Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ba leq. 3
  • Buka e Lokelang ho Baloa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Buka e Lokelang ho Baloa
  • Buka ea Batho Bohle
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Thusa ba Bang ho Ithuta ka Motho e Moholo ka ho Fetisisa
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Bala Bibele?
    Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?
  • Ho Rua Molemo ka ho Bala Bibele Letsatsi le Letsatsi
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Bible—Buka ea ho Baloa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
Bala Tse Ling
Buka ea Batho Bohle
ba leq. 3

Buka e Lokelang ho Baloa

“Bibele ha ea lokela ho nkoa ka ho teba.” Ho buile joalo moprofesa e mong oa univesithi a bua le mosali e mong e mocha ea tobang taba.

Mosali eo o ile a botsa: “Na u se u kile ua bala Bibele?”

Ka ho makala, moprofesa eo o ile a tlameha ho lumela hore ha a e-s’o ka a e bala.

“Ho tla joang hore u bue ka kholiseho e matla hakaale ka buka eo ho seng mohla u kileng ua e bala?”

Mosali eo o ne a buile ntlha ea bohlokoa. Moprofesa o ile a etsa qeto ea ho bala Bibele a ntoo fana ka maikutlo ka eona ka eona.

BIBELE, e entsoeng ka mangolo a 66, e ’nile ea hlalosoa e le eo “mohlomong e leng pokello ea libuka e nang le tšusumetso ka ho fetisisa historing ea batho.”1 Ka sebele, e susumelitse e meng ea mesebetsi e entsoeng ka bokhabane e meholohali lefatšeng, libuka le ’mino. E bile le tšusumetso e khōlōhali molaong. E ’nile ea thoholetsoa ka lebaka la mokhoa oa eona oa ho ngoloa ’me e ’nile ea nkeloa holimo ke batho ba bangata ba rutehileng haholo. Phello ea eona bophelong ba batho ba maemo ’ohle sechabeng e ’nile ea e-ba e khōlō ka tsela e ikhethang. E susumelitse babali ba eona ba bangata hore ba be le botšepehi ka tekanyo e tsotehang. Ba bang ba bile ba ipeha kotsing ea ho bolaoa hore feela ba e bale.

Ka nako e tšoanang, ho na le pelaelo ka Bibele. Ho na le batho ba nang le maikutlo a tiileng ka eona le hoja ka bobona ho se mohla ba kileng ba e bala. Ba ka ’na ba lumela hore ke ea bohlokoa mabapi le botsebi ba ho ngola kapa histori, empa baa ipotsa: Ho tla joang hore ebe buka e ngotsoeng lilemong tse likete tse fetileng e ka ba le molemo lefatšeng lee la kajeno? Re phela “mehleng ea boitsebiso.” Boitsebiso ba morao-rao liketsahalong tsa kajeno le theknoloji bo fumaneha habonolo feela. Keletso ea “litsebi” ho hoo e ka bang liphephetsong tsohle tsa bophelo ba kajeno e fumaneha habonolo. Na Bibele e ka hla ea e-ba le boitsebiso bo molemo kajeno?

Bukana ena e ikemiselitse ho arabela lipotso tse joalo. Ha ea rereloa ho u qobella maikutlo a bolumeli kapa litumelo tsa bona, empa e reretsoe ho bontša hore buka ena e nang le tšusumetso historing, e leng Bibele, ke habohlokoa hore u e hlahlobe. Tlaleho e phatlalalitsoeng ka 1994 e hlokometse hore barupeli ba bang ba na le maikutlo a matla a hore Bibele e metse ka metso mekhoeng ea bophelo ea Bophirimela hoo “e mong le e mong, molumeli kapa eo e seng molumeli, ea sa tloaelanang le lithuto tsa Bibele le litlaleho tsa eona e tlang ho ba ea sa rutehang mekhoeng ea bophelo.”2

Mohlomong ka mor’a ho bala se hatisitsoeng mona, u tla lumela hore—ho sa tsotellehe hore na motho ke molumeli kapa che—bonyane Bibele ke buka e lokelang ho baloa.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 3]

“Ho ba ha ka le temoho ka sebele ke ka lebaka la buka eo ke e balileng.—Buka? E, ’me ke buka feela ea khale, e itekanetseng joaloka tlhaho ka boeona, ’me ke e bonolo . . . ’Me lebitso la buka ena ke le bonolo haholo, buka, Bibele.”—Heinrich Heine, mongoli oa Mojeremane oa lekholong la bo19 la lilemo.3

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela