Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yp1 leq. 97
  • Mohlala o Motle oa Jobo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mohlala o Motle oa Jobo
  • Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Buka ea Bibele ea 18—Jobo
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Jobo o Ile a Mamella—Le Rōna Re ka Mamella!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • “Le Utloile ka Mamello ea Jobo”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • “Tšepa Jehova”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
Bala Tse Ling
Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
yp1 leq. 97

Mohlala o Motle oa Jobo

Bophelo ba Jobo bo ile ba fetoha ka ho feletseng. Ntlha ea pele, o ile a lahleheloa ke mokhoa oa hae oa ho iphelisa. Ea bobeli, o ile a shoeloa ke bana. Ea boraro, o ile a kula. Tsena tsohle li ile tsa etsahala ka potlako ebile a sa lebella. Jobo o ile a bua a nyahame haholo, a re: “Ka sebele moea oa ka o nyonya bophelo ba ka.” O ile a hlalosa hore ‘o khotše ho hlompholoha ’me o tletse mahloreho.’ (Jobo 10:1, 15) Le hoja Jobo a ne a aparetsoe ke mathata, o ile a hana ho furalla ’Mōpi oa hae. (Jobo 2:10) Liphetoho tse ileng tsa e-ba teng bophelong ba hae, ha lia ka tsa fetola seo a leng sona. Kahoo, Jobo o re behetse mohlala oa ho mamella.

Ha u tobana le mathata, le uena u ka ’na ua ikutloa ‘u nyonya bophelo ba hao.’ Empa joaloka Jobo, u ka bontša hore maemo a fetohang ha a fetole seo u leng sona, u lutse u tiile boikemisetsong ba hao ba ho sebeletsa Jehova Molimo. Jakobo o ile a ngola, a re: “Bonang! Re phatlalatsa hore ba mameletseng ba thabile. Le utloile ka mamello ea Jobo ’me le bone phello eo Jehova a ileng a fana ka eona, hore Jehova o na le lerato le mofuthu haholo ’me o mohau.” (Jakobo 5:11) O ne a tsotella Jobo, ’me le uena oa u tsotella!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela