Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ha le Bontšana Lerato—Le Lokela ho Fella Hokae?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
    • Khaolong ea 4

      Ha le Bontšana Lerato—Le Lokela ho Fella Hokae?

      ’Nete kapa bohata . . . 

      Ho fosahetse hore batho ba babeli ba ratanang ba tšoarane, boemong leha e le bofe.

      □ ’Nete

      □ Bohata

      Batho ba ratanang ba ntse ba ka ba molato oa bohlola le hoja ba sa kopanele liphate.

      □ ’Nete

      □ Bohata

      Haeba batho ba ratanang ba sa tšoara-tšoarane ka tsela e tsosang takatso ea ho kopanela liphate, hoo ho bolela hore ehlile ha ba ratane.

      □ ’Nete

      □ Bohata

      HA HO pelaelo hore u nahanne ka taba ena haholo. Etsoe haeba ua ratana, u ka ’na ua thatafalloa ho tseba hore na u felle hokae ha ho tluoa tabeng ea ho bontšana lerato. A re hlahlobe lipolelo tse tharo tse ka holimo tse batlang hore motho a khethe ’nete kapa bohata ’me re bone kamoo Lentsoe la Molimo le re thusang kateng ho araba potso e reng, “Ha le bontšana lerato—le lokela ho fella hokae?”

      ● Ho fosahetse hore batho ba babeli ba ratanang ba tšoarane, boemong leha e le bofe.

      Bohata. Bibele ha e nyatse lipontšo tse loketseng, tse hloekileng tsa lerato. Ka mohlala, Bibele e bua ka moroetsana oa Moshulame le molisa eo a neng a ratana le eena. Lefereho la bona le ne le hloekile. Empa kamoo ho bonahalang kateng ba ile ba bontšana lerato ka litsela tse itseng pele ba nyalana. (Sefela sa Lifela 1:2; 2:6; 8:5) Kajeno baratani ba bang ba nahanang ka ho teba ka lenyalo le bona ba ka ’na ba nka hore ho loketse ho bontšana lerato ka litsela tse itseng tse hloekileng.a

      Leha ho le joalo, batho ba ratanang ba lokela ho ba hlokolosi haholo. Ho akana, ho hakana, kapa ho etsa ntho leha e le efe e tsosang takatso ho ka lebisa boitšoarong bo litšila ba ho kopanela liphate. Ho bonolo hore baratani ba etsang lintho ka sepheo se hloekileng, ba nkehe hoo ba ka qetellang ba oetse boitšoarong bo litšila ba ho kopanela liphate.—Bakolose 3:5.

      ● Batho ba ratanang ba ntse ba ka ba molato oa bohlola le hoja ba sa kopanela liphate.

      ’Nete. Lentsoe la Segerike le sebelisitsoeng qalong, le fetoletsoeng e le “bohlola” (por·neiʹa) le na le moelelo o pharaletseng. Le hlalosa litsela tsohle tseo batho ba sa nyalanang ba kopanelang liphate ka tsona ’me le hatella taba ea ho sebelisa litho tsa botona kapa botšehali hampe. Kahoo bohlola hase feela taba ea ho kopanela liphate ka tsela ea sebele empa bo boetse bo akarelletsa ho pholla litho tsa e mong tsa botona kapa tsa botšehali, ho nyanya litho tsa ka sephiring le ho li kenya ka morao.

      Ho feta moo, Bibele ha e nyatse bohlola feela. Moapostola Pauluse o ile a ngola, a re: “Mesebetsi ea nama ea bonahala, ’me ke bohlola, ho se hloeke, boitšoaro bo hlephileng.” A phaella ka ho re: “Ba tloaetseng ho etsa lintho tse joalo ba ke ke ba rua ’muso oa Molimo.”—Bagalata 5:19-21.

      “Ho se hloeke” ke eng? Lentsoe la Segerike le akarelletsa litšila tsa mofuta leha e le ofe, ebang ke seo motho a se buang kapa a se etsang. Ka sebele ke ho se hloeke ho lumella motho e mong ho kenya letsoho butle-butle ka liaparong tsa e mong, ho mo hlobolisa, kapa ho mo tšoara-tšoara litho tsa botho tse kang matsoele. Bibele e amahanya ho tšoara-tšoara matsoele le khotsofalo e reretsoeng ho thabeloa ke banyalani feela.—Liproverbia 5:18, 19.

      Bacha ba bang ha ba hlajoe ke lihlong ho tlōla melao-motheo ea bomolimo. Ba tlōla moeli ka boomo, kapa ka meharo ba batla ho kena mekhoeng e litšila ea ho kopanela liphate le batho ba ’maloa. Ba joalo ba ka ba molato oa ho kopanela boitšoarong boo moapostola Pauluse a reng ke “boitšoaro bo hlephileng.” Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “boitšoaro bo hlephileng” le bolela ‘liketso tse feteletseng, ho fetella, ho hloka mekhoa, ho se laole takatso e litšila.’ Ha ho pelaelo hore ha u batle ho ‘felloa ke kutlo eohle ea boitšoaro’ ka ho inehella “boitšoaro bo hlephileng ho sebetsa ho se hloeke ha mofuta o mong le o mong ka meharo.”—Baefese 4:17-19.

      ● Haeba batho ba ratanang ba sa tšoara-tšoarane ka tsela e tsosang takatso ea ho kopanela liphate, hoo ho bolela hore ehlile ha ba ratane.

      Bohata. Ho fapana le seo ba bang ba ka ’nang ba se nahana, ho tšoara-tšoarana ka tsela e sa lokelang e tsosang takatso ha ho tiise maqhama a lerato. Ho e-na le hoo, ho etsa hore le se ke la hlomphana le ho tšepana. Nahana ka se kileng sa etsahalla Laura. O re: “Ka le leng mohlankana oa ka o ile a nketela lapeng ’Mè a le sieo, a re o tlil’o shebella TV feela. Qalong o ile a ntšoara ka letsoho feela. Ka ho panya ha leihlo feela a be a se a qala ho ntšoara-tšoara hohle. Ke ne ke tšaba ho mo bolella hore a khaotse; ke ne ke nahana hore o tla koata ebe oa tsamaea.”

      U nahana’ng ka boemo boo? Na mohlankana eo oa Laura o ne a hlile a mo rata, kapa ka boithati o ne a mpa a batla feela ho ikhotsofatsa? Na motho ea lekang ho u hoka-hoka ka boitšoaro bo sa hloekang o bontša hore o hlile oa u rata?

      Ha moshanyana a qobella ngoanana hore a etse se khahlanong le letsoalo la hae le tsela ea Bokreste eo a koetlisitsoeng ka eona, o tlōla molao oa Molimo ebile o shanofatsa taba ea hore o hlile o rata ngoanana eo. Ho feta moo, ngoanana ea lumellanang le seo o itumella hore a sebelisoe. Ho hobe le ho feta ke hore o tla be a entse ketso e sa hloekang—mohlomong a entse le bohlola.b—1 Bakorinthe 6:9, 10.

      Beha Moeli o Hlakileng

      Haeba ua ratana, u ka etsa’ng ho qoba lipontšo tse sa lokelang tsa lerato? Tsela e bohlale ke hore u behe moeli o hlakileng esale pele. Liproverbia 13:10 e re: “Ho ba rerisanang hammoho ho na le bohlale.” Kahoo buisana le motho eo u ratanang le eena hore na ke lipontšo life tse loketseng tsa lerato. Ho emela ho fihlela le nkehile ke maikutlo a lerato pele le beha moeli ho tšoana le ho emela hore ntlo e che pele le kenya alamo.

      Ke ’nete hore le ka ’na la thatafalloa ho bua ka taba e joalo e amang maikutlo—kapa hona ho hlajoa ke lihlong—haholo-holo haeba e le hona le qalang ho ratana. Empa ho beha meeli ho ka le thusa ho qoba mathata a tebileng a ka ’nang a hlaha hamorao. Ho beha meeli ka bohlale ho tšoana le ha u kentse alamo e lemosang hore hoa cha hang feela ha ho e-ba le mosi. Ho feta moo, ho buisana ha lōna ka lintho tse kang tsena ho ka ’na ha boela ha bontša hore na taba ea lōna e na le moo e eang teng kapa che. Ha e le hantle, motheo oa hore banyalani ba khotsofale ha ba kopanela liphate ke boitšoaro, mamello le ho hloka boithati.—1 Bakorinthe 7:3, 4.

      Ke ’nete hore ha ho bonolo ho khomarela melao ea bomolimo. Empa u ka tšepa keletso eo Jehova a fanang ka eona. Etsoe ho Esaia 48:17, o itlhalosa ka hore ke eena “Ea u rutang hore u itsoele molemo, Ea etsang hore u tsamaee tseleng eo u lokelang ho tsamaea ka eona.” Jehova o u batlela se molemo ka ho fetisisa!

      BALA HO EKETSEHILENG KA TABA ENA BUKENG EA 1, KHAOLONG EA 24

      KHAOLONG E LATELANG

      Ho emela lenyalo ha ho etse hore u be ea sa fellang. Ho e-na le hoo, ke bohlale ho etsa joalo. Bala u utloe lebaka la seo.

      [Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

      a Libakeng tse ling, ha batho ba sa nyalanang ba bontšana lerato ka pel’a batho hoo ho nkoa e le ho sa lokelang le ho khopisang. Bakreste ba hlokolosi hore ba se ke ba itšoara ka tsela e ka khopisang ba bang.—2 Bakorinthe 6:3.

      b Ha e le hantle, lintlha tse boletsoeng serapeng sena li sebetsa ho bashanyana le banana.

      LENGOLO LA SEHLOOHO

      “Lerato . . . ha le itšoare ka mokhoa o sa hlompheheng.”—1 Bakorinthe 13:4, 5.

      KELETSO

      Ha le intša, tsamaeang le le sehlopha, kapa u batle hore le be le molebeli. Qobang ho ba maemong a ka lebisang kotsing, joaloka ho ba ka koloing e pakiloeng kapa ka tlung le le bang.

      NA U NE U TSEBA . . .  ?

      Ha le se le tšepisane lenyalo, ho hlokahala hore le buisane ka lintlha tse itseng tsa botho. Empa ho ipuela puo-phara ka morero oa ho tsosa takatso ea ho kopanela liphate ke mofuta o mong oa boitšoaro bo sa hloekang—ebang le buisana ka fono kapa le romellana melaetsa.

      SEO KE RERANG HO SE ETSA!

      Nka qoba ho hoka-hokeloa boitšoarong bo litšila ka hore ke ․․․․․

      Haeba motho eo ke ratanang le eena a leka ho nkhatella hore ke kopanele boitšoarong bo sa hloekang, ke tla ․․․․․

      Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka tabeng ena ke ․․․․․

      U NAHANA’NG KA SEE?

      ● U tla ipehela moeli ofe tabeng ea ho bontšana lerato?

      ● Hlalosa phapang pakeng tsa bohlola, ho se hloeke le boitšoaro bo hlephileng.

      [Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 46]

      “’Na le mohlankana oa ka re balile hammoho lihlooho tse thehiloeng Bibeleng tse buang ka ho hloeka boitšoarong. Re ananela kamoo li re thusitseng kateng hore re lule re e-na le letsoalo le hloekileng.’’—Leticia

      [Lebokose se leqepheng la 44]

      Ho Thoe’ng Haeba re se re Tlōtse Moeli?

      Ho thoe’ng haeba u kopanetse boitšoarong bo litšila? U se ke ua ithetsa ua nahana hore u ka rarolla bothata boo ka bouena. Mocha e mong o re: “Ke ne ke ee ke rapele, ke re ‘Re kōpa u re thuse hore re se ke ra oela molekong oo hape.’ Ka linako tse ling re ne re atleha, empa ka linako tse ling re hlōleha.” Kahoo buisana le batsoali ba hao. Bibele e boetse e fana ka keletso ena e molemo: ‘Bitsa banna ba baholo ba phutheho.’ (Jakobo 5:14) Balisa bana ba Bakreste ba ka u fa keletso le khalemelo e le hore u tsosolose kamano ea hao le Molimo.

      [Litšoantšo tse leqepheng la 47]

      Na u ne u tla emela hore ntlo ea hao e che pele u kenya alamo? Kahoo u se ke ua emela hore u tsoheloe ke takatso pele u beha melao ea boitšoaro e u tataisang

  • Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho Emela Lenyalo?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
    • Khaolong ea 5

      Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho Emela Lenyalo?

      “Ke tlas’a khatello e khōlō ea hore ke kopanele liphate.”—Kelly.

      “Ke ikutloa ke le mokhelo hore ebe ke ntse ke e-s’o kopanele liphate.”—Jordon.

      “NA U ntse u e-s’o kopanele liphate?” Potso eo ka boeona e ka ’na ea u kenya botlolong! Etsoe libakeng tse ngata mocha ea e-song ho kopanele liphate o nkoa e le ea makatsang, mokhelo. Hase feela bacha ba bangata hakana ba kopanelang liphate le pele ba e-ba lilemo li 20!

      Ho Huloa ke Takatso le ho Susumetsoa ke Lithaka

      Haeba u Mokreste, ua tseba hore Bibele e re u “ile bohlola.” (1 Bathesalonika 4:3) Leha ho le joalo, u ka ’na ua thatafalloa ke ho laola takatso ea ho kopanela liphate. Mohlankana e mong ea bitsoang Paul o re: “Ka linako tse ling ke tleloa ke mohopolo oa ho kopanela liphate ntle ho lebaka.” U se ke ua khathatseha, ho ea bohōleng bo itseng, maikutlo a joalo ke a tlhaho.

      Empa hase ntho e monate ho lula u tlokoa le ho hobosoa ka hore ha u e-s’o kopanele liphate! Ka mohlala, ho thoe’ng haeba lithaka tsa hao li u bolella hore ha u monna kapa mosali oa sebele haeba ha u e-s’o kopanele liphate? Ellen o re: “Lithaka tsa hao li etsa hore eke ho kopanela liphate ke ntho e thabisang, e tloaelehileng. Haeba u sa kopanele liphate, u nkoa u le mohlolo.”

      Empa ho na le taba eo lithaka tsa hao li ka ’nang tsa se ke tsa u bolella eona mabapi le ho kopanela liphate pele ho lenyalo. Ka mohlala, Maria ea ileng a kopanela liphate le mohlankana oa hae oa hopola: “Ka mor’a moo, ke ile ka sala ke soabile ke bile ke le lihlong. Ke ile ka itlhoea ka ba ka hloea le mohlankana oa ka.” Bacha ba bangata ha ba elelloe hore eo ke eona phello e atisang ho ba teng. Bonneteng, ho kopanela liphate pele ho lenyalo hangata ho utloisa motho bohloko maikutlong—’me ho tlisa litholoana tse babang!

      Leha ho le joalo, mocha ea bitsoang Shanda oa botsa, “Ke hobane’ng ha Molimo a entse hore bacha ba be le takatso ea ho kopanela liphate empa a tseba hore ba lokela ho emela lenyalo?” Eo ke potso e utloahalang. Empa nahana ka se latelang:

      Na takatso ea ho kopanela liphate ke eona feela takatso e matla eo u bang le eona? Che. Jehova Molimo o u bōpelletse le matla a ho ba le litakatso tse sa tšoaneng le maikutlo a sa tšoaneng.

      Na u lokela ho ea le takatso e ’ngoe le e ’ngoe hang feela ha e hlaha? Che, Molimo o boetse o u file matla a ho laola liketso tsa hao.

      Joale re ithuta eng? U ka ’na ua se ke ua khona ho thibela litakatso tse itseng hore li be teng, empa u ka khona ho laola tsela eo u itšoarang ka eona ha li le teng. Ruri ho ea le takatso ea ho kopanela liphate neng le neng ha e fihla e ne e tla ba ntho e fosahetseng le e booatla joalokaha nako le nako u ne u ka otla motho e mong ha u ikutloa u halefile.

      ’Nete ke hore ha ho mohla Molimo a ileng a rera hore re sebelise hampe matla ao a re fileng ’ona a ho kopanela liphate. Bibele e re: “E mong le e mong oa lōna a tsebe ho ruela sejana sa hae khalaletsong le tlhomphong.” (1 Bathesalonika 4:4) Feela joalokaha ho e-na le “nako ea ho rata le nako ea ho hloea,” ho boetse ho na le nako ea ho ea le takatso ea ho kopanela liphate le nako ea ho ithiba. (Moeklesia 3:1-8) Ha e le hantle, ke uena ea laolang litakatso tsa hao!

      Empa u ka etsa’ng haeba e mong a u soma, ka ho se kholoe hohle a re, “Na u tiile u ntse u e-s’o kopanele liphate?” U se ke ua tšoha. Ho motho eo sepheo sa hae e leng feela ho u kenyetsa mahlo, u ka ’na ua re: “Ehlile ke ntse ke e-s’o kopanele liphate, ebile ua tseba ke’ng? Ke motlotlo hore ebe ho joalo!” Kapa u ka ’na ua re: “Eo ke taba ea botho eo ke sa tsamaeeng ke bua le batho ka eona.”a (Liproverbia 26:4; Bakolose 4:6) Ka lehlakoreng le leng, u ka ’na ua hlokomela hore motho ea u botsang o tšoanetse ho tseba ho eketsehileng. Boemong boo, u ka ’na ua khetha ho mo hlalosetsa boemo ba hao bo thehiloeng Bibeleng.

      Na u ka nahana litsela tse ling tseo u ka arabelang motho ea lekang ho u soma ka hore “Na u tiile u ntse u e-s’o kopanele liphate?” Haeba li teng, li ngole ka tlaase mona.

      ․․․․․

      Mpho ea Bohlokoahali

      Molimo o ikutloa joang ha batho ba etsa qeto ea ho kopanela liphate pele ba kena lenyalong? Ak’u nahane u reketse motsoalle oa hao mpho e itseng. Empa le pele u mo fa eona, ka bohelehele o bula mpho eo! Na u ne u ke ke ua utloa bohloko? Joale nahana hore na Molimo o tla ikutloa joang ha u ne u ka kopanela liphate pele u kena lenyalong. O batla hore u emele lenyalo e le hore u thabele mpho ea ho kopanela liphate.—Genese 1:28.

      U lokela ho etsa’ng ha u ba le takatso ea ho kopanela liphate? Ithute ho e laola. U na le matla a ho etsa joalo! Rapela Jehova hore a u thuse. Moea oa hae o ka u matlafatsa hore u be le boitšoaro. (Bagalata 5:22, 23) Hopola hore Jehova “a ke ke a hanela ba tsamaeang ka ho hloka molato ka ntho leha e le efe e ntle.” (Pesaleme ea 84:11) Mocha ea bitsoang Gordon o re: “Ha ke fihleloa ke monahano oa hore ho kopanela liphate pele ho lenyalo hase ntho e mpe hakaalo, ke nahana ka liphello tse mpe tsa ho senyeheloa ke kamano eo ke nang le eona le Jehova ’me kea lemoha hore ha ho na sebe se monate hoo nka telang kamano ea ka le eena.”

      ’Nete ke hore hase mohlolo ha motho a e-s’o kopanele liphate, ebile hase ntho e makatsang. Boitšoaro bo litšila ba ho kopanela liphate ke bona bo theolang motho seriti, bo tlotlollang le bo kotsi. Ka hona, u se ke ua lumella mashano a lefatše lena hore a u susumetse ho nahana hore ho na le phoso e itseng ka uena ha u latela melao-motheo ea Bibele. Ho lula u sa kopanele liphate ho u sireletsa ’meleng, maikutlong ebile ho etsa hore u lule u thabile, ’me habohlokoa le ho feta, ho sireletsa kamano ea hao le Molimo.

      BALA HO EKETSEHILENG KA TABA ENA BUKENG EA 1, KHAOLONG EA 24

      [Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

      a Hoa thahasellisa hore ebe Jesu o ile a khetha ho thola ha Heroda a ne a mo botsa lipotso. (Luka 23:8, 9) Hangata tsela e molemo ea ho sebetsana le lipotso tse sa hlokahaleng ke ho se li arabe.

      LENGOLO LA SEHLOOHO

      “Haeba leha e le mang . . . a entse qeto ena ka pelong ea hae, hore a boloke bosoha ba hae, o tla etsa hantle.”—1 Bakorinthe 7:37.

      KELETSO

      U se ke ua tloaelana le batho ba sa hlompheng melao ea boitšoaro bo botle, esita le haeba e le bao u leng bolumeling bo le bong le bona.

      NA U NE U TSEBA . . .  ?

      Batho ba sa khoneng ho itšoara tabeng ea ho kopanela liphate ba ka ’na ba sitoa ho fetola mekhoa ea bona leha ba se ba le lenyalong. Ka lehlakoreng le leng, ho ka etsahala hore ba tšepahallang melao ea boitšoaro ea Molimo pele ba kena lenyalong ba tšepahalle balekane ba bona ha ba se ba le lenyalong.

      SEO KE RERANG HO SE ETSA!

      Haeba ke batla ho emela lenyalo pele ke kopanela liphate, ke tla lokela ho ․․․․․

      Haeba bao ke tloaelaneng le bona ba etsa hore ho be thata ho ema qetong eo ke e entseng, ke tla ․․․․․

      Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka tabeng ena ke ․․․․․

      U NAHANA’NG KA SEE?

      ● U nahana hore ke hobane’ng ha bacha ba bang ba soma ba e-song ho kopanele liphate?

      ● Ke hobane’ng ha ho le boima hore mocha a lule a sa kopanele liphate?

      ● Melemo ea ho emela lenyalo pele u kopanela liphate ke efe?

      ● U ka hlalosetsa ngoan’eno e monyenyane joang ka melemo ea hore a lule a sa kopanele liphate?

      [Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 51]

      “Ho lula ke hopola hore ‘ha ho sehlola kapa motho ea sa hloekang ea nang le lefa leha e le lefe ’musong oa Molimo’ ho nthusa hore ke hanele teko ea ho kopanela liphate.’’ (Baefese 5:5)—Lydia

      [Lebokose se leqepheng la 49]

      Lintlha Tseo U li Ngotseng

      Ke Eng e Hlileng e Etsahalang ka Mor’a Moo?

      Lithaka tsa hao hammoho le ba mecha ea boithabiso bo tloaelehileng, hangata ka masene ba pata liphello tse bohloko tsa ho kopanela liphate pele u kena lenyalong. Hlahloba liketsahalo tse tharo tse latelang. U nahana hore ke eng e tla hle e etsahale ho bacha baa?

      ● Moshanyana eo u kenang sekolo le eena o ithorisa ka hore eena o robetse le banana ba bangata. O re ke ntho e monate—ha ho na motho ea utloang bohloko. Ke eng e hlileng e etsahalang ka mor’a moo—ho eena le ho banana bao? ․․․․․

      ● Ha filimi e fela, e bontša bacha ba babeli ba sa nyalanang ba bontšana lerato ka ho kopanela liphate. Ka mor’a moo ho tla etsahala eng—bophelong ba sebele? ․․․․․

      ● U kopana le moshanyana e motle ea u kōpang hore u robale le eena. O re ha ho na motho ea tla tseba ka taba ena. Ha u lumela ’me u leka ho pata taba ena, ke eng e tla hle e etsahale ka mor’a moo? ․․․․․

      [Setšoantšo se leqepheng la 54]

      Ho kopanela liphate pele u kena lenyalong ho tšoana le ho bula mpho pele u e fuoa

  • Ho Etsahala’ng ka ’Mele oa Ka?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
    • Khaolong ea 6

      Ho Etsahala’ng ka ’Mele oa Ka?

      “Ke ile ka ba molelele ka potlako haholo. Ho ne ho le bohloko. Le hoja ke ne ke thabetse ho hōla, ke ne ke tšoaroa ke likerempe maotong. Ke ne ke sa ho rate!”—Paul.

      “Ua lemoha hore ’mele oa hao oa fetoha, empa u tšepa hore ba bang ha ba lemohe. E se ka pelo e mpe, joale motho e mong o u bolella hore ua hōla joale, ‘letheka la hao le ba sephara hamonatjana’—ekare u ka re lefatše ngamoha ke kene!”—Chanelle.

      NA LELAPA leno le se le kile la fallela sebakeng se seng? Ha ho pelaelo hore phetoho eo e ile ea e-ba boima, na ha ho joalo? U ne u siea ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e tloaetseng—ntlo eno, sekolo seo u neng u se kena le metsoalle ea hao. Ho ka etsahala hore ebe ho ile ha nka nako hore u tloaele tikoloho e ncha.

      Ha u qala ho kena bohlankaneng kapa boroetsaneng—e leng nakong eo ’mele o fetohang ho ba oa motho e moholo—ho ba le liphetoho tse khōlō bophelong. Ka tsela ea tšoantšetso, u fallela “sebakeng” se secha. Na ke ntho e thabisang? E! Empa ho fetela boemong ba ho ba motho e moholo ho ka tsamaea le maikutlo a sa tšoaneng, ’me ho ka ’na ha se ke ha e-ba bonolo ho tloaela boemo boo. Ho etsahala’ng nakong ee e thabisang empa hape e le e ferekanyang bophelong?

      Liphetoho Tse Bang Teng ho Banana

      Ho kena boroetsaneng ke nako ea phetoho e khōlō. Tse ling tsa liphetoho tseo u bang le tsona li tla hle li bonahale. Ka mohlala, lihormone li etsa hore u hlahe moriri ho potoloha litho tsa botho. Hape, u tla hlokomela hore matsoele a hao, liqholo, lirope le marao lia hōla. Butle-butle ’mele oa hao o tlohela ’mele oa bongoana ’me o nka sebōpeho sa bosali. Sena ha sea lokela ho u tšosa, ke ntho e tloaelehileng. Ke bopaki ba hore ’mele oa hao o itokisetsa nako eo ka eona u tla khona ho ba le bana!

      Nakoana hoba u kene boroetsaneng, u tla qala ho ea matsatsing. Haeba u sa ka ua bolelloa hantle ka ketsahalo ena ea bohlokoa bophelong u ka tšoha haholo. Samantha oa hopola: “Ho ea matsatsing ho ile ha ntlhaha lesumatha. Ke ne ke ikutloa ke le litšila. Ke ne ke qeta nako ke ikhohla ka shaoareng ’me ka pelong ke ntse ke re, ‘Ke hore ha kea hloeka.’ Ke ne ke tšoha ha ke nahana hore khoeli e ’ngoe le e ’ngoe ke ne ke tla ea matsatsing ka lilemo tse ngata tse tlang!”

      Leha ho le joalo, hopola hore ho ea matsatsing ke bopaki ba hore u ba le matla a ho ba le bana. Le hoja ho tla nka lilemo hore u be ’mè, hona joale u ba boemong ba ho ba mosali. Leha ho le joalo, ho qala ho ea matsatsing ho ka u tšoenya haholo. Kelli o re: “Ntho e thata ka ho fetisisa eo ke neng ke sebetsana le eona e ne e le ho feto-fetoha ha maikutlo. Ke ne ke ferekana haholo ke ho se utloisise hore na ke hobane’ng ha ke ne ke khona ho thaba haholo letsatsi lohle, ebe bosiung ba letsatsi lona leo ke lla hore likhopo li be bohloko.”

      Haeba ke tsela eo u ikutloang ka eona hona joale, u se ke ua fela pelo. Ha nako e ntse e feta, u tla tloaela. Annette ea lilemo li 20, o re: “Ke hopola nako eo qetellong ke ileng ka tlameha ho amohela hore sena se lokela ho etsahala e le hore ke be mosali le hore Jehova o mphile mpho ea hore ke be le bana. Ho nka nako hore u tloaele, ’me banana ba bang ba thatafalloa haholo; empa ha nako e ntse e feta u tla ithuta ho amohela liphetoho.”

      Na u se u qalile ho ba le liphetoho tse ling ’meleng tse boletsoeng ka holimo? Meleng e latelang, ngola lipotso leha e le life tseo u nang le tsona ka liphetoho tse u hlahelang.

      ․․․․․

      Liphetoho Tse Bang Teng ho Bashanyana

      Haeba u moshanyana, ho kena bohlankaneng ho tla ama ponahalo ea hao haholo. Ka mohlala, letlalo la hao le ka ’na la lula le le mafura, ua ba le makhopho le lihloba.a Matt ea lilemo li 18 o re: “Ruri hoa tena ebile hoa ferekanya ho tsoa makhopho. Ke ntoa ea sebele—u lokela ho a loantša. Ha u tsebe hore na ebe a tla ke a fele, kapa hore na a tla siea matheba, kapa hona hore na batho ba tla u nkela fatše ka lebaka la ’ona kapa che.”

      Leha ho le joalo, karolo e thabisang ke ea hore u ka ’na ua lemoha hore ’mele oa hao oa hōla ebile u ba matla haholoanyane le mahetla a hao a qala ho ba batsi. Hape nakong ea ho kena bohlankaneng, u ka ’na ua hlaha mohoete maotong, sefubeng le mahafing esita le ho hlaha litelu. Empa hore na u hlaha mohoete o mongata hakae ha ho moo ho amanang teng le ho ba monna oa sebele; ke feela taba ea lefutso.

      Kaha litho tse fapaneng tsa ’mele ha li hōle ka lebelo le lekanang, u ka ’na ua etsa lintho ka bothotonyana bo itseng nakong ena. Dwayne o re: “E ne eka ke thuhlo e palame li-roller skate. Ho ne ho bonahala eka ha boko ba ka bo romela molaetsa o reng etsa tjena, matsoho le maoto ’ona a fumana molaetsa oo ka mor’a beke!”

      Ha u batla u le lilemo li 15, lentsoe la hao lea teba, empa sena se etsahala butle. U ka ’na ua qeta nako e itseng u ntse u bua ka lentsoe le tebileng, ebe ka tšohanyetso le se le falesa ka tsela e u soabisang. Empa u se ke ua tšoenyeha. Qetellong, lentsoe la hao le tla loka. Hajoale, ho ithuta ho itšeha ho tla u thusa hore u fokotse ho hlajoa ke lihlong.

      Ha matla a ho etsa bana a ntse a hōla, litho tsa hao tsa botona li tla hōla ’me ho hlahe moriri ho li potoloha. Li tla boela li hlahise lero la peō ea botona. Lero lena le na le lisele tsa peō ea botona tse ngata haholo tse sa bonahaleng ka mahlo, tse tsoang ha motho a kopanela liphate le e mong. Sele ea peō ea botona e ka emolisa lehe la mosali hore ngoana a be teng.

      Lero lena le bokellana ka har’a ’mele oa hao. ’Mele o monya le leng, empa nako le nako le leng le ka ’na la tsoa ha u robetse bosiu. Ka tloaelo ketsahalo ena e bitsoa ho tsoa ha mohlapo. Ketsahalo ena ke ea tlhaho. Bibele le eona e bua ka eona. (Levitike 15:16, 17) E bontša hore matla a hao a ho ba le bana aa sebetsa ’me u kena bonneng.

      Na u se u qalile ho ba le e ’ngoe ea liphetoho tse boletsoeng ka holimo? Meleng e latelang, ngola lipotso leha e le life tseo u nang le tsona ka liphetoho tse u hlahelang.

      ․․․․․

      Ho Sebetsana le Maikutlo a Macha

      Ha matla a ho ba le bana a ntse a hōla, bashanyana ba lemoha banana ho feta leha e le neng pele ’me ho joalo le ka banana. Matt o re: “Ha ke kena bohlankaneng, ke ile ka qala ho bona hore na banana ba batle ba bangata hakaakang! Seo se ne se mpherekanya haholo hobane ke ne ke tseba hore ha ho seo nka se etsang ho fihlela ke se ke le moholo.” Khaolo ea 29 ea buka ena e tla tšohla ka ho eketsehileng karolo ena ea ho hōla. Leha ho le joalo, hajoale u lokela ho lemoha hore ke habohlokoa hore u ithute ho laola takatso ea hao ea ho kopanela liphate. (Bakolose 3:5) Le hoja ho bonahala eka ho thata, u ka khetha ho se ee le eona!

      Ho na le maikutlo a mang ao u ka ’nang ua lokela ho sebetsana le ’ona nakong ea ha u kena bohlankaneng kapa boroetsaneng. Ka mohlala, ho bonolo haholo hore u ikutloe eka ha u motho oa bohlokoa. Hangata bacha ba jeoa ke bolutu, ’me ka linako tse ling baa nyahama. Linakong tse joalo, ho molemo hore u bue le motsoali kapa motho e mong e moholo eo u mo tšepang. Ngola lebitso la motho e moholo eo u ka buisanang le eena ka tsela eo u ikutloang ka eona.

      ․․․․․

      Khōlo ea Bohlokoahali

      Khōlo ea hao ea bohlokoahali ha e ame bolelele ba hao, seemo kapa litšobotsi, empa e ama khōlo ea seo u tlang ho ba sona—kelellong, maikutlong, ’me ka holim’a tsohle, moeeng. Moapostola Pauluse o itse: “Ha ke ne ke le ngoana, ke ne ke bua joaloka ngoana, ke nahana joaloka ngoana, ke beha mabaka joaloka ngoana; empa kaha joale ke monna, ke lahlile mekhoa ea bongoana.” (1 Bakorinthe 13:11) Hoa hlaka hore ho shebahala joaloka motho e moholo hase hona feela ho hlokahalang. U lokela ho ithuta ho itšoara joaloka motho e moholo, ho bua joaloka eena le ho nahana joaloka eena. U se ke ua ameha ka se etsahalang ’meleng hoo u hlokomolohang ho ntlafatsa botho ba hao!

      Hape hopola hore Molimo “o bona seo pelo e leng sona.” (1 Samuele 16:7) Bibele e re Morena Saule o ne a le molelele a bile a le motle, empa o ile a hlōleha boreneng le bophelong. (1 Samuele 9:2) Ho fapana le eena, Zakiase “o ne a le mokhutšoanyane ka seemo,” empa o ile a ba le matla a ho fetola bophelo ba hae ’me ea e-ba morutuoa oa Jesu. (Luka 19:2-10) Ka ho hlakileng, seo motho a hlileng a leng sona ke sona sa bohlokoa haholo.

      ’Nete ke hore: Ha ho na mokhoa o sireletsehileng oa ho potlakisa ho hōla ’meleng kapa ho ho liehisa. Ka hona, ho e-na le hore u tlale bohale le tšabo, ho amohele hantle—u be u itšehe ka linako tse ling. Ho kena bohlankaneng kapa boroetsaneng hase bokuli, ebile hase uena oa pele ea hlaheloang ke sena. Kholiseha hore u tla feta nako ena ka katleho. Ha moferefere oa ho kena bohlankaneng kapa boroetsaneng o fetile, u tla be u le motho e moholo!

      KHAOLONG E LATELANG

      Ho thoe’ng haeba u sa rate seo u se bonang ha u icheba ka seiponeng? U ka ba le maikutlo a loketseng joang mabapi le tsela eo u shebahalang ka eona?

      [Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

      a Banana le bona ba ba le bothata bona. Hangata bo ka laoloa ka hore letlalo le hlokomeloe hantle ka lintho tse loketseng.

      LENGOLO LA SEHLOOHO

      “Ke tla u roka hobane ka tsela e tšosang ke entsoe ka mokhoa o hlollang.”—Pesaleme ea 139:14.

      KELETSO

      Ha ’mele oa hao o qala ho hōla, qoba ho apara ka tsela e ka tsosang takatso. Kamehla apara “ka boitlhompho le ho hlaphoheloa kelellong.”—1 Timothea 2:9.

      NA U NE U TSEBA . . .  ?

      U ka qala ho kena bohlankaneng kapa boroetsaneng ha u le lilemo li robeli kapa hamorao u se u ka ba lilemo li 16. Ha ho na lilemo tseo ho ka thoeng ke tsona tse loketseng.

      SEO KE RERANG HO SE ETSA!

      Ha ke ntse ke fetoha motho e moholo, ke batla ho sebeletsa haholo ho ntlafatseng tšobotsi ea ․․․․․

      E le hore ke hōle moeeng, ke tla ․․․․․

      Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka tabeng ena ke ․․․․․

      U NAHANA’NG KA SEE?

      ● Ke hobane’ng ha ho le thata hakaale ho sebetsana le liphetoho tse bang teng ’meleng le maikutlong ha u kena bohlankaneng kapa boroetsaneng?

      ● U thatafalloa ke eng haholo nakong ee ea liphetoho?

      ● Ke hobane’ng ha lerato la hao ho Molimo le ka ’na la fokotseha nakong ea ho kena bohlankaneng kapa boroetsaneng, empa u ka etsa joang hore see se se ke sa etsahala?

      [Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 61]

      “Ha u kena bohlankaneng kapa boroetsaneng ho ba le lintho tse ngata tse etsang hore u lule u tsitsipane, ha ho mohla u tsebang hore na ke phetoho efe e latelang. Empa ha u ntse u hōla, u ithuta ho amohela liphetoho tseo le ho li thabela.’’—Annette

      [Lebokose se leqepheng la 63, 64]

      Nka Buisana le Ntate Kapa ’mè Joang ka Taba ea ho Kopanela Liphate?

      “Haeba ke e-na le potso mabapi le ho kopanela liphate, nke ke ka botsa batsoali ba ka.”—Beth.

      “Nke ke ka ba sebete sa ho bua ka taba eo.”—Dennis.

      Haeba u tšoana le Beth le Dennis, u bothateng bo boholo. U batla ho tseba ka taba ea ho kopanela liphate, empa batho ba nang le likarabo e ka ’na ea e-ba bona bao u sa batleng ho ba botsa—e leng batsoali! U tšoengoa ke lintho tse ngata:

      Ebe ba tla nahana hore ke ngoana ea joang?

      “Nke ke ka rata hore ba mpelaelle hobane ke ba botsitse.”—Jessica.

      “Ba batla hore u lule u ntse u le ngoana ’me u sa tsebe letho ho ea ho ile, ’me mohla u ba botsang ka taba ea ho kopanela liphate, ha ba sa u nka u le ngoana hakaalo joaloka pele.”—Beth.

      Ba tla ikutloa joang?

      “Ke tšaba hore batsoali ba ka ba tla potlakela ho etsa qeto ebe le pele ke qeta ho bua ke se ke lula majoana.”—Gloria.

      “Batsoali ba ka ha ba tsebe ho pata maikutlo a bona, ka hona, ke tla tšaba ho bona ha lifahleho tsa bona li apareloa ke masoabi. Ha e le hantle, ha ke ntse ke bua, Ntate o tla be a ntse a nahana ka thata hore na o tla re’ng ha a nkhalemela.”—Pam.

      Na ba tla utloisisa hampe lebaka leo ke botsang ka lona?

      “Ba ka ’na ba feteletsa taba ’me ba qala ho botsa lipotso tse kang, ‘Na u bile tekong ea ho kopanela liphate?’ kapa ‘Na lithaka tsa hao li u hatella hore u kopanele liphate?’ Empa mohlomong u mpa u thahasella ho tseba.”—Lisa.

      “Ha nka bua ka moshanyana feela, kamehla Ntate o bontša ho tšoenyeha. Ka mor’a moo, o qala ho bua le ’na ka taba ea ho kopanela liphate. Ebe ka pelong ke re, ‘Ntate, ke ne ke mpa ke re o motle. Ha ke e-s’o re letho ka lenyalo kapa ka ho kopanela liphate!’”—Stacey.

      U ka ’na ua khothatsoa ke ho tseba hore batsoali ba hao ba thatafalloa ho bua le uena ka taba ea ho kopanela liphate joalokaha le uena u thatafalloa ho bua le bona! Mohlomong lena ke lona lebaka le entseng hore phuputsong e ’ngoe e ileng ea etsoa, ho fumanehe hore ke batsoali ba etsang liphesente tse 65 feela ba reng ba ile ba buisana le bana ba bona ka taba ea ho kopanela liphate, empa e le bana ba etsang liphesente tse 41 feela ba reng bona ba hopola ba buisana le batsoali ka taba eo.

      Taba ke hore batsoali ba ka ’na ba e-ba leqe ho buisana le uena ka ho kopanela liphate. Hangata batsoali ba bona le bona ha baa ka ba bua letho ho bona! Ho sa tsotellehe hore na lebaka la bona ke lefe, u se ke ua ba fella pelo. Mohlomong u ka iteta sefuba ua bua le bona ka taba eo, ’me ho tla u tsoela molemo, le bona ho ba tsoele molemo. U ka qala ho bua ka taba ee joang?

      Kamoo U ka Qalang Kateng

      Batsoali ba hao ba na le bohlale bo bongata le likeletso tabeng ea ho kopanela liphate. U hloka feela mokhoa oa ho qalisa moqoqo. Leka mekhoa e latelang:

      1 Hl’u ba bolelle hore ha ho bonolo ho bua le bona ka taba ena. “Ke tšaba ho bua le uena ka taba ena hobane ke tšaba hore u ka ’na ua nahana hore . . . ”

      2 Joale bolella motsoali oa hao hore na ke hobane’ng ha u khethile ho bua le eena. “Empa ke na le potso eo nka ratang hore e arabeloe ke uena, eseng motho leha e le ofe.”

      3 Joale botsa potso. “Ke botsa hore na . . . ”

      4 Ha le qeta ho bua, etsa bonnete ba hore monyetla oa ho bua hape o ’ne o be teng nakong e tlang. “Haeba nka ba le lipotso tse ling, na nka u botsa tsona?”

      Esita le haeba u tseba hore a ke ke a hana, ho utloa ha motsoali a lumela ho tla bula monyetla oo ’me ho tla etsa hore u ikutloe u lokolohile nakong e tlang ha u batla ho bua le eena. Joale, ak’u ho leke! U ka ’na ua qetella u lumellana le Trina. Hona joale o na le lilemo tse 24, ’me o re: “Nakong eo ke neng ke buisana le ’Mè ka eona, ke hopola hantle hore ke ile ka lakatsa eka re ka be re sa bue ka taba eo ho hang. Empa hona joale kea leboha hore ebe ’Mè o ile a mphutholohela joalo. Seo se ntširelelitse haholo!”

      [Setšoantšo se leqepheng la 59]

      Ho furalla bongoana ho ka tšoana le ho fallela sebakeng se hōle le haeno—empa u tla tloaela boemo

  • Nka Qoba Bosodoma Joang?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
    • Khaolong ea 28

      Nka Qoba Bosodoma Joang?

      “Ha ke sa le lilemong tsa bocha, ke ne ke loana le maikutlo a ho khahloa ke bashanyana ba bang. Botebong ba pelo ke ne ke tseba hore mehopolo e joalo ha ea lokela.”—Olef.

      “’Na le motsoalle oa ka oa ngoanana re kile ra sunana ka makhetlo a seng makae. Kaha ke ne ke ntse ke khahloa ke bashanyana, ke ne ke ipotsa hore na ebe ke khahloa ke banana le bashanyana ka tsela e tšoanang.”—Sarah.

      BATHO ba bangata ba ke ke ba latola hore kajeno ho buuoa ka bosodoma pepenene ho feta lilemong tse mashome tse fetileng. Ak’u leke feela u re ke ntho e fosahetseng! U ka ’na ua nyatsuoa habohloko. Amy ea lilemo li 16 o re: “Ngoanana e mong o ile a mpolella hore ke tlameha ke e-na le khethollo ea morabe, hobane tsela eo ke ikutloang ka eona ka bosodoma le eona ke khethollo!”

      Moea o renang kajeno oa ho lumella ntho e ’ngoe le e ’ngoe o entse hore bacha ba bangata ba ratane le ba bang ba bong bo tšoanang le ba bona. Becky ea lilemo li 15 o re: “Banana ba bangata sekolong seo ke kenang ho sona ba re bona ke basodoma, kapa ba rata banana le bashanyana ka ho tšoana, kapa ba bohelehele ho tseba hore na ho joang ho kopanela liphate le ba batona le ba batšehali.” Christa ea lilemo li 18 le eena o re ho joalo le sekolong seo a kenang ho sona. O re: “Ha e le hantle, ke se ke ile ka ferehoa ke banana ba babeli. E mong o ile a ’ngolla a mpotsa hore na ha ke batle ho tseba hore na ho joang ho robala le ngoanana e mong.”

      Kaha joale bosodoma ha e sa le ntho e patoang, u ka ’na ua ipotsa: ‘Na bosodoma bo hlile bo bobe hakaalo? Ho thoe’ng haeba ke khahloa ke motho oa bong bo tšoanang le ba ka? Na seo se bolela hore ke mosodoma?’

      Molimo o Nka Bosodoma Joang?

      Kajeno, batho ba bangata—esita le baruti ba bang—ba bebofatsa bosodoma. Leha ho le joalo, Lentsoe la Molimo, Bibele, le totobetse tabeng ena. Le re bolella hore Molimo o entse monna le mosali le hore o ne a rerile hore takatso ea ho kopanela liphate e khotsofatsoe ke monna le mosali ba nyalaneng feela. (Genese 1:27, 28; 2:24) Ka hona, ha ho makatse hore ebe Bibele e nyatsa liketso tsa bosodoma.—Baroma 1:26, 27.

      Ba bang ba ka ’na ba re Lentsoe la Molimo le feletsoe ke nako. Empa u nahana hore ke hobane’ng ha ba potlakela ho bua joalo? Na ebe ke hobane maikutlo a Bibele a fapana le a bona? Ba bangata ba hana Lentsoe la Molimo hobane feela le ruta ntho e fapaneng le eo bona ba batlang ho e lumela. Leha ho le joalo, pono eo e fosahetse ’me ha rea lokela ho susumetsoa ke maikutlo ao a bontšang ho se nahane ka ho teba!

      Empa ho thoe’ng haeba u khahloa ke motho oa bong bo tšoanang le ba hao? Na joale seo se bolela hore u mosodoma? Che. Hopola hore u sa le ‘paleseng ea bocha,’ nako eo ka eona ho iketsahallang feela hore u tsoheloe ke takatso ea ho kopanela liphate. (1 Bakorinthe 7:36) Haeba ka linako tse ling u ikutloa u khahloa ke motho oa bong bo tšoanang le ba hao, kholiseha hore sena ha se bolele hore u mosodoma. Ha nako e ntse e ea, maikutlo a joalo a atisa ho fela. Leha ho le joalo, u se ke ua kenella liketsong tsa bosodoma. U ka etsa seo joang?

      Rapella taba ena. Rapela Jehova ka tieo joaloka Davida ea ileng a re: “Mpatlisise ka hohle, Molimo, ’me u tsebe pelo ea ka. Ntlhahlobe, ’me u tsebe menahano ea ka e ntlhokisang botsitso, u bone hore na ho na le tsela leha e le efe e bohloko ka ho ’na, u ntsamaise tseleng ea nako e sa lekanyetsoang.” (Pesaleme ea 139:23, 24) Jehova a ka u matlafatsa ka khotso e “fetang monahano oohle.” Sena se ka ‘lebela pelo ea hao le matla a hao a kelello’ ’me sa u fa “matla a fetang se tloaelehileng” hore u se ke ua ea le litakatso tse fosahetseng.—Bafilipi 4:6, 7; 2 Bakorinthe 4:7.

      Lula u nahana ka lintho tse hahang. (Bafilipi 4:8) Bala Bibele letsatsi le letsatsi. Le ka mohla u se ke ua halala matla a eona a ho susumelletsa kelello le pelo ea hao botleng. (Baheberu 4:12) Mohlankana e mong ea bitsoang Jason o re: “Bibele e nkamme ka tsela e matla haholo, ho akarelletsa mangolo a kang 1 Bakorinthe 6:9, 10 le Baefese 5:3. Neng le neng ha ke e-ba le takatso e fosahetseng ke bala mangolo ana.”

      Qoba litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro le boitsebiso leha e le bofe bo buellang bosodoma. (Bakolose 3:5) Qoba ntho leha e le efe e ka tsosang takatso ea boitšoaro bo litšila. Lintho tsena li ka akarelletsa litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro, mananeo a mang a TV le libaesekopo tse ling, mohlomong le limakasine tsa feshene kapa tsa batho ba hahang ’mele tse hlahisang batho ba batlang ba sa apara. Ha u fihleloa ke mehopolo e mebe, nahana ka lintho tse nepahetseng. Mohlankana e mong ea lilemong tsa bocha o re: “Neng le neng ha ke khahloa ke bashanyana ba bang, ke nahana ka temana ea Bibele eo ke e ratang ka ho fetisisa.”

      Ke ’nete hore ba bang ba re ho etsa sena ke ho hamela letanteng, ho molemo hore u mpe u ‘ikamohele kamoo u leng kateng.’ Empa Bibele eona e re u ka etsa se molemo ho feta seo! Ka mohlala, e re bolella hore Bakreste ba bang ba pele bao e neng e kile ea e-ba basodoma ba ile ba fetoha. (1 Bakorinthe 6:9-11) Le uena u ka hlōla ntoeng ena—esita le haeba hona joale e ntse e kupa ka pelong feela.

      Ho thoe’ng haeba u ntse u tsoela pele ho khahloa ke batho ba bong bo tšoanang le ba hao? U se ke ua ho lumella! Jehova o nyatsa liketso tsa bosodoma. Ka hona, ho na le seo motho ea loanang le maikutlo a ho khahloa ke batho ba bong bo tšoanang le ba hae a ka se etsang—a ka khetha ho se latele maikutlo ao!

      Ho etsa mohlala: Motho e ka ’na ea e-ba “ea ratang ho halefa.” (Liproverbia 29:22) Nakong e fetileng, e ka ’na eaba o ile a itlohella hore a hlōloe ke khalefo. Leha ho le joalo, ka mor’a ho ithuta Bibele o hlokomela hore ho hlokahala hore a ithibe. Na see se bolela hore le ka mohla a ke ke a hlola a ikutloa a tlala khalefo? Che. Leha ho le joalo, kaha o tseba seo Bibele e se buang ka bohale bo sa laoleheng, o tla ithiba hore a se ke a hlōloa ke maikutlo.

      Hoa tšoana le ka motho ea khahloang ke batho ba bong bo tšoanang le ba hae empa joale a se a ithutile seo Bibele e se bolelang ka mekhoa ea bosodoma. Ka linako tse ling, motho o ntse a ka ba le takatso e fosahetseng. Empa haeba motho a talima bosodoma ka tsela eo Jehova a bo talimang ka eona, o tla fumana matla a ho hanela takatso eo.

      U se ke Ua Tela!

      Haeba u loana le maikutlo a ho khahloa ke batho ba bong bo tšoanang le ba hao, u ka ’na ua ikutloa ka tsela e tšoanang le ea mohlankana e mong ea ileng a re: “Ke lekile ho fetola tsela eo ke ikutloang ka eona. Ke rapetse Jehova hore a nthuse. Ke balile Bibele. Ke mametse lipuo tse buang ka taba ena. Ha ke sa tseba joale hore na ke etse eng.”

      Haeba u boemong boo, ho hlakile hore u tšoere tau ka litlena. Ha ho pheko e bonolo. Leha ho le joalo, mang le mang ea batlang ho thabisa Molimo o lokela ho phela tumellanong le melao ea Hae ea boitšoaro ’me a qobe boitšoaro bo litšila, esita le haeba ho etsa joalo ho le boima haholo. Le ka mohla u se ke ua lebala hore Molimo o utloisisa ntoa eo u e loanang le hore o utloela batho ba mo sebeletsang bohloko.a (1 Johanne 3:19, 20) Ha u mamela litaelo tsa Molimo, u ipulela monyetla oa ho fumana litlhohonolofatso tsa hae. Ha e le hantle, ho mamela litaelo tsa Molimo “ho na le moputso o moholo.” (Pesaleme ea 19:11) Esita le hona joale, u tla phela ka tsela e molemo ka ho fetisisa lefatšeng lena le tletseng likhathatso.

      Ka hona, itšetlehe ka Molimo ’me u loantše litakatso tse fosahetseng. (Bagalata 6:9) Leka ka matla ho ‘nyonya se khopo le ho khomarela se molemo.’ (Baroma 12:9) Ha u etsa boiteko, ka mor’a nako mohlomong u tla hlokomela hore litakatso tseo tse fosahetseng lia fela. Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ke hore, haeba u qoba ho kenella mekhoeng ea bosodoma, u tla ba le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng le lecha le lokileng la Molimo.

      KHAOLONG E LATELANG

      U ka laola maikutlo a hao joang haeba u khahloa ke ngoanana kapa moshanyana?

      [Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

      a Mokreste ea entseng boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate o lokela ho batla thuso ea baholo ka phuthehong.—Jakobo 5:14, 15.

      LENGOLO LA SEHLOOHO

      “Ntlhahlobe, ’me u tsebe menahano ea ka e ntlhokisang botsitso, u bone hore na ho na le tsela leha e le efe e bohloko ka ho ’na.”—Pesaleme ea 139:23, 24.

      KELETSO

      E le hore u be le pono e nepahetseng ka ho ba monna oa sebele, ithute mohlaleng oa Jesu. (1 Petrose 2:21) E ne e le mohlala o phethahetseng oa monna ea matla ea bileng a leng mosa.

      NA U NE U TSEBA . . . ?

      Le hoja mohlomong u ke ke ua laola ka ho feletseng litakatso tseo u bang le tsona, u ka laola liketso tsa hao. U ka khetha ho se latele litakatso tse fosahetseng.

      SEO KE RERANG HO SE ETSA!

      Haeba motho e mong a mpotsa hore na ke hobane’ng ha Bibele e nyatsa bosodoma, ke tla re ․․․․․

      Haeba motho e mong a re pono ea Bibele e bontša leeme, ke tla mo behela mabaka ka ho re ․․․․․

      Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka tabeng ena ke ․․․․․

      U NAHANA’NG KA SEE?

      ● Ke hobane’ng ha Molimo a nyatsa bosodoma?

      ● U ka nka mehato efe e molemo e le hore u qobe ho oela lerabeng la bosodoma?

      ● Na ho amohela pono ea Molimo ka bosodoma ho bolela hore u hloile basodoma?

      [Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 236]

      “Boikutlo bo fosahetseng ba lefatše bo ile ba ama tsela eo ke nahanang ka eona ’me ba mpherekanya le ho feta tabeng ea hore na ebe ke mosodoma kapa che. Hona joale ke qoba ntho leha e le efe kapa motho leha e le ofe ea buellang bosodoma.’’—Anna

      [Setšoantšo se leqepheng la 233]

      Bacha bohle ba lokela ho etsa khetho ea hore na ba amohela pono e fosahetseng ea lefatše ea hore batho ba ka khotsofatsa takatso ea ho kopanela liphate ka tsela leha e le efe, kapa ba khetha ho latela melao e phahameng ea boitšoaro e boletsoeng ka Lentsoeng la Molimo

  • Nka Etsa Joang Hore ke Khaotse ho Nahana ka ho Kopanela Liphate?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
    • Khaolong ea 29

      Nka Etsa Joang Hore ke Khaotse ho Nahana ka ho Kopanela Liphate?

      MOHLANKANA e mong ea bitsoang Michael o re: “Ke lula ke nahana ka banana nako ena kaofela—esita le ha ba le sieo. Ho nkemisa hlooho. Ka linako tse ling ke sitoa le ho tsepamisa mohopolo!”

      Na le uena, joaloka Michael, u qeta lihora tse ngata ka letsatsi u nahana ka banana kapa bashanyana? Haeba ho joalo, u ka ’na ua iphumana u loantšana le maikutlo. Ho nahana ka ho kopanela liphate ho ka hlasela mehopolo ea hao joalokaha eka u hlaseloa ke masole a lireng. Michael o re: “Mehopolo ena e ka ba matla. E ka etsa hore ha u ea koloing, u nke tsela e potolohang e le hore feela u tle u kopane le ngoanana ea motle, kapa ha etsa hore u ee karolong e itseng ea lebenkele ho sa hlokahale, e le hore feela u tle u bonele motho ea itseng haufi.”

      Leha ho le joalo, hopola hore maikutlo a ho kopanela liphate ha a mabe ka booona. Ha e le hantle, Molimo o entse hore ho be le khoheli e matla pakeng tsa monna le mosali ’me ha batho ba nyalane, ho loketse hore ba khotsofatse takatso ea ho kopanela liphate. Ha u ntse u le lesoha, u ka ba le takatso e matla ea ho kopanela liphate. Ha seo se etsahala, u se ke ua nahana hore u motho ea mobe kapa hore u ke ke ua khona ho ba ea hloekileng boitšoarong. U ka ba ea hloekileng haeba u khetha ho etsa seo! Empa haeba u batla hore u atlehe, u tla tlameha ho laola tsela eo u nahanang ka eona ka banana kapa bashanyana. U ka etsa seo joang?

      Hlahloba metsoalle ea hao. Haeba bana ba bang ka tlelaseng ba qala ho bua ka boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate, u ka ’na ua ba tekong ea ho kenella moqoqong oo—e le hore feela u se ke ua ba mokhelo. Empa ha e le ho bua ’nete, sena se tla u thatafalletsa ho laola mehopolo ea hao le ho feta. Joale u lokela ho etsa’ng—na u lokela ho tsamaea? Ka sebele u lokela ho tsamaea, le hona ha ua lokela ho soabisoa ke seo! Hangata u ka fumana tsela e ntle ea ho tsamaea empa u sa iketse eka u mohalaleli, e leng se ka etsang hore ba u some.

      Qoba boithabiso bo litšila. Ke ’nete hore hase filimi e ’ngoe le e ’ngoe kapa CD e ’ngoe le e ’ngoe e fosahetseng. Leha ho le joalo, bongata ba lintho tsa kajeno tsa boithabiso bo etselitsoe hore bo tsosetse batho takatso e fosahetseng ea ho kopanela liphate. Keletso ea Bibele ke efe? “A re itlhatsoeng litšila tsohle tsa nama le tsa moea, re phethahatse khalalelo ka ho tšaba Molimo.” (2 Bakorinthe 7:1) Qoba boithabiso leha e le bofe bo ka ’nang ba u tsosetsa takatso ea boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate.a

      Bothata ba ho Ikhotsofatsa ka ho Ipholla Litho Tsa Botona Kapa Botšehali

      Bacha ba bang ba leka ho fokotsa takatso ea ho kopanela liphate ka ho ipholla litho tsa botona kapa botšehali. Empa sena se ka baka mathata a tebileng. Bibele e phehella Bakreste: “Le bolaee litho tsa ’mele ea lōna tse lefatšeng mabapi le bohlola, ho se hloeke, takatso ea botona kapa ea botšehali, takatso e kotsi, le ho chacheha ka mohono.” (Bakolose 3:5) Ho ipholla litho tsa botona kapa botšehali ha ho ‘bolaee takatso ea botona kapa ea botšehali.’ Ho e-na le hoo, ho tsosa takatso eo le ho e hōlisa!

      Ho ipholla litho tsa botona kapa botšehali ho ka u etsa lekhoba la litakatso tsa hao. (Tite 3:3) Tsela e ’ngoe eo u ka qalang ho hlōla mokhoa ona ka eona ke ka ho phetlela motho e mong sefuba. Mokreste e mong ea loanneng le bothata bona ka lilemo tse ’maloa o itse: “Ke lakatsa eka nka be ke ile ka ba le sebete sa ho bua le motho e mong nakong eo ke neng ke sa le mocha! Maikutlo a ho ba molato a ’nile a nkimela ka lilemo tse ngata, ’me a amme ka ho teba kamano ea ka le batho ba bang, haholo-holo kamano ea ka le Jehova.”

      U lokela ho bua le mang? Hangata motsoali ke eena ea loketseng ka ho fetisisa. Kapa mohlomong motho e mong ea hōlileng tsebong phuthehong ea Bokreste a ka u thusa. U ka qala ka ho re: “Ke rata ho buisana le uena ka bothata bo nkhathatsang haholo.”

      André o ile a buisana le moholo e mong oa Mokreste, ’me oa thaba hore ebe o ile a etsa joalo. André o re: “Moholo eo o ile a sekisa meokho ha a ntse a ’mametse. Ha ke qeta, o ile a ntiisetsa hore Jehova oa nthata. O ile a mpolella hore bothata bona bo tloaelehile. O ile a ntšepisa hore o tla ’ne a mpotse hore na ke ntse ke ea joang le ho ntlisetsa boitsebiso bo eketsehileng ba lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng. Ka mor’a ho bua le eena, ke ile ka ikemisetsa ho loana ke tiile—le hoja ke ile ka ’na ka oela bothateng bona hape.”

      Mário o ile a etsa qeto ea ho bua le ntate oa hae, ea ileng a mo utloela bohloko haholo le ho utloisisa boemo. O ile a ba a bolella Mário hore le eena ha e sa le mocha o ile a thatafalloa ho hlōla mokhoa oo. Mário o re: “Ho bua ’nete ha Ntate le ho ameha ha hae ka botebo ho ile ha nkhothatsa haholo. Ke ile ka ipolella hore haeba o ile a hlōla bothata boo, le ’na ke tla bo hlōla. Ke ile ka angoa ke tsela eo Ntate a neng a ikutloa ka eona hoo ke ileng ka sitoa ho ithiba ’me ka lla.”

      Joaloka André le Mário, le uena u ka fumana thuso boitekong ba hao ba ho hlōla mokhoa ona oa ho ipholla litho tsa botona kapa botšehali. Esita le haeba u oela bothateng bona hape, u se ke ua tela! Kholiseha hore u ka hlōla ntoeng ena.b

      Ho Laola Mehopolo ea Hao

      Moapostola Pauluse o itse: “Ke teteka ’mele oa ka ’me ke o tšoara joaloka lekhoba.” (1 Bakorinthe 9:27) Ka ho tšoanang, le uena u ka ’na ua lokela ho itaea ka thata ha u tleloa ke menahano e fosahetseng ka banana kapa bashanyana. Haeba mehopolo eo e phehella, leka boikoetliso ba ’mele. Bibele e re: “Koetliso ea ’mele e na le molemo o monyenyane.” (1 Timothea 4:8) Ho tsamaea ka potlako kapa ho qeta metsotso e ’maloa u ikoetlisa ho ka ’na ha u thusa hore u loantše mehopolo e fosahetseng.

      Ka holim’a tsohle, u se ke ua hlokomoloha thuso eo Ntate oa hao oa leholimo a fanang ka eona. Mokreste e mong o re: “Ha ke utloa ke e-ba le takatso ea ho kopanela liphate, ke rapela haholo.” Hase hore Molimo o tla tlosa thahasello eo u nang le eona ho banana kapa bashanyana. Empa ka thuso ea hae, u ka fumana hore ho na le lintho tse ling tse ngata tseo u ka nahanang ka tsona.

      [Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

      a Taba ea boikhathollo le boithabiso e tšohloa haholoanyane Karolong ea 8 ea buka ena.

      b Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng tabeng ea ho ipholla litho tsa botona kapa botšehali, sheba Buka ea 1, khaolong ea 25.

      LENGOLO LA SEHLOOHO

      “Bokhabane bofe kapa bofe le ntho efe kapa efe e lokeloang ke thoriso, le tsoele pele ho nahana ka lintho tsena.”—Bafilipi 4:8.

      KELETSO

      Haeba u oela hape mokhoeng oa ho ipholla litho tsa botona kapa botšehali, u se ke ua tela. Hlahlobisisa hore na ke eng e entseng hore u qetelle u oetse hape mokhoeng oo, ’me u leke ho se phete seo.

      NA U NE U TSEBA . . .  ?

      Seo u lulang u nahana ka sona se ka ama botho ba hao le liketso tsa hao.—Jakobo 1:14, 15.

      SEO KE RERANG HO SE ETSA!

      Ha ke batla ho khaotsa ho nahana ka banana kapa bashanyana, ke tla ․․․․․

      Ha bana ba bang ka tlelaseng ba se ba qala ho bua ka boitšoaro bo bobe kapa ka lintho tse litšila, ke tla ․․․․․

      Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka tabeng ena ke ․․․․․

      U NAHANA’NG KA SEE?

      ● Ke hobane’ng ha e se kamehla takatso ea ho kopanela liphate e leng e fosahetseng?

      ● Ke hobane’ng ha u lokela ho laola tsela eo u ikutloang ka eona ka ho kopanela liphate?

      ● Ke boithabiso ba mofuta ofe bo ka ’nang ba etsa hore u lule u nahana ka banana kapa bashanyana?

      ● Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore u tsamaee ha ba bang ba se ba qala ho bua ka boitšoaro bo bobe kapa ka lintho tse litšila?

      [Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 240]

      “Ntho e nthusang ke ho nahana ka taba e ’ngoe e fapaneng, ke tlose kelello mehopolong e ntsosetsang takatso ea ho kopanela liphate. Ke ikhopotsa hore maikutlo ao kapa litakatso tseo li tla nyamela ka mor’a nako.’’—Scott

      [Setšoantšo se leqepheng la 239]

      Na u ka tlohella livaerase hore li senye boitsebiso bo k’homphieutheng ea hao? Joale ke hobane’ng ha u ka lumella mehopolo e sa hloekang hore e kene kelellong ea hao?

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela