Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Baholo ba Thusa Phutheho Joang?
    Ke Bo-mang ba Etsang Thato ea Jehova Kajeno?
    • THUTO 15

      Baholo ba Thusa Phutheho Joang?

      Moholo o qoqa le litho tsa phutheho

      Finland

      Moholo o ruta phutheho

      Baa ruta

      Baholo ba khothatsa litho tsa phutheho

      Ba etsa maeto a bolisa

      Moholo o tšimong

      Mokhatlong oa rōna ha ho na baruti ba lefuoang. Ho e-na le hoo, joalokaha ho ne ho etsoa ha phutheho ea Bokreste e qala, ho khethoa balebeli ba tšoanelehang ‘hore ba lise phutheho ea Molimo.’ (Liketso 20:28) Baholo bana ke banna ba hōlileng tsebong ba etellang phutheho pele le ho e lisa, “eseng ka ho qobelloa, empa ka ho rata; eseng ka lebaka la lerato la leruo la ho se tšepahale, empa ka tabatabelo.” (1 Petrose 5:1-3) Ba etsa mosebetsi ofe o re tsoelang molemo?

      Baa re hlokomela le ho re sireletsa. Baholo ba tataisa phutheho le ho e sireletsa moeeng. Kaha baa hlokomela hore ke Molimo ea ba fileng boikarabelo bona ba bohlokoa, baholo ha ba hatelle batho ba hae, ho e-na le hoo ba tlatsetsa hore re be le thabo le khotsofalo. (2 Bakorinthe 1:24) Joalokaha molisa a alosa nku e ’ngoe le e ’ngoe ka hloko, baholo ba leka ho tseba e mong le e mong ka phuthehong.—Liproverbia 27:23.

      Ba re ruta tsela ea ho etsa thato ea Molimo. Beke le beke, baholo ba etella pele libokeng tsa phutheho e le hore ba re matlafatse tumelong. (Liketso 15:32) Banna bana ba inehetseng ba boetse ba etella pele mosebetsing oa boboleli, ’me ba sebetsa le rōna le ho re koetlisa litšobotsing tsohle tsa tšebeletso.

      Baa re khothatsa. E le hore ba re hlokomele moeeng, baholo ba ka ’na ba re etela malapeng kapa ba re khothatsa le ho re tšelisa ka Mangolo ha re le Holong ea ’Muso.—Jakobo 5:14, 15.

      Ho phaella mosebetsing oo ba o etsang ka phuthehong, baholo ba bangata baa sebetsa ebile ba na le boikarabelo ba ho hlokomela ba malapa a bona ’me sena se hloka nako. Re lokela ho hlompha bara bana babo rōna ba sebetsang ka thata.—1 Bathesalonika 5:12, 13.

      • Mosebetsi oa baholo ba phutheho ke ofe?

      • Baholo ba bontša joang hore baa re thahasella?

      ITHUTE KA HO EKETSEHILENG

      Ke bo-mang ba tšoanelehang ho sebeletsa? U ka bala litšoaneleho tsa Mangolo tsa baholo le bahlanka ba sebeletsang ho 1 Timothea 3:1-10, 12, le Tite 1:5-9.

  • Mosebetsi oa Bahlanka ba Sebeletsang ke Ofe?
    Ke Bo-mang ba Etsang Thato ea Jehova Kajeno?
    • THUTO 16

      Mosebetsi oa Bahlanka ba Sebeletsang ke Ofe?

      Mohlanka ea sebeletsang o aba lingoliloeng

      Myanmar

      Mohlanka ea sebeletsang o fana ka puo

      Ba fana ka lipuo

      Mohlanka ea sebeletsang o tšoere seboka

      Ba tšoara seboka sa tšebeletso ea tšimo

      Mohlanka ea sebeletsang o thusa ho hloekisa Holo ea ’Muso

      Bibele e bua ka lihlopha tse peli tsa banna ba Bakreste ba nang le boikarabelo ka phuthehong—e leng “balebeli le bahlanka ba sebeletsang.” (Bafilipi 1:1) Ka tloaelo, ho na le barab’abo rōna ba ’maloa bao e leng balebeli le bahlanka ba sebeletsang phuthehong ka ’ngoe. Bahlanka ba sebeletsang ba etsa mosebetsi ofe o re tsoelang molemo?

      Ba thusa baholo. Bahlanka ba sebeletsang ke batho ba nkang lintho tsa moea ka ho teba, ba ka tšeptjoang le ba hlokolosi ’me ba bang ba bacha athe ba bang ba se ba hōlile. Ba etsa mesebetsi e tloaelehileng ea bohlokoa empa hangata e le e amanang le ho hlophisa lintho ka phuthehong le ho li hlokomela. Sena se nolofalletsa baholo hore ba tšoarehe ka mosebetsi oa ho ruta le ho lisa phutheho.

      Ba etsa mesebetsi e hlokahalang. Bahlanka ba bang ba sebeletsang ba abetsoe hore e be bahlokomeli, ’me ba amohela bohle ba tlang libokeng. Ba bang ba ka ’na ba sebetsana le thepa ea molumo, ba aba lingoliloeng, ba boloka tlaleho ea phutheho ea liak’haonte, ’me ba bang ba abela litho tsa phutheho tšimo eo li ka e sebetsang. Ba boetse ba thusa ho hloekisa Holo ea ’Muso. Baholo ba ka ’na ba ba kōpa hore ba thuse ba hōlileng. Kaha bahlanka ba sebeletsang ba ikemiselitse ho phetha boikarabelo boo ba bo fuoeng ho sa tsotellehe hore na ke bofe, litho tsohle tsa phutheho lia ba hlompha.—1 Timothea 3:13.

      Ke banna ba Bakreste ba behang mohlala o motle. Bahlanka ba sebeletsang ba khethoa ho latela litšoaneleho tsa bona tse ntle tsa Bokreste. Ba re matlafatsa tumelong ha ba fana ka lipuo libokeng. Ba re behela mohlala o motle oa ho cheseha ha ba re etella pele mosebetsing oa boboleli. Kaha ba sebelisana le baholo, ba etsa hore ho be le thabo le bonngoe ka phuthehong. (Baefese 4:16) Ha nako e ntse e ea, le bona ba ka ’na ba tšoaneleha hore e be baholo.

      • Bahlanka ba sebeletsang ke batho ba mofuta ofe?

      • Bahlanka ba sebeletsang ba thusa phutheho joang hore lintho li tsamaee hantle?

      ITHUTE KA HO EKETSEHILENG

      Nako le nako ha u ea Holong ea ’Muso, iphe nako ea ho tseba moholo a le mong kapa mohlanka ea sebeletsang ho fihlela u se u ba tseba kaofela le ba malapa a bona.

  • Balebeli ba Potoloho ba re Thusa Joang?
    Ke Bo-mang ba Etsang Thato ea Jehova Kajeno?
    • THUTO 17

      Balebeli ba Potoloho ba re Thusa Joang?

      Molebeli ea tsamaeang le mosali oa hae

      Malawi

      Molebeli ea tsamaeang o tšoare seboka sa tšebeletso

      O na le sehlopha sa ba eang tšimong

      Molebeli ea tsamaeang o tšimong

      O tšebeletsong ea tšimo

      Molebeli ea tsamaeang o sebokeng sa baholo

      Mangolo a Segerike a Bakreste a bua khafetsa ka Barnabase le moapostola Pauluse. E ne e le balebeli ba tsamaeang, ba etela liphutheho tsa lekholong la pele la lilemo. Hobane’ng? Ba ne ba amehile e le kannete ka boiketlo ba barab’abo bona. Pauluse o ile a re o batla ‘ho khutla ’me a etele barab’abo’ ho ea bona hore na ba ea joang. O ne a ikemiselitse ho tsamaea lik’hilomithara tse makholo e le hore a e’o ba matlafatsa. (Liketso 15:36) Ke sona seo kajeno balebeli ba tsamaeang ba labalabelang ho se etsa.

      Ba re etela ho tla re khothatsa. Molebeli oa potoloho o qeta beke a etetse phutheho e itseng ho tse ka bang 20 tseo a li etelang habeli ka selemo. Re ka rua molemo o moholo phihlelong ea bara bana babo rōna le ea basali ba bona haeba ba nyetse. Ba ikitlaelletsa ho tseba bacha le ba hōlileng, ’me ba labalabela ho tsamaea le rōna tšimong le lithutong tsa Bibele. Balebeli bana ba tsamaea le baholo maetong a bolisa, ’me baa re matlafatsa le ho re fa lipuo tse khothatsang libokeng le likopanong.—Liketso 15:35.

      Ba thahasella bohle. Balebeli ba potoloho ba thahasella bomoea ba liphutheho e le kannete. Ba kopana le baholo le bahlanka ba sebeletsang e le hore ba hlahlobe tsoelo-pele e entsoeng le ho ba eletsa hore na ba ka phetha boikarabelo ba bona joang. Ba thusa bo-pula-maliboho hore ba atlehe tšebeletsong, ’me ba thabela ho tseba ba sa tsoa kopanela le ho utloa hore na ba hatela pele joang moeeng. E mong le e mong oa bara bana babo rōna oa itela e le hore e be “mosebetsi-’moho bakeng sa lithahasello tsa [rōna].” (2 Bakorinthe 8:23) Re lokela ho etsisa tumelo le boinehelo ba bona ho Molimo.—Baheberu 13:7.

      • Balebeli ba potoloho ba etela liphutheho ka sepheo sefe?

      • U ka rua molemo joang ketelong ea bona?

      ITHUTE KA HO EKETSEHILENG

      Tšoaea k’halendareng ea hao matsatsi ao molebeli oa potoloho a tla le etela ka ’ona phuthehong e le hore u se ke ua fosoa ke lipuo tseo a tla fana ka tsona Holong ea ’Muso. Haeba u rata hore eena kapa mosali oa hae a be teng thutong ea hao ea Bibele bekeng eo e le hore u ka mo tseba, bolella motho ea u khannelang thuto.

  • Re Thusa Barab’abo Rōna ba Maqakabetsing Joang?
    Ke Bo-mang ba Etsang Thato ea Jehova Kajeno?
    • THUTO 18

      Re Thusa Barab’abo Rōna ba Maqakabetsing Joang?

      Lipaki Tsa Jehova li lokisetsa liphallelo Dominican Republic

      Dominican Republic

      Ba haha Holo ea ’Muso ka mor’a koluoa Japane

      Japane

      Paki ea Jehova e khothatsa motho e mong ka mor’a koluoa Haiti

      Ha ho hlaha likoluoa, Lipaki Tsa Jehova li hlophisa liphallelo ’me li li isetsa balumeli-’moho le tsona ba amehileng. Liphallelo tseo li bontša hore re ratana e le kannete. (Johanne 13:34, 35; 1 Johanne 3:17, 18) Re thusa ka litsela life?

      Re ntša monehelo oa lichelete. Ha Judea e hlaseloa ke tlala ea boja-likata, Bakreste ba pele ba Antioke ba ile ba romela chelete ho phallela Bakreste bao ba Judea. (Liketso 11:27-30) Le rōna ha re utloa hore barab’abo rōna ba libakeng tse ling ba tobane le mathata, re romela monehelo ka liphutheho tsa habo rōna e le hore ho thusoe bao ba maqakabetsing ka lintho tseo ba li hlokang.—2 Bakorinthe 8:13-15.

      Re ba phallela ka lintho tse ka ba tsoelang molemo. Baholo ba lulang sebakeng sa koluoa ba batla litho tsohle tsa phutheho ho tiisa hore ba li fumana kaofela ’me li sireletsehile. Komiti ea liphallelo e ka lokisetsa hore ba fuoe lijo, metsi a nooang a hloekileng, liaparo, bolulo le kalafo. Lipaki tse ngata tse nang le tsebo e hlokahalang li ithaopela ho ea libakeng tseo ka litšenyehelo tsa tsona ’me li kenya letsoho mosebetsing oa liphallelo kapa oa ho lokisa mahae a senyehileng le Liholo Tsa ’Muso. Se re thusang hore re hlophise liphallelo ka potlako ha ho hlaha koluoa ke hore ka mokhatlong oa rōna re momahane ebile re tloaetse ho sebetsa ’moho. Le hoja re thusa “ba amanang le rōna tumelong,” ha ho khoneha re boetse re thusa batho ba bang, ho sa tsotellehe hore na ke ba bolumeli bofe.—Bagalata 6:10.

      Re tšelisa ba maqakabetsing ka Mangolo ebile rea ba khothatsa. Mahlatsipa a likoluoa ke ’ona ao ka ho khetheha a hlokang matšeliso. Linakong tse joalo, Jehova, “Molimo oa matšeliso ’ohle,” o re fa matla. (2 Bakorinthe 1:3, 4) Re thabela ho bolella batho ba sithabetseng litšepiso tsa Bibele, le ho ba kholisa hore haufinyane ’Muso oa Molimo o tla felisa masetla-pelo ’ohle a utloisang batho bohloko le ho ba bakela mahlomola.—Tšenolo 21:4.

      • Ke hobane’ng ha Lipaki li khona ho nka bohato ka potlako ha ho hlaha likoluoa?

      • Re ka tšelisa batho ba anngoeng ke likoluoa joang ka Mangolo?

  • Lekhoba le Tšepahalang le le Masene ke Mang?
    Ke Bo-mang ba Etsang Thato ea Jehova Kajeno?
    • THUTO 19

      Lekhoba le Tšepahalang le le Masene ke Mang?

      Jesu o bua le barutuoa ba hae
      Paki ea Jehova e ithuta sengoliloeng se thehiloeng Bibeleng

      Kaofela re rua molemo lijong tsa moea

      Litho tse peli tsa sehlopha se busang sa Lipaki Tsa Jehova

      Nakoana pele Jesu a e-shoa, o ile a buisana le barutuoa ba hae ba bane boinotšing—e leng Petrose, Jakobo, Johanne le Andrease. Ha Jesu a ntse a ba bolella hore na pontšo ea ho ba teng ha hae matsatsing a ho qetela e tla ba efe, o ile a botsa potso ena ea bohlokoa: “Ha e le hantle ke mang eo e leng lekhoba le tšepahalang le le masene leo mong’a lona a le behileng hore le okamele bahlanka ba hae ba ntlo, ho ba fa lijo tsa bona ka nako e tšoanetseng?” (Matheu 24:3, 45; Mareka 13:3, 4) Jesu o ile a tiisetsa barutuoa ba hae hore joaloka “mong’a” bona, o tla khetha batho ba tla fa balateli ba hae lijo tsa moea ka linako tsohle nakong ea bofelo. Lekhoba lee le ne le tla etsoa ka bo-mang?

      Ke balateli ba seng bakae ba Jesu ba tlotsitsoeng ka moea. “Lekhoba” lena le amahanngoa le Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova. Le fa barapeli ba bang ba Jehova lijo tsa moea ka nako e loketseng. Re itšetlehile ka lekhoba lena le tšepahalang hore re lule re fumana “tekanyo ea . . . lijo ka nako e tšoanetseng.”—Luka 12:42.

      Le tsamaisa ntlo ea Molimo. (1 Timothea 3:15) Jesu o file lekhoba boikarabelo bo boholo ba ho tsamaisa mosebetsi o etsoang ke karolo e lefatšeng ea mokhatlo oa Jehova—le hlokomela thepa ea mokhatlo ona, le tsamaisa mosebetsi oa boboleli ebile lea re ruta liphuthehong tsa habo rōna. Kahoo, e le hore “lekhoba le tšepahalang le le masene” le re fe lijo tsa moea ha re li hloka, le sebelisa likhatiso tseo re li abang tšebeletsong ea rōna, hammoho le liboka le likopano.

      Lekhoba le tšepahalla linnete tsa Bibele le mosebetsi oa lona oa ho bolela litaba tse molemo, ebile ka masene le hlokomela sohle seo Kreste a se sebelisang ho ntšetsa pele borapeli ba Jehova lefatšeng. (Liketso 10:42) Jehova o hlohonolofatsa mosebetsi oa lona ka ho hulela batho ba eketsehileng ho eena le ho le thusa ho hlahisa nala ea lijo tsa moea.—Esaia 60:22; 65:13.

      • Jesu o khethile mang hore a fepe barutuoa ba hae moeeng?

      • Ke ka litsela life lekhoba le tšepahalang le bileng le leng masene?

  • Sehlopha se Busang se Sebetsa Joang Kajeno?
    Ke Bo-mang ba Etsang Thato ea Jehova Kajeno?
    • THUTO 20

      Sehlopha se Busang se Sebetsa Joang Kajeno?

      [Setšoantšo se leqepheng la 23]

      Sehlopha se busang sa lekholong la pele la lilemo

      [Setšoantšo se leqepheng la 23]

      Ba balloa lengolo la sehlopha se busang

      Sehlopha se busang sa lekholong la pele la lilemo e ne e le sehlopha se senyenyane se entsoeng ka “baapostola le banna ba baholo Jerusalema,” ’me se etsa liqeto tsa bohlokoa tse amang phutheho eohle ea Bakreste ba tlotsitsoeng. (Liketso 15:2) Ka mor’a ho tšohla Mangolo le ho latela tataiso ea moea oa Molimo, se ne se etsa qeto se le ntsoe-leng. (Liketso 15:25) Le kajeno se ntse se latela mohlala oo.

      Molimo o se sebelisa ho etsa thato ea hae. Barab’abo rōna ba tlotsitsoeng bao e leng litho tsa Sehlopha se Busang, ba thahasella Lentsoe la Molimo haholo ’me ba na le phihlelo e ngata tabeng ea hore na mosebetsi o etsoe joang le hore na litaba tsa moea li sebetsoe joang. Ba kopana beke e ’ngoe le e ’ngoe ho tšohla lintho tseo barab’abo rōna lefatšeng ka bophara ba li hlokang. Joaloka lekholong la pele la lilemo, ba fana ka tataiso e thehiloeng Bibeleng ka ho romela mangolo kapa balebeli ba tsamaeang esita le ka litsela tse ling. Sena se etsa hore batho ba Molimo ba nahane le ho etsa lintho ka tsela e tšoanang. (Liketso 16:4, 5) Sehlopha se Busang se okamela mosebetsi oa ho lokisetsa lijo tsa moea, se khothalletsa bohle hore ba eteletse pele mosebetsi oa boboleli ba ’Muso ebile sea ikarabella ha ho khethoa barab’abo rōna ba fuoang boikarabelo.

      Se latela tataiso ea moea oa Molimo. Sehlopha se Busang se batla tataiso ho ’Musi oa Bokahohleng, Jehova le ho Jesu, e leng Hlooho ea phutheho. (1 Bakorinthe 11:3; Baefese 5:23) Bara bao babo rōna ha ba inke e le baeta-pele ba batho ba Molimo. Bona hammoho le Bakreste ba bang bohle ba tlotsitsoeng “ba latela Konyana [Jesu] ho sa tsotellehe hore na e ea hokae.” (Tšenolo 14:4) Sehlopha se Busang se ananela lithapelo tsa rōna.

      • Litho tsa sehlopha se busang sa lekholong la pele la lilemo e ne e le bo-mang?

      • Sehlopha se Busang sa kajeno se batla tataiso ea Molimo joang?

      ITHUTE KA HO EKETSEHILENG

      Bala Liketso 15:1-35 u bone kamoo sehlopha se busang sa lekholong la pele la lilemo se ileng sa tšohla bothata le ho bo rarolla se thusoa ke Mangolo le moea o halalelang.

  • Bethele ke Eng?
    Ke Bo-mang ba Etsang Thato ea Jehova Kajeno?
    • THUTO 21

      Bethele ke Eng?

      Lipaki Tsa Jehova tse peli tse sebetsang Lefapheng la Litšoantšo Bethele

      Lefapha la Litšoantšo, U.S.A.

      Paki ea Jehova e sebetsang sebakeng sa khatiso Bethele Jeremane
      Paki ea Jehova e sebetsang moo ho hlatsuoang liphahlo Bethele Kenya
      Ba teka tafole ntlong ea ho jela Bethele Colombia

      Bethele ke lebitso la Seheberu le bolelang “Ntlo ea Molimo.” (Genese 28:17, 19) Ke lebitso le loketseng la libaka tseo Lipaki Tsa Jehova li tsamaisang mosebetsi oa boboleli o etsoang lefatšeng ka bophara le ho o tšehetsa ho tsona. Sehlopha se Busang se ntlo-khōlō, New York State, U.S.A., ’me se tsamaisa mosebetsi o etsoang ke liofisi tsa makala tse linaheng tse sa tšoaneng. Ha ba le ’moho, batho ba sebeletsang mehahong ena ba bitsoa lelapa la Bethele. Joaloka lelapa ba lula hammoho le ho sebetsa hammoho ’me ba ja le ho ithuta Bibele hammoho ba le bonngoeng.—Pesaleme ea 133:1.

      Ke sebaka se ikhethang seo ho sona ho lulang lelapa le sebetsang ka boitelo. Mahaeng ’ohle a Bethele ho na le banna le basali ba Bakreste ba iteletseng ho etsa thato ea Molimo le ho etsa mesebetsi e amanang le ’Muso ka nako e tletseng. (Matheu 6:33) Ha ho le ea mong oa bona ea lefuoang, empa kaofela ba fuoa bolulo, lijo le chelete e ba thusang ho lefella litšenyehelo tse ling tsa bona. Motho e mong le e mong Bethele o fuoa mosebetsi, ebang ke oa ofising, kichineng kapa sebakeng seo ho jelloang ho sona. Ba bang ba sebetsa sebakeng sa khatiso kapa seo ho kopanngoang libuka ho sona, kapa ba hloekisa libaka tsa bolulo, ba hlatsoa liaparo, ba hlokomela thepa le ho etsa mesebetsi e meng.

      Ke sebaka seo ho sona ho sebetsoang ka thata ho tšehetsa mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso. Sepheo se seholo sa Bethele e ’ngoe le e ’ngoe ke ho etsa hore batho ba bangata kamoo ho ka khonehang ba fumane ’nete ea Bibele. Mohlala oa seo ke bukana ena. E ngotsoe tlas’a tataiso ea Sehlopha se Busang, eaba e fetisetsoa lihlopheng tse makholo tsa bafetoleli lefatšeng ka bophara ka k’homphieutha, ea ntan’o hatisoa ka mechine e lebelo e litsing tsa khatiso tse ’maloa tse Bethele ’me ea romeloa liphuthehong tse fetang 110 000. Mosebetsi oohle oo litho tsa lelapa la Bethele li o etsang o phetha karolo ea bohlokoa ho tšehetseng mosebetsi o potlakileng ka ho fetisisa—e leng oa ho bolela litaba tse molemo.—Mareka 13:10.

      • Ke bo-mang ba sebeletsang Bethele, hona ba hlokomeloa joang?

      • Ke mosebetsi ofe o potlakileng o tšehetsoang ke lelapa ka leng la Bethele?

  • Ho Etsoa’ng Ofising ea Lekala?
    Ke Bo-mang ba Etsang Thato ea Jehova Kajeno?
    • THUTO 22

      Ho Etsoa’ng Ofising ea Lekala?

      Barabab’o rōna ba hlophisa mosebetsi oa lekala la Solomon Islands

      Solomon Islands

      Paki ea Jehova e sebetsang ofising ea lekala Canada

      Canada

      Literaka tse laelang lingoliloeng

      Afrika Boroa

      Litho tsa lelapa la Bethele li sebetsa mafapheng a sa tšoaneng, li tšehetsa mosebetsi oa boboleli o etsoang naheng e le ’ngoe kapa tse ’maloa. Li sebeletsa lefapheng la phetolelo, la khatiso ea limakasine, le kopanyang libuka, la ho boloka lingoliloeng, le hatisang li-CD le li-DVD, kapa mafapheng a sebetsanang le litaba tse ling tšimong e oelang tlas’a lekala.

      Komiti ea Lekala e tsamaisa mosebetsi. Sehlopha se Busang se abetse Komiti ea Lekala hore e tsamaise mosebetsi o etsoang ofising ea lekala ’me e entsoe ka baholo ba bararo kapa ho feta ba tšoanelehang. Komiti ena e lula e tsebisa Sehlopha se Busang hore na mosebetsi o tsoela pele joang naheng ka ’ngoe e ikarabellang ho eona le ka mathata leha e le afe a ka ’nang a hlaha. Litlaleho tseo li thusa Sehlopha se Busang hore se etse qeto ea hore na ho tla tšohloa eng likhatisong tse latelang, libokeng le likopanong. Baemeli ba Sehlopha se Busang ba romeloa khafetsa makaleng, ’me ba bontša Likomiti Tsa Makala hore na li phethe likabelo tsa tsona joang. (Liproverbia 11:14) Ha moemeli oa ntlo-khōlō a le teng, ho tšoaroa seboka se khethehileng, ’me o fana ka puo e khothatsang ba lulang tšimong ea lekala leo.

      Ho tšehetsoa liphutheho tse tlas’a lekala. Barab’abo rōna ba ikarabellang ofising ea lekala ba fana ka tumello ea hore ho thehoe liphutheho tse ncha. Barab’abo rōna ba boetse ba tsamaisa mosebetsi oa bo-pula-maliboho, baromuoa le balebeli ba potoloho ba sebeletsang tšimong ea lekala. Ba hlophisa likopano tse khōlō le tse nyenyane, kaho ea Liholo Tsa ’Muso ’me ba tiisa hore lingoliloeng tse hlokahalang li romeloa liphuthehong. Lintho tsohle tse etsoang lekaleng li thusa hore mosebetsi oa boboleli o phethoe ka tsela e hlophisehileng.—1 Bakorinthe 14:33, 40.

      • Likomiti Tsa Makala li thusa Sehlopha se Busang joang?

      • Ofisi ea lekala e na le boikarabelo bofe?

      ITHUTE KA HO EKETSEHILENG

      Ho tloha ka Mantaha ho fihlela ka Labohlano, baeti ba ka etela ofising leha e le efe ea lekala ’me ba bontšoa mehaho. Re u mema hore u etele lekaleng. Ha u etela teng, apara joalokaha u ea libokeng. U tla matlafala tumelong ha u ka etela Bethele.

  • Likhatiso Tsa Rōna li Ngoloa Joang, Hona li Fetoleloa Joang?
    Ke Bo-mang ba Etsang Thato ea Jehova Kajeno?
    • THUTO 23

      Likhatiso Tsa Rōna li Ngoloa Joang, Hona li Fetoleloa Joang?

      Motho ea sebetsang Lefapheng le Ngolang, U.S.A.
      Bafetoleli Korea Boroa
      Motho oa Armenia ea nkileng buka e fetoletsoeng ke Lipaki Tsa Jehova
      Ngoanana oa Burundi o nkile buka e fetoletsoeng ke Lipaki Tsa Jehova
      Mosali oa Sri Lanka o nkile limakasine tse fetoletsoeng ke Lipaki Tsa Jehova

      E le hore re etse sohle se matleng a rōna ho bolela “litaba tse molemo . . . ho sechaba se seng le se seng le moloko o mong le o mong le leleme le leng le le leng le batho ba bang le ba bang,” re hatisa lingoliloeng ka lipuo tse fetang 700. (Tšenolo 14:6) Re finyella mosebetsi oo oa motonanahali joang? Re thusoa ke bangoli ba lulang linaheng tse sa tšoaneng le bafetoleli ba ka bang 3 300, bao kaofela ha bona e leng Lipaki Tsa Jehova.

      Qalong boitsebiso bo ngoloa ka Senyesemane. Sehlopha se Busang se tsamaisa mosebetsi o etsoang ke Lefapha la Bongoli le ntlo-khōlō ea Lipaki Tsa Jehova. Lefapha lena le hlophisa mosebetsi o etsoang ke bangoli ba ntlo-khōlō le ba liofising tse ling tsa makala. Kaha re na le bangoli ba limelo tse sa tšoaneng, seo se re thusa ho bua ka litaba tse amang litso tse fapa-fapaneng, e leng se etsang hore likhatiso tsa rōna li khahle batho ba libakeng tse sa tšoaneng.

      Boitsebiso bo romeloa ho bafetoleli. Ka mor’a hore boitsebiso bo hlahlojoe ’me bo fetisoe, bo romeloa bafetoleli ka lik’homphieutha, ’me bona baa bo fetolela, ba bo hlahlobe ba be ba bo bale. Ba ikitlaelletsa ho khetha “mantsoe a nepahetseng a ’nete” a tla fetisa moelelo oa Senyesemane hantle ka puo ea habo bona.—Moeklesia 12:10.

      Lik’homphieutha li potlakisa mosebetsi. K’homphieutha e ke ke ea etsa mosebetsi o etsoang ke bangoli le bafetoleli. Leha ho le joalo, lidikishinari tse k’homphieutheng le mananeo a mang a eona hammoho le boitsebiso bo thusang bangoli le bafetoleli ho etsa lipatlisiso, li potlakisa mosebetsi oa bona. Lipaki Tsa Jehova li qapile lenaneo la k’homphieutha le bitsoang Multilanguage Electronic Publishing System (MEPS) leo ka lona boitsebiso bo ka ngoloang ka lipuo tse makholo, ba kopanngoa le litšoantšo esita le ho hlophisetsoa khatiso.

      Ke hobane’ng ha re ikitlaetsa hakaale ho hatisa lingoliloeng esita le ka lipuo tse buuoang ke batho ba likete tse seng kae feela? Ke hobane thato ea Jehova ke hore “batho ba mefuta eohle ba pholohe ’me ba fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.”—1 Timothea 2:3, 4.

      • Likhatiso tsa rōna li ngoloa joang?

      • Ke hobane’ng ha re fetolela lingoliloeng tsa rōna ka lipuo tse ngata hakaale?

  • Mosebetsi oa Rōna oa Lefatše Lohle o Tšehetsoa Joang ka Lichelete?
    Ke Bo-mang ba Etsang Thato ea Jehova Kajeno?
    • THUTO 24

      Mosebetsi oa Rōna oa Lefatše Lohle o Tšehetsoa Joang ka Lichelete?

      Motho o fana ka monehelo oa boithatelo
      Lipaki Tsa Jehova mosebetsing oa ho paka
      Baithaopi ba hahang Liholo Tsa ’Muso Togo
      Baithaopi ba sebetsang ofising ea lekala Brithani

      Selemo le selemo, mokhatlo oa rōna o hatisa Libibele tse limilione tse makholo hammoho le likhatiso tse ling, ebile o li abela batho o sa ba lefise. Re haha Liholo Tsa ’Muso le liofisi tsa makala ebile rea li hlokomela. Re boetse re hlokomela litho tsa lelapa la Bethele le baromuoa ba likete, ebile linakong tsa likoluoa re fana ka liphallelo. Kahoo, u ka ’na ua ipotsa, ‘Chelete ea ho etsa lintho tsee tsohle e tsoa hokae?’

      Ha re ntše karolo ea leshome, kabelo, kapa koleke. Le hoja litšenyehelo tsa mosebetsi oa rōna oa ho bolela evangeli li phahame, ha re qele chelete. Lilemong tse fetileng tse ka holimo ho lekholo, khatiso ea bobeli ea Molula-Qhooa e ile ea bolela hore re lumela hore Jehova o tšehetsa mosebetsi oa rōna le hore “le ka mohla re ke ke ea qela kapa ra kōpa batho hore ba o tšehetse”—’me ha ho mohla re kileng ra etsa seo!—Matheu 10:8.

      Mosebetsi oa rōna o tšehetsoa ka menehelo ea boithatelo. Batho ba bangata ba ananela mosebetsi oa rōna oa ho ruta Bibele ’me ba o tšehetsa ka menehelo. Lipaki le tsona li thabela ho sebelisa nako ea tsona, matla, lichelete le matlotlo a mang hore li tšehetse ho etsoa ha thato ea Molimo lefatšeng lohle. (1 Likronike 29:9) Holong ea ’Muso, likopanong tse khōlō le tse nyenyane ho behoa mabokose ao batho ba ka kenyang monehelo ka ho ’ona ha ba batla. Boholo ba menehelo e fumanoang bo tsoa ho batho ba maemo a tlaase, joaloka mohlolohali ea hlokang eo Jesu a ileng a mo babatsa hobane a akhetse licheletana tse peli tsa tšepe letlōleng la polokelo ea matlotlo tempeleng. (Luka 21:1-4) Kahoo mang kapa mang a ka itloaetsa ‘ho behella ka thōko ho hong’ hore a fane “joalokaha a entse qeto e tiileng pelong ea hae.”—1 Bakorinthe 16:2; 2 Bakorinthe 9:7.

      Re kholisehile hore Jehova o tla tsoela pele ho susumetsa lipelo tsa batho ba batlang ‘ho mo hlompha ka lintho tsa bona tsa bohlokoa’ hore ba tšehetse mosebetsi oa ’Muso e le hore thato ea hae e ka phethoa.—Liproverbia 3:9.

      • Ke eng e khethollang mokhatlo oa rōna malumeling a mang?

      • Menehelo ea boithatelo e sebelisoa joang?

  • Ke Hobane’ng ha re Haha Liholo Tsa ’Muso Hona re li Haha Joang?
    Ke Bo-mang ba Etsang Thato ea Jehova Kajeno?
    • THUTO 25

      Ke Hobane’ng ha re Haha Liholo Tsa ’Muso Hona re li Haha Joang?

      Baithaopi ba hahang Liholo Tsa ’Muso Bolivia

      Bolivia

      Holo ea ’Muso Nigeria pele e hahoa bocha
      Holo ea ’Muso Nigeria ka mor’a ho hahoa bocha
      Ho hahoa Holo ea ’Muso Tahiti

      Joalokaha lebitso Holo ea ’Muso le bontša, taba e ka sehloohong e rutoang moo ke ’Muso oa Molimo—e leng thuto ea Bibele eo Jesu a neng a bua ka eona haholo tšebeletsong ea hae.—Luka 8:1.

      Ke litsi tsa borapeli ba ’nete. Ke moo ho hlophisoang mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso. (Matheu 24:14) Liholo Tsa ’Muso ha li lekane ebile ha li tšoane, empa kaofela ke tsa maemo a itekanetseng, ’me liholo tse ngata li sebelisoa ke liphutheho tse ’maloa. Lilemong tsa morao tjena, re hahile Liholo Tsa ’Muso tse ncha tse likete tse mashome (e leng karolelano ea tse ka bang hlano ka letsatsi) hobane liphutheho tsa rōna li eketseha ka sekhahla. Re khona ho etsa see joang?—Matheu 19:26.

      Li hahoa ka menehelo e kenngoang letlōleng leo liphutheho tsohle li le tšehetsang. Menehelo ena e romeloa ofising ea lekala e le hore ho ka thusoa liphutheho ha ho hlokahala hore li hahe Liholo Tsa ’Muso kapa li li nchafatse.

      Li hahoa ke baithaopi ba sa lefuoeng ba maemo a sa tšoaneng. Linaheng tse ngata ho hlophisitsoe Lihlopha Tsa Kaho ea Liholo Tsa ’Muso. Bahlanka ba kaho le baithaopi ba bang ba ea libakeng tse sa tšoaneng ka har’a naha, ho ea thusa liphutheho ha li haha Liholo Tsa ’Muso. Linaheng tse ling, ho khethiloe Lipaki tse tšoanelehang hore li tsamaise mosebetsi oa kaho le ho nchafatsa Liholo Tsa ’Muso tikolohong eo li e abetsoeng. Le hoja batho ba bangata ba tsebang mosebetsi oa kaho ba tikolohong eo ba ithaopela ho thusa, mosebetsi boholo o etsoa ke litho tsa phutheho. Mesebetsi ena kaofela e khoneha ka lebaka la moea oa Jehova le boiteko boo batho ba hae ba bo etsang ka moea oohle.—Pesaleme ea 127:1; Bakolose 3:23.

      • Ke hobane’ng ha libaka tsa rōna tsa borapeli li bitsoa Liholo Tsa ’Muso?

      • Ho tla joang hore re khone ho haha Liholo Tsa ’Muso lefatšeng lohle?

  • Re ka Hlokomela Holo ea Rōna ea ’Muso Joang?
    Ke Bo-mang ba Etsang Thato ea Jehova Kajeno?
    • THUTO 26

      Re ka Hlokomela Holo ea Rōna ea ’Muso Joang?

      Lipaki Tsa Jehova li hloekisa Holo ea ’Muso Estonia

      Estonia

      Lipaki Tsa Jehova li hloekisa Holo ea ’Muso Zimbabwe
      Paki ea Jehova e kenya lebone Holong ea ’Muso Mongolia
      Paki ea Jehova e penta Holo ea ’Muso Puerto Rico

      Holo e ’ngoe le e ’ngoe ea ’Muso ea Lipaki Tsa Jehova e na le lebitso le halalelang la Molimo. Ka lebaka leo, re nka e le tlotla ho hloekisa mohaho ona, ho tiisa hore oa boheha ebile o lula o le boemong bo botle ’me re nka ho etsa joalo e le karolo ea bohlokoa ea borapeli ba rōna bo halalelang. E mong le e mong a ka kenya letsoho.

      Ka mor’a liboka ithaopele ho hloekisa holo ho se hokae. Ka mor’a seboka ka seng, bara le barali babo rōna ba thabela ho hloekisa Holo ea ’Muso ho se hokae hore e bohehe. Hang ka beke, holo e hloekisoa ka ho feletseng. Mosebetsi ona o etelloa pele ke moholo kapa mohlanka ea sebeletsang, hangata a latela lethathamo la lintho tse lokelang ho etsoa. Ho itšetlehile ka se hlokahalang, batho ba hloekisang ba ithaopela ho fiela, ho koropa, ho phumola lerōle, ho beha litulo hantle, ho hloekisa matloana, ho hlatsoa lifensetere le liipone, ho qhala lithōle kapa ho hloekisa jarete. Bonyane hang ka selemo, ho khethoa letsatsi la ho hloekisa holo ka hare le ka ntle. Ha re sebetsa le bana ba rōna, re ba ruta ho hlompha sebaka sa rōna sa borapeli.—Moeklesia 5:1.

      Ithaopele ho thusa kamehla ha ho hlokahala hore thepa e lokisoe. Selemo le selemo, Holo ea ’Muso e hlahlojoa ka ho feletseng, ka ntle le ka hare. Ho ipapisitsoe le tlhahlobo ena, ho lokisoa lintho tse hlokang ho lokisoa e le hore holo e lule e le boemong bo botle, e leng se etsang hore phutheho e se ke ea kena litšenyehelong tse sa hlokahaleng. (2 Likronike 24:13; 34:10) Holo ea ’Muso e makhethe le e hlokometsoeng hantle ke sebaka se loketseng seo ho sona re rapelang Molimo oa rōna. Ka ho kenya letsoho mosebetsing ona, re bontša hore na re rata Jehova le ho ananela sebaka sa rōna sa borapeli hakae. (Pesaleme ea 122:1) Sena se boetse se khahla batho motseng.—2 Bakorinthe 6:3.

      • Ke hobane’ng ha re sa lokela ho hlokomoloha sebaka sa rōna sa borapeli?

      • Ho etsoa litlhophiso life e le hore Holo ea ’Muso e lule e hloekile?

  • Laebrari e Holong ea ’Muso e ka re Tsoela Molemo Joang?
    Ke Bo-mang ba Etsang Thato ea Jehova Kajeno?
    • THUTO 27

      Laebrari e Holong ea ’Muso e ka re Tsoela Molemo Joang?

      Motho ea sebelisang laebrari e Holong ea ’Muso

      Iseraele

      Czech Republic

      Ngoananyana ea ngolang lebitso la hae bukeng ea lipina

      Benin

      Monna ea sebelisang Watchtower Library ho etsa lipatlisiso

      Na u ka rata ho etsa lipatlisiso e le hore u eketse tsebo ea hao ea Bibele? Na u batla ho tseba haholoanyane ka lengolo le itseng, motho kapa ntho e ’ngoe e boletsoeng ka Bibeleng? Kapa na u kile ua ipotsa hore na Lentsoe la Molimo le ka u thusa ka lintho tseo u amehileng ka tsona? Haeba ho joalo, u ka sebelisa laebrari e Holong ea ’Muso.

      E na le lingoliloeng tsa ho etsa lipatlisiso. Mohlomong, ho na le likhatiso tse ling tsa Lipaki Tsa Jehova tse thehiloeng Bibeleng, tseo u se nang tsona ka puo ea hao. Empa laebraring e Holong ea ’Muso ho na le likhatiso tse ngata tsa morao-rao. Mohlomong ho bile ho na le liphetolelo tse sa tšoaneng tsa Bibele, buka e hlalosang mantsoe hantle le libuka tse ling tse molemo tseo u ka etsang lipatlisiso ho tsona. U ka sebelisa laebrari pele le ka mor’a liboka. Haeba ho na le k’homphieutha, mohlomong e na le Watchtower Library, e leng lenaneo la k’homphieutha le nang le lingoliloeng tsa rōna tse ngata, leo ho leng bonolo ho etsa lipatlisiso ka lona ha u batla boitsebiso bo mabapi le sehlooho se itseng, lentsoe kapa temana.

      E ka thusa liithuti tsa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Haeba u ngolisitse sekolong sena, laebrari e Holong ea ’Muso e ka u tsoela molemo ha u lokisetsa kabelo ea hao. Ke molebeli oa sekolo ea hlokomelang laebrari. Boikarabelo ba hae ke ho tiisa hore ho na le likhatiso tsa morao-rao le hore li hlophisitsoe hantle. Ke eena kapa motho ea u rutang Bibele ea ka u bontšang kamoo u ka fumanang boitsebiso boo u bo hlokang. Leha ho le joalo, libuka tseo ha lia lokela ho tsoa Holong ea ’Muso. Ha e le hantle, re batla ho tšoara libuka tsena ka hloko ’me re se ke ra li tšoaea.

      Bibele e re re ka fumana “tsebo ea Molimo” haeba re ikemiselitse ho e batlisisa “joaloka matlotlo a patiloeng.” (Liproverbia 2:1-5) Laebrari e Holong ea ’Muso e ka u thusa ho etsa lipatlisiso.

      • U ka sebelisa lintho life ho etsa lipatlisiso laebraring e Holong ea ’Muso?

      • Ke bo-mang ba ka u thusang ho sebelisa laebrari ka tsela e molemo ka ho fetisisa?

      ITHUTE KA HO EKETSEHILENG

      Haeba u batla ho qala ho iketsetsa laebrari, botsa hore na ho na le lingoliloeng life k’haontareng ea lingoliloeng. Motho ea u rutang Bibele a ka etsa tlhahiso ea hore na ke likhatiso life tseo ho ka bang molemo hore u qale ka tsona.

  • Motho a ka Fumana Eng Websaeteng ea Rōna?
    Ke Bo-mang ba Etsang Thato ea Jehova Kajeno?
    • THUTO 28

      Motho a ka Fumana Eng Websaeteng ea Rōna?

      Mosali ea etsang lipatlisiso a sebelisa laptop

      Fora

      Lelapa le sebelisa k’homphieutha

      Poland

      Mosali ea shebelletseng video ea puo ea matsoho Inthaneteng

      Russia

      Jesu Kreste o ile a re ho balateli ba hae: “Leseli la lōna le ke le khanye ka pel’a batho, e le hore ba ka bona mesebetsi ea lōna e metle ’me ba tlotlisa Ntat’a lōna ea maholimong.” (Matheu 5:16) E le hore re finyelle seo, re sebelisa hamolemo theknoloji ea morao-rao, ho akarelletsa Inthanete. Websaete ea rōna ea jw.org ke mocha oo Lipaki Tsa Jehova li o sebelisang ho fana ka boitsebiso ba seo li se lumelang le mosebetsi oo li o etsang. Ho na le eng websaeteng ee?

      Ho na le likarabo tsa Bibele lipotsong tseo batho ba atisang ho li botsa. U ka fumana likarabo tsa lipotso tse ling tsa bohlokoa tseo batho ba atisang ho li botsa. Tse tšeletseng li arajoa ke pampitšana e nang le sehlooho se reng Na U ka Thabela ho Tseba ’Nete? e fumanehang Inthaneteng ka lipuo tse ka bang 400. U ka boela ua fumana Phetolelo ea Lefatše le Lecha ka lipuo tse fetang 100 hammoho le likhatiso tse ’maloa tse ka u thusang ho ithuta Bibele, tse akarelletsang buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? le likhatiso tsa morao-rao tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Boholo ba likhatiso tsena motho a ka li bala kapa a li mamela Inthaneteng esita le ho li kopitsa e le MP3, AAC, PDF kapa EPUB. U ka boela oa hatisa maqephe a seng makae a tsona e le hore u a bontše motho e mong ea thahasellang ka puo ea hae! Ho na le livideo tse ngata tsa puo ea matsoho. U ka kopitsa ’malo oa Bibele oa tšoantšiso, litšoantšiso tsa Bibele le ’mino o monate e le hore u o mamele u khatholohile.

      Ho na le boitsebiso ba ’nete bo mabapi le Lipaki Tsa Jehova. Ho boetse ho na le litaba tsa morao-rao le livideo tse amanang le mosebetsi oo re o etsang lefatšeng lohle, liketsahalo tse amang Lipaki Tsa Jehova hammoho le mosebetsi oa rōna oa liphallelo. U ka fumana boitsebiso ba likopano tse tla tšoaroa hammoho le ba liofisi tsa rōna tsa makala.

      Ka tsela ena, re khantša leseli la ’nete esita le likarolong tsa lefatše tse hōle ka ho fetisisa. Batho ba lik’honthinenteng tsohle ba rua molemo, ho akarelletsa le ba Antarctica. Re rapella hore e se eka “lentsoe la Jehova le ka ’na la tsamaea ka potlako” lefatšeng lohle, e le hore Molimo a tlotlisoe.—2 Bathesalonika 3:1.

      • Ke joang websaete ea jw.org e thusang batho ba bangata hore ba ithute ’nete ea Bibele?

      • Ke eng seo u ka ratang ho se batlisisa Websaeteng ea rōna?

      TLHOKOMELISO:

      Liwebsaete tse ling li qapiloe ke bahanyetsi ba batlang ho jala mashano ka mokhatlo oa rōna. Sepheo sa bona ke ho etsa hore batho ba se ke ba sebeletsa Jehova. Re lokela ho qoba liwebsaete tseo.—Pesaleme ea 1:1; 26:4; Baroma 16:17.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela