KAROLO EA 2
“Jehova o Rata Toka”
Ho hloka toka ho atile lefatšeng la kajeno, ’me ba bangata ba jarisitse Molimo molato ka phoso. Leha ho le joalo, Bibele e ruta ’nete e ’ngoe e amang maikutlo ea hore “Jehova o rata toka.” (Pesaleme ea 37:28) Karolong ena re tla ithuta kamoo a pakileng mantsoe ao e le ’nete kateng, a fa moloko oohle oa batho tšepo.