New Zealand

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Etela New Zealand
  • Tsoha!—2017
Tsoha!—2017
g17 no. 6 maq. 10-11
Milford Sound e New Zealand

Milford Sound

LINAHA LE BATHO

Ho Etela New Zealand

’Mapa oa lefatše o hlahisitseng New Zealand

E KA BA lilemo tse 800 batho ba morabe oa Maori ba se ba tsamaile leeto la lik’hilomithara tse likete ba tšela leoatle ba ea naheng ea New Zealand. Ha ba fihla moo, ba fumane naha ena e fapane hole le lihlekehleke tse mongobo tsa Polynesia tseo ba tsoang ho tsona. New Zealand e na le matamo a metsi a chesang, lehloa le lithaba tse phoroselang metsi. Batho ba bang ba lulang New Zealand ba fihlile lilemo tse 500 hamorao ba tsoa Europe. Mehleng ena baahi ba New Zealand ba phela ka setso se tsoakaneng sa meetlo ea Jeremane, Brithani le Polynesia ’me karolo e kholo ea bona e phela litoropong. Motse-moholo oa New Zealand ke Wellington ’me ke motse o ka boroa ho feta metse eohle e teng lefatšeng.

Letamo la seretse se belang le North Island e New Zealand

Letamo la seretse se belang le North Island e New Zealand

Le hoja New Zealand e le thoko le linaha tse ling, e ipabola ka ho eteloa ke bahahlauli ba ka bang limilione tse tharo ka selemo ka lebaka la botle ba eona.

Sefate se makhasi a silevera

Sefate sena se makhasi a ’mala o silevera se ka hola hore se be bolelele ba limithara tse fetang 10

Nonyana e bitsoang takahe

Pele ho 1948 ho ne ho nahanoa hore nonyana e bitsoang takahe ha e sa le eo

E boetse e ikhetha ka ho ba le mefuta e fapaneng ea liphoofolo tse hlaha. Ho ekelletsa moo, ke teng moo ho fumanoang mokholutsoane o ka phelang lilemo tse 100 o bitsoang tuatara. Liphoofolo tsa naheng eo tse anyesang li fokola haholo ka palo. Li akareletsa bo-’mankhane, leruarua le tlhapi e bitsoang dolphin.

Lipaki Tsa Jehova li ’nile tsa tsoela pele li bolela molaetsa oa Bibele hoo e ka bang ka lilemo tse 120 naheng eo. Li bolela ka lipuo tse ka bang 19 tsa Polynesia tse akareletsang Seniue, Serarotong, Sesamoa le Setonga.

Bamaori ba binang

Bamaori ba bina ba apere liphahlo tsa bochaba ba bona

RE U LOME TSEBE?

Lebitso New Zealand le nkiloe ho Zeeland, e leng sebaka se Netherlands. Lentsoe la Maori le bitsoang Aotearoa le bolela “Naha ea Leru le Lelelele le Lesoeu.”

Le hoja baahi ba bangata ba New Zealand ba bua Sekhooa, puo ea bona ea letsoele e boetse e tsosolositsoe ’me e se e bile e rutoa le likolong. Puo ea Maori ea fumaneha websaeteng ea Lipaki Tsa Jehova ea jw.org.

  • BAAHI: LIMILIONE TSE 4.7

  • MOTSE-MOHOLO: WELLINGTON

  • NAHA:NORTH ISLAND E TSEBAHALA KA HO FOQOHA HA SERETSE SE CHESANG. SOUTH ISLAND EONA E NA LE LITHABA TSE LIKETE TSE KOAHETSOENG KE LEHLOA

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela