-
Lipaki Tsa Jehova ke Batho ba Mofuta Ofe?Ke Bo-mang ba Etsang Thato ea Jehova Kajeno?
-
-
THUTO 1
Lipaki Tsa Jehova ke Batho ba Mofuta Ofe?
Denmark
U tseba Lipaki Tsa Jehova tse kae? Ho ka etsahala hore ebe ba bang ba rōna re baahelani ba hao, basebetsi-’moho le uena, kapa liithuti-’moho le uena. Kapa ebe re kile ra buisana le uena ka Bibele. Ha e le hantle re bo-mang, hona ke hobane’ng ha re bolella batho ka seo re se lumelang?
Re batho feela ba tloaelehileng. Re batho ba litso le maemo a sa tšoaneng. Ba bang ba rōna re ne re le litho tsa malumeli a mang, ha ba bang re ne re sa lumele hore Molimo o teng. Leha ho le joalo, pele re e-ba Lipaki, kaofela ha rōna re ile ra ipha nako ea ho hlahloba lithuto tsa Bibele ka hloko. (Liketso 17:11) Re ile ra kholoa seo re ithutang sona, eaba re ikhethela ho sebeletsa Jehova Molimo.
Re rua molemo ka ho ithuta Bibele. Joaloka batho ba bang bohle re na le mathata le mefokolo. Empa kaha re leka ho phela ka melao-motheo ea Bibele letsatsi le letsatsi, re hlokometse hore bophelo ba rōna bo ntlafetse haholo. (Pesaleme ea 128:1, 2) Lena ke le leng la mabaka a etsang hore re bolelle ba bang lintho tse molemo tseo re ithutileng tsona Bibeleng.
Re phela ka melao-motheo ea Molimo. Melao-motheo ena e ka Bibeleng, e re thusa hore re phele hantle, re hlomphe ba bang esita le ho ba le litšobotsi tse kang ho tšepahala le ho ba mosa. E etsa hore re be baahi ba molemo le ba mahlahahlaha, e thusa malapa hore a momahane ’me a itšoare hantle. Kaha re kholisehile hore “Molimo ha a leeme,” re litho tsa mokhatlo oa machaba oa bara ba motho, ba sa aroloeng ke likhohlano tsa morabe le tsa lipolotiki. Le hoja ka bomong re le batho feela ba tloaelehileng, re litho tsa mokhatlo o ikhethang.—Liketso 4:13; 10:34, 35.
Lipaki Tsa Jehova li tšoana le batho ba bang ka eng?
Lipaki li ithutile melao-motheo efe ka Bibeleng?
-
-
Ke Hobane’ng ha re Bitsoa Lipaki Tsa Jehova?Ke Bo-mang ba Etsang Thato ea Jehova Kajeno?
-
-
THUTO 2
Ke Hobane’ng ha re Bitsoa Lipaki Tsa Jehova?
Noe
Abrahama le Sara
Moshe
Batho ba bangata ba nahana hore Lipaki Tsa Jehova ke lebitso la bolumeli bo bocha. Leha ho le joalo, lilemong tse fetang 2 700 tse fetileng, bahlanka ba Molimo a le mong feela oa ’nete ba ile ba bitsoa “lipaki” tsa hae. (Esaia 43:10-12) Ho fihlela ka 1931, re ne re tsejoa ka hore re Liithuti Tsa Bibele. Ke hobane’ng ha re ile ra amohela lebitso Lipaki Tsa Jehova?
Lebitso lena le khetholla Molimo oa rōna. Ho latela libuka tsa boholo-holo lebitso la Molimo, Jehova, le hlaha ka makhetlo a likete ka Bibeleng. Liphetolelong tse ngata lebitso lena le nketsoe sebaka ke litlotla tse kang Morena kapa Molimo. Empa Molimo oa ’nete o ile a itšenola ho Moshe ka lebitso la hae, e leng Jehova, a re: “Lena ke lebitso la ka ho isa nakong e sa lekanyetsoang.” (Exoda 3:15) Ka ho etsa joalo, o ile a ikhetholla ho melimo eohle ea bohata. Re motlotlo hore ebe re bitsoa ka lebitso la Molimo le halalelang.
Le hlalosa mosebetsi oa rōna. Batho ba bangata ba boholo-holo, ho tloha ka Abele ea lokileng, ba ile ba paka hore ba lumela ho Jehova. Ho theosa le makholo a lilemo, Noe, Abrahama, Sara, Moshe, Davida le ba bang ba ile ba kenella ‘lerung lena le leholo la lipaki.’ (Baheberu 11:4–12:1) Joalokaha motho a ka pakela motho ea se nang molato ka lekhotleng, re ikemiselitse ho phatlalatsa ’nete ka Molimo oa rōna.
Re etsisa Jesu. Bibele e re ke “paki e tšepahalang le ea ’nete.” (Tšenolo 3:14) Jesu o ile a re ‘o tsebahalitse lebitso la Molimo’ a ba ‘a pakela ’nete’ ka Molimo. (Johanne 17:26; 18:37) Kahoo, balateli ba ’nete ba Kreste ba lokela ho emela lebitso la Jehova ’me ba le tsebahatse. Ke sona seo Lipaki Tsa Jehova li ikemiselitseng ho se etsa.
Ke hobane’ng ha Liithuti Tsa Bibele li ile tsa amohela lebitso Lipaki Tsa Jehova?
E se e le nako e kae Jehova a e-na le lipaki lefatšeng?
Paki ea Jehova e ka sehloohong ke mang?
-
-
Ho Tlile Joang Hore ’Nete ea Bibele e Fumanoe Hape?Ke Bo-mang ba Etsang Thato ea Jehova Kajeno?
-
-
THUTO 3
Ho Tlile Joang Hore ’Nete ea Bibele e Fumanoe Hape?
Liithuti Tsa Bibele, ka bo-1870
Molula-Qhooa oa pele oa 1879
Molula-Qhooa kajeno
Bibele e ile ea bolela esale pele hore ka mor’a lefu la Kreste, ho ne ho tla hlaha mesuoe ea bohata har’a Bakreste ba pele e tla silafatsa ’nete ea Bibele. (Liketso 20:29, 30) Ha nako e ntse e ea, seo ke sona se ileng sa etsahala. Mesuoe eo e ile ea tsoaka lithuto tsa Jesu le tsa bolumeli ba bohetene, kahoo ha hlaha Bokreste ba bohata. (2 Timothea 4:3, 4) Kajeno re ka kholiseha joang hore re utloisisa ka nepo seo ha e le hantle Bibele e se rutang?
Ho ile ha fihla nako ea hore Jehova a senole ’nete. O ile a bolela esale pele hore ‘nakong ea bofelo, tsebo ea ’nete e ne e tla ba ngata.’ (Daniele 12:4) Ka 1870, batho ba seng bakae ba batlang ’nete ba ile ba lemoha hore lithuto tse ngata tsa likereke ha li lumellane le Mangolo. Ka lebaka leo, ba qala ho batla ho utloisisa lithuto tsa motheo tsa Bibele, ’me Jehova a ba thusa hore ba utloisise Mangolo.
Batho ba tšepahalang ba ile ba ithuta Bibele ka hloko. Liithuti tseo Tsa Bibele tse tšepahalang tsa mehleng ea pele li ne li ithuta ka mokhoa oo re ntseng re o sebelisa le kajeno. Li ne li tšohla ntlha e le ’ngoe ea Bibele ka nako. Ha li fumana temana ea Bibele eo ho leng thata ho e utloisisa, li ne li sheba litemana tse ling tse ka e hlalosang. Ha li fihla sephethong se lumellanang le Mangolo ’ohle, li se ngola fatše. Kaha li ne li lumella Bibele hore e itlhalose, li ile tsa boela tsa fumana seo e leng ’nete ka lebitso la Molimo le ’Muso oa hae, morero oa hae ka batho le ka lefatše, boemo ba bafu hammoho le tšepo ea tsoho. Lipatlisiso tseo li ile tsa li lokolla litumelong le mekhoeng e mengata ea bolumeli ba bohata.—Johanne 8:31, 32.
Ka 1879, Liithuti Tsa Bibele li ile tsa elelloa hore ke nako ea hore li phatlalatse ’nete hohle. Kahoo selemong seo, tsa qala ho hatisa makasine ea Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova eo re ntseng re e hatisa le kajeno. Hona joale re bolella batho linnete tsa Bibele linaheng tse fetang 239 ka lipuo tse fetang 700. Ha ho mohla tsebo ea ’nete e kileng ea e-ba ngata hakana!
Ka mor’a lefu la Kreste, ho ile ha etsahala’ng ka ’nete ea Bibele?
Ke eng e re thusitseng hore re boele re fumane ’nete e ka Lentsoeng la Molimo?
-
-
Ke Hobane’ng ha re Ile ra Hatisa Phetolelo ea Lefatše le Lecha?Ke Bo-mang ba Etsang Thato ea Jehova Kajeno?
-
-
THUTO 4
Ke Hobane’ng ha re Ile ra Hatisa Phetolelo ea Lefatše le Lecha?
Congo (Kinshasa)
Rwanda
Lipaki Tsa Jehova li qetile lilemo tse mashome li sebelisa, li hatisa le ho aba liphetolelo tse sa tšoaneng tsa Bibele. Eaba re bona ho hlokahala hore re hatise phetolelo e ncha e tla thusa batho hore ba be le ‘tsebo e nepahetseng ea ’nete,’ eo Molimo a batlang hore batho bohle ba be le eona. (1 Timothea 2:3, 4) Kahoo, ka 1950 ra qala ho hatisa likarolo tsa Bibele ea rōna ea puo ea kajeno, e leng Phetolelo ea Lefatše le Lecha. Bibele ena e fetoletsoe ka botšepehi le ka nepo ka lipuo tse fetang 120.
Ho ne ho hlokahala Bibele eo batho ba ka e utloisisang habonolo. Lipuo lia fetoha ha nako e ntse e ea, ’me liphetolelo tse ngata li na le lipolelo tse sa hlakang kapa tse seng li sa sebelisoe kajeno tseo ho leng thata ho li utloisisa. Ho feta moo, ho fumanoe libuka tsa boholo-holo tse nepahetseng haholoanyane tse batlang li tšoana le tsa pele, e leng se ileng sa etsa hore batho ba utloisise hamolemo lipuo tseo Bibele e ngotsoeng ka tsona, e leng Seheberu, Searame le Segerike.
Ho ne ho hlokahala phetolelo e tšepahallang lentsoe la Molimo. Ho e-na le ho fetola se ngotsoeng mangolong a bululetsoeng ke Molimo, bafetoleli ba Bibele ba lokela ho khomarela se neng se ngotsoe qalong. Leha ho le joalo, liphetolelo tse ngata tsa Mangolo a Halalelang, ha li sebelise lebitso la Molimo, e leng Jehova.
Ho ne ho hlokahala Bibele e tlotlisang Mongoli oa eona. (2 Samuele 23:2) Phetolelo ea Lefatše le Lecha e khutliselitse lebitso la Jehova libakeng tse ka bang 7 000, tseo le hlahang ho tsona libukeng tsa Bibele tsa boholo-holo, joalokaha ho bontšitsoe sekhechaneng se ka tlaase mona. (Pesaleme ea 83:18) Ka lebaka la phuputso e entsoeng ka mahlahahlaha ka lilemo tse ngata, hoa khatholla ho bala Bibele ena e behang maikutlo a Molimo ka tsela e hlakileng. Ebang u na le Phetolelo ea Lefatše le Lecha ka puo ea heno kapa che, re u khothalletsa hore u itloaetse ho bala Lentsoe la Jehova letsatsi le letsatsi.—Joshua 1:8; Pesaleme ea 1:2, 3.
Ke hobane’ng ha re ile ra etsa qeto ea hore ho hlokahala phetolelo e ncha ea Bibele?
Motho ea batlang ho tseba thato ea Molimo o lokela ho itloaetsa ho etsa’ng letsatsi le letsatsi?
-