Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • U Tla Fumana Eng Libokeng Tsa Rōna Tsa Bokreste?
    Ke Bo-mang ba Etsang Thato ea Jehova Kajeno?
    • THUTO 5

      U Tla Fumana Eng Libokeng Tsa Rōna Tsa Bokreste?

      Lipaki Tsa Jehova li Holong ea ’Muso, Argentina

      Argentina

      Seboka sa Lipaki Tsa Jehova, Sierra Leone

      Sierra Leone

      Seboka sa Lipaki Tsa Jehova, Belgium

      Belgium

      Seboka sa Lipaki Tsa Jehova, Malaysia

      Malaysia

      Batho ba bangata ha ba sa ea likerekeng hobane ha li ba tataise litabeng tsa moea ebile ha li ba tšelise. Joale, ke hobane’ng ha u lokela ho ba teng libokeng tsa Bokreste tse hlophisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova? U tla fumana eng moo?

      U tla fumana thabo ea ho ba har’a batho ba lerato le ba tsotellang. Lekholong la pele la lilemo, Bakreste ba ne ba hlophisitsoe ka liphutheho, ’me ba tšoara liboka e le hore ba rapele Molimo, ba ithute Mangolo ba be ba khothatsane. (Baheberu 10:24, 25) Ba ne ba ikutloa ba le har’a metsoalle ea ’nete hobane ba e-na le batho ba lerato, e leng barab’abo bona ba moea. (2 Bathesalonika 1:3; 3 Johanne 14) Re latela mohlala oa bona ’me re fumana thabo e tšoanang le ea bona.

      U tla rua molemo ka ho ithuta tsela ea ho sebelisa melao-motheo ea Bibele. Joaloka mehleng ea Bibele, banna, basali le bana ba bokana hammoho. Mesuoe e tšoanelehang e sebelisa Bibele ho re thusa ho lemoha kamoo re ka sebelisang melao-motheo ena bophelong ba letsatsi le letsatsi. (Deuteronoma 31:12; Nehemia 8:8) Bohle ba ka araba lipotso tse botsoang bamameli ’me ba bina, e leng se re fang monyetla oa ho bolela tšepo ea rōna ea Bokreste.—Baheberu 10:23.

      U tla hlohonolofatsoa ka hore tumelo ea hao ho Molimo e be matla. Moapostola Pauluse o ile a bolella e ’ngoe ea liphutheho tsa mehleng ea hae ho re: “Ke hlolohetsoe ho le bona, . . . e le hore ho ka ba le ho khothatsana har’a lōna, e mong le e mong ka tumelo ea e mong, ea lōna le ea ka.” (Baroma 1:11, 12) Ha re kopana le barapeli-’moho le rōna kamehla libokeng, tumelo ea rōna ea matlafala hammoho le boikemisetso ba rōna ba ho phela ka melao-motheo ea Bokreste.

      Re u khothalletsa hore u be teng sebokeng se latelang sa phutheho ’me u inoese ka nkho. U tla amoheloa ka mofuthu. Ho kenoa mahala ebile ha ho nkoe koleke.

      • Liboka tsa rōna tsa phutheho li tšoaroa joaloka life?

      • Re ka rua molemo ofe ka ho ba teng libokeng tsa Bokreste?

      ITHUTE KA HO EKETSEHILENG

      Haeba u ka rata ho bona Holo ea ’Muso ea sebakeng sa heno ka hare pele u ea sebokeng se seng sa rōna, kōpa e mong oa Lipaki Tsa Jehova hore a u bontše eona.

  • Re Rua Molemo Joang ha re Bokana le Bakreste-’moho le Rōna?
    Ke Bo-mang ba Etsang Thato ea Jehova Kajeno?
    • THUTO 6

      Re Rua Molemo Joang ha re Bokana le Bakreste-’moho le Rōna?

      Lipaki Tsa Jehova li thabela ho ba ’moho

      Madagascar

      Paki ea Jehova e thusa Paki e ’ngoe
      Baholo ba Bakreste ba etetse molumeli-’moho le bona
      Lipaki Tsa Jehova li thabela ho ba ’moho

      Re ea libokeng tsa Bokreste kamehla esita le haeba re lokela ho tsamaea moferong o teteaneng kapa boemong bo bobe ba leholimo. Ke hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li ikitlaelletsa ho bokana le barapeli-’moho le tsona ho sa tsotellehe mathata a bophelo le hore li khutla li khathetse ha li tsoa mosebetsing?

      Hoa re khatholla. Ha Pauluse a bua ka bao re kopanelang le bona phuthehong o ile a re: ‘Nahanelanang.’ (Baheberu 10:24) Lentsoe lena le fana ka maikutlo a “ho hlokomelana,” e leng se bolelang hore re lokela ho tsebana. Kahoo, moapostola o re khothalletsa hore re amehe ka ba bang. Ha re tseba malapa a mang a Bakreste, re fumana hore ho na le a atlehileng ho hlōla mathata a tšoanang le a rōna, ’me a ka re thusa hore le rōna re atlehe.

      Ho re thusa ho fumana metsoalle ea ’nete. Ha re le libokeng re ba ’moho le metsoalle e haufi, eseng feela batho bao re tsebanang le bona. Ka linako tse ling, re qeta nako re ikhatholla ka tsela e molemo. See se re tsoela molemo joang? Re ithuta ho ananelana haholoanyane, ’me seo se tiisa maqhama a rōna a lerato. Kahoo, ha metsoalle ea rōna e na le mathata, re potlakela ho e thusa hobane re se re le metsoalle ea ’nete. (Liproverbia 17:17) Ka ho thabela botsoalle le litho tsohle tsa phutheho, re bontša hore ‘re hlokomelana ka tsela e tšoanang.’—1 Bakorinthe 12:25, 26.

      Re u khothalletsa ho khetha metsoalle e etsang thato ea Molimo. U tla fumana metsoalle e joalo har’a Lipaki Tsa Jehova. Re kōpa hore u se lumelle letho ho u thibela ho kopanela le rōna.

      • Ke hobane’ng ha ho ba hammoho libokeng ho re ruisa molemo?

      • U ka rata ho etela libokeng tsa rōna neng e le hore u re tsebe hamolemo?

  • Ho Etsoa’ng Libokeng Tsa Rōna?
    Ke Bo-mang ba Etsang Thato ea Jehova Kajeno?
    • THUTO 7

      Ho Etsoa’ng Libokeng Tsa Rōna?

      Sebokeng sa Lipaki Tsa Jehova New Zealand

      New Zealand

      Sebokeng sa Lipaki Tsa Jehova Japan

      Japane

      Paki e nyenyane e bala Bibele Uganda

      Uganda

      Lipaki tse peli li etsa pontšo ea batho ba buisanang ka Bibele Lithuania

      Ntho e ka sehloohong e neng e etsoa libokeng tsa Bakreste ba pele ke ho bina, ho rapela, ho bala Mangolo le ho a tšohla ’me ho se na meetlo e etsoang. (1 Bakorinthe 14:26) U ka lebella ho bona se tšoanang libokeng tsa rōna.

      Ho fanoa ka thupelo e thehiloeng Bibeleng ’me e molemo. Mafelong a beke, phutheho ka ’ngoe ea kopana ho tla mamela puo ea Bibele ea metsotso e 30, e bontšang seo Mangolo a se buang ka bophelo ba rōna le nako eo re phelang ho eona. Kaofela ha rōna re khothalletsoa ho tsamaisana le sebui Libibeleng tsa rōna. Ka mor’a puo eo, ho tšoaroa Thuto ea “Molula-Qhooa” e nkang hora, ’me litho tsa phutheho li khothalletsoa ho kopanela ha ho tšohloa sehlooho se ithutoang sa Molula-Qhooa. Ho etsa joalo ho re thusa ho sebelisa tataiso ea Bibele bophelong ba rōna. Ho ithutoa boitsebiso bo tšoanang liphuthehong tsohle tse fetang 110 000 lefatšeng lohle.

      Re thusoa ho ntlafatsa tsebo ea rōna ea ho ruta. Re boetse rea kopana mantsiboeeng a mang har’a beke e le hore re tšoare seboka se likarolo li tharo. Karolo ea pele ke Thuto ea Bibele ea Phutheho ea metsotso e 30, e leng puisano ea lipotso le likarabo e re thusang ho ba le kutloisiso e tebileng ea melao-motheo ea Mangolo le boprofeta ba Bibele. Karolo e latelang ke Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo se nkang metsotso e 30, ’me qalong ho tšohloa karolo e itseng ea Bibele eo phutheho e e balileng esale pele. Ebe liithuti tse ngolisitseng sekolong sena li fana ka lipuo tse khutšoanyane. Motho ea tsamaisang sekolo o fana ka keletso ho re thusa hore re ntlafatse tsebo ea rōna ea ho bala le ho bua. (1 Timothea 4:13) Karolo ea ho qetela ke Seboka sa Tšebeletso se nkang metsotso e 30, seo ho sona ho bang le lipuo, lipontšo le lipuisano ’me se re bontša kamoo re ka rutang ba bang Bibele kateng.

      Ha u tla libokeng tsa rōna, ha ho pelaelo hore u tla khahloa ke boleng ba thuto ea Bibele eo u tla e fumana.—Esaia 54:13.

      • U ka lebella ho utloa eng libokeng tsa Lipaki Tsa Jehova?

      • Ke seboka sefe sa rōna se tšoaroang beke le beke seo u ratang ho ba teng ho sona nakong e tlang?

      ITHUTE KA HO EKETSEHILENG

      Hlahloba boitsebiso bo bong bo tla tšohloa libokeng tse tla tšoaroa libekeng tse seng kae tse latelang. Hlokomela hore na ke boitsebiso bofe boo u tla ithuta bona Bibeleng bo ka u tsoelang molemo bophelong ba letsatsi le letsatsi.

  • Ke Hobane’ng ha re Apara Hantle ha re ea Libokeng?
    Ke Bo-mang ba Etsang Thato ea Jehova Kajeno?
    • THUTO 8

      Ke Hobane’ng ha re Apara Hantle ha re ea Libokeng?

      Ntate le mora ba aparela ho ea sebokeng

      Iceland

      ’Mè le morali ba itokisetsa ho ea sebokeng
      Lipaki Tsa Jehova tse apereng hantle Guinea-Bissau
      Lelapa la Philippines le ea sebokeng

      Na ha u sheba litšoantšo tse bukaneng ee, u hlokomela kamoo Lipaki Tsa Jehova li aparang hantle kateng ha li ea libokeng tsa phutheho? Ke hobane’ng ha re ela hloko moaparo oa rōna le boitlhopho ka tsela ee?

      Re bontša hore re hlompha Molimo. Ke ’nete hore Molimo ha a talime ponahalo ea rōna feela. (1 Samuele 16:7) Leha ho le joalo, ha re bokana ho tla mo rapela, takatso ea lipelo tsa rōna ke ho bontša hore rea mo hlompha ebile re hlompha barapeli-’moho le rōna. Haeba re ne re lokela ho hlaha ka pel’a moahloli ka khotla, mohlomong re ne re tla ela hloko ponahalo ea rōna hobane re hlompha boemo ba hae. Ka ho tšoanang, ponahalo ea rōna ha re le libokeng e bontša hore re hlompha “Moahloli oa lefatše lohle,” Jehova Molimo le sebaka seo re mo rapelang ho sona.—Genese 18:25.

      Moaparo oa rōna o bontša hore na ke melao efe e re tataisang. Bibele e khothalletsa Bakreste ho apara “ka boitlhompho le ho hlaphoheloa kelellong.” (1 Timothea 2:9, 10) Ho apara “ka boitlhompho” ho bolela ho qoba ho ipitsetsa mahlo ka ho apara liaparo tse mahalihali, tse tsosang takatso kapa tse bonaletsang. Ho feta moo, “ho hlaphoheloa kelellong” ho re thusa ho khetha liaparo tse ntle, eseng tse bontšang ho se tsotelle kapa tse makatsang. Motho ea latelang melao-motheo ena, o ntse a e-na le liaparo tse ngata tse amohelehang tseo a ka li khethang. Ponahalo ea rōna e ntle le e khahlehang e ka “khabisa thuto ea Mopholosi oa rōna” le ho “tlotlisa Molimo” leha re sa re letho. (Tite 2:10; 1 Petrose 2:12) Re ka susumetsa tsela eo ba bang ba talimang borapeli ba Jehova ka eona ha re ea libokeng re apere hantle.

      Ho hloka liaparo ho se ke ha u thibela ho ea Holong ea ’Muso. Re ka apara liaparo tse loketseng, tse hloekileng le tse amohelehang le haeba li se turu kapa li se majabajaba.

      • Tsela eo re aparang ka eona ha re il’o rapela Molimo ke ea bohlokoa hakae?

      • Re tataisoa ke melao-motheo efe ha re khetha tsela eo re aparang le ho itlhopha ka eona?

  • Tsela e Molemo ea ho Lokisetsa Liboka ke Efe?
    Ke Bo-mang ba Etsang Thato ea Jehova Kajeno?
    • THUTO 9

      Tsela e Molemo ea ho Lokisetsa Liboka ke Efe?

      Paki ea Jehova e lokisetsa seboka

      Cambodia

      Paki ea Jehova e lokisetsa seboka
      Paki ea Jehova ea araba sebokeng

      Ukraine

      Haeba u ithuta Bibele le Paki ea Jehova, mohlomong u leka ho hlahloba esale pele boitsebiso boo le tla ithuta bona. E le hore u rue molemo o moholo, ho ka ba hotle hore u etse se tšoanang pele u ea libokeng tsa phutheho. Ho iketsetsa kemiso eo re tla e khomarela ho ka re tsoela molemo haholo.

      Etsa qeto ea hore na u tla ithutela hokae hona neng. U khona ho tsepamisa mohopolo neng? Na ke hoseng, pele u qala mesebetsi ea letsatsi, kapa ka phirimana, ha bana ba se ba robetse? Esita le haeba u ke ke ua qeta nako e telele u ithuta, etsa qeto ea hore na u ka qeta nako e kae u ithuta, ’me u leke hore ho se be le letho le u sitisang. Batla sebaka se khutsitseng, ’me u time lintho tsohle tse ka u sitisang tse kang seea-le-moea, thelevishene le selefouno. Ho rapela pele u ithuta ho tla u thusa hore u imolohe matšoenyehong a letsatsi e le hore u tsepamise mohopolo Lentsoeng la Molimo.—Bafilipi 4:6, 7.

      Tšoaea likarabo ’me u itokisetse ho araba. Qala ka ho fumana moelelo o akaretsang oa taba. Nahana ka sehlooho seo u ithutang sona, kamoo sehloohoana ka seng se amanang kateng le sehlooho seo, ’me u shebe litšoantšo u be u hlahlobe lipotso tse hatisang lintlha tsa bohlokoa. Ebe u bala serapa ka seng ’me u batle karabo ea potso ea sona. Phetla mangolo a sa qotsoang u be u a bale, ’me u nahane ka hore na a tšehetsa boitsebiso boo joang. (Liketso 17:11) Ha u fumana karabo, e tšoaee kapa u tšoaee mantsoe kapa lipoleloana tse seng kae tse tla u thusa ho hopola karabo. Ha u se u le libokeng, u ka phahamisa letsoho haeba u rata ebe u araba ka bokhutšoanyane ka mantsoe a hao.

      Ha u hlahloba lihlooho tse sa tšoaneng tse ithutoang beke ka ’ngoe libokeng, u tla ithuta lintho tse ncha ’me u tla eketsa ‘pokello ea hao ea letlotlo’ la tsebo ea Bibele.—Matheu 13:51, 52.

      • U ka iketsetsa kemiso efe ea ho lokisetsa liboka?

      • U ka itokisetsa joang hore u arabe ha u le libokeng?

      ITHUTE KA HO EKETSEHILENG

      U ka lokisetsa Thuto ea Molula-Qhooa kapa Thuto ea Bibele ea Phutheho ka tsela e tšoanang. Motho eo u ithutang Bibele le eena a ka u thusa ho lokisetsa hore u arabe sebokeng se latelang.

  • Borapeli ba Lelapa Ke’ng?
    Ke Bo-mang ba Etsang Thato ea Jehova Kajeno?
    • THUTO 10

      Borapeli ba Lelapa Ke’ng?

      Lelapa le thabela borapeli ba lelapa

      Korea Boroa

      Banyalani ba ithuta Bibele hammoho

      Brazil

      Paki ea Jehova e ithuta Bibele

      Australia

      Lelapa le qoqa ka Bibele

      Ho tloha linakong tsa boholo-holo, Jehova o ’nile a batla hore lelapa ka leng le qete nako e itseng le le hammoho, e le hore le matlafatse kamano ea lona le eena le hore kamano ea litho tsa lelapa e matlafale. (Deuteronoma 6:6, 7) Ke ka lebaka leo Lipaki Tsa Jehova li behellang nako ka thōko beke le beke e le hore lelapa le kopanele borapeling—le buisane ka lintho tsa moea tse loketseng maemo a lona le iketlile. Esita le haeba u lula u le mong, u ka sebelisa nako e joalo hamolemo e le hore u atamele ho Molimo ka ho ikhethela seo u batlang ho ithuta sona ka Bibeleng.

      Bo atametsa lelapa ho Jehova. “Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lōna.” (Jakobo 4:8) Re tseba Jehova hamolemo ha re ithuta botho ba hae le liketso tsa hae ka Bibeleng. Tsela e bonolo ea ho qala borapeli ba lelapa ke ho qeta nako e itseng le bala Bibele hammoho, mohlomong le ipapisa le kemiso ea beke le beke ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Setho ka seng sa lelapa se ka abeloa ho bala karolo e itseng, ebe bohle ba buisana ka lintlha tseo ba ithutileng tsona Mangolong.

      Bo momahanya lelapa. Kamano pakeng tsa monna le mosali le pakeng tsa batsoali le bana ea matlafala ha ba ithuta Bibele e le lelapa. Nako eo bo tšoaroang ka eona e lokela ho ba ea thabo le khotso le ea bohlokoa beke le beke. Ho itšetlehile ka lilemo tsa bana, batsoali ba ka khetha litaba tse ka tsoelang lelapa molemo, mohlomong ba sebelisa lihlooho tse itseng tsa Molula-Qhooa le Tsoha! kapa Websaete ea rōna ea jw.org. Le ka buisana ka bothata boo bana ba thulanang le bona sekolong le tsela ea ho sebetsana le bona. Le ka ’na la thabela ho ithuta lipina tse tla binoa libokeng ’me ka mor’a borapeli ba lelapa la ja lijo tse bobebe.

      Nako ena e khethehileng eo lelapa la hao le e qetang borapeling ba Jehova beke le beke e tla thusa bohle hore ba thabele ho ithuta Lentsoe la Molimo, ’me o tla hlohonolofatsa boiteko ba lōna haholo.—Pesaleme ea 1:1-3.

      • Ke hobane’ng ha re behella nako ka thōko bakeng sa borapeli ba lelapa?

      • Batsoali ba ka etsa’ng hore lelapa le thabele nako ee?

      ITHUTE KA HO EKETSEHILENG

      E-re ba bang ka phuthehong ba u bolelle hore na ba etsa’ng nakong ea borapeli ba lelapa. Hape, fumana hore na ho na le lingoliloeng life Holong ea ’Muso tseo ka tsona u ka rutang bana ka Jehova.

  • Ke Hobane’ng ha re ea Likopanong?
    Ke Bo-mang ba Etsang Thato ea Jehova Kajeno?
    • THUTO 11

      Ke Hobane’ng ha re ea Likopanong?

      Kopano ea setereke ea Lipaki Tsa Jehova Mexico

      Mexico

      Ho lokolloa sengoliloeng kopanong ea setereke Jeremane

      Jeremane

      Lipaki Tsa Jehova li kopanong ea setereke Botswana

      Botswana

      Mocha oa kolobetsoa Nicaragua
      Tšoantšiso kopanong ea setereke Italy

      Ke hobane’ng ha batho baa ba thabile? Ba tlile kopanong. Joaloka bahlanka ba Molimo ba nakong e fetileng, ba neng ba laeloa hore ba bokane hammoho hararo ka selemo, re labalabela ho bokana ka lihlopha tse khōlō. (Deuteronoma 16:16) Selemo le selemo, re ba le likopano tse tharo: likopano tse peli tsa potoloho, eo ka ’ngoe e nkang letsatsi le kopano ea setereke ea matsatsi a mararo. Re rua molemo joang lipokanong tsee?

      Li matlafatsa kamano ea rōna le barab’abo rōna ba Bakreste. Joalokaha Baiseraele ba ne ba thabela ho rorisa Jehova “har’a matšoele a phuthehileng,” le rōna re thabela ho mo rapela re le hammoho likopanong. (Pesaleme ea 26:12; 111:1) Lipokano tsena li bula monyetla oa ho kopana le ho thabela botsoalle le Lipaki tse tsoang liphuthehong tse ling kapa esita le linaheng tse ling. Motšehare re thabela ho ja hammoho, e leng se tlatsetsang moeeng oa botsoalle likopanong tsena. (Liketso 2:42) Ha re le moo re bona lerato le kopanyang “mokhatlo oohle oa barab’abo rōna” lefatšeng lohle.—1 Petrose 2:17.

      Li re thusa ho hatela pele moeeng. Baiseraele ba ile ba boela ba ruisoa molemo ke ‘ho utloisisa mantsoe’ a Mangolo ao ba ileng ba a qaqisetsoa. (Nehemia 8:8, 12) Le rōna re ananela thupelo ea Bibele eo re e fumanang likopanong. Lenaneo ka leng le thehiloe sehloohong sa Mangolo. Lipuo tse monate, lineheletsano le lipontšo tsa se hlileng se etsahetseng, li re bontša kamoo re ka etsang thato ea Molimo kateng bophelong ba rōna. Rea khothala ha re utloa liphihlelo tsa batho ba atlehileng ho tobana le lintho tse ba thatafalletsang ho phela ka tsela ea Bokreste linakong tsena tse thata. Likopanong tsa setereke, litšoantšiso tsa moaparo oa boholo-holo li etsa hore litlaleho tsa Bibele li re natefele ’me li re ruta lithuto tseo re ka li sebelisang bophelong. Likopanong tsohle ho kolobetsoa ba batlang ho tšoantšetsa boinehelo ba bona ho Molimo.

      • Ke eng e etsang hore likopano e be tse thabisang?

      • U ka rua molemo joang ka ho ba teng kopanong?

      ITHUTE KA HO EKETSEHILENG

      Haeba u rata ho bona hore Lipaki Tsa Jehova li momahane, re kōpa u be teng kopanong e latelang. Motho ea u rutang Bibele a ka u bontša lenaneo la kopano e le hore u bone lintlha tse tšohloang moo. Tšoaea letsatsi la kopano e latelang k’halendareng u be u ngole hore na e tla tšoareloa hokae ’me u ee haeba u khona.

  • Mosebetsi oa Rōna oa ho Bolela ka ’Muso o Hlophisitsoe Joang?
    Ke Bo-mang ba Etsang Thato ea Jehova Kajeno?
    • THUTO 12

      Mosebetsi oa Rōna oa ho Bolela ka ’Muso o Hlophisitsoe Joang?

      Lipaki Tsa Jehova li paka ka ntlo le ntlo

      Spain

      Paki ea Jehova e paka serapeng sa boikhathollo

      Belarus

      Paki ea Jehova e paka ka thelefono

      Hong Kong

      Lipaki Tsa Jehova tšebeletsong

      Pejana ho lefu la hae, Jesu o ile a re: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle; joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.” (Matheu 24:14) Empa mosebetsi oo oa ho bolela lefatšeng lohle o ne o tla finyelloa joang? Ka ho latela mohlala oo Jesu a o behileng ha a le lefatšeng.—Luka 8:1.

      Re leka ho buisana le batho malapeng a bona. Jesu o ile a koetlisetsa barutuoa ba hae ho bolela litaba tse molemo ka ntlo le ntlo. (Matheu 10:11-13; Liketso 5:42; 20:20) Baboleli bao ba evangeli ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba filoe libaka tseo ba lokelang ho bolela ho tsona. (Matheu 10:5, 6; 2 Bakorinthe 10:13) Le kajeno, mosebetsi oa rōna o hlophisitsoe hantle, ’me phutheho ka ’ngoe e fuoe sebaka seo e lokelang ho bolela ho sona. Sena se re thusa ho phetha taelo ea Jesu ea ‘ho bolella batho le ho fana ka bopaki bo phethahetseng.’—Liketso 10:42.

      Re leka ka matla hore re finyelle batho libakeng tsohle. Jesu o ile a boela a beha mohlala ka ho bolella batho phatlalatsa, libakeng tse kang lebōpong la leoatle esita le selibeng. (Mareka 4:1; Johanne 4:5-15) Le rōna re buisana le batho ka Bibele hohle moo re ka ba fumanang teng—literateng, libakeng tsa khoebo, lirapeng tsa boikhathollo, kapa ka thelefono. Re boetse re pakela baahelani, basebetsi-’moho le rōna, bao re kenang sekolo le bona le beng ka rōna ha re e-na le monyetla. Boiteko bona bohle bo thusitse batho ba limilione lefatšeng lohle ho utloa “litaba tse molemo tsa poloko.” —Pesaleme ea 96:2.

      Na ho na le motho eo u ka lakatsang ho mo bolella litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo le hore na li tla ama bokamoso ba hae joang? U se ke ua ipolokela molaetsa ona o fanang ka tšepo. O bolelle batho ba bang kapele kamoo u ka khonang!

      • “Litaba tse molemo” tse lokelang ho boleloa ke life?

      • Lipaki Tsa Jehova li latela mohlala oa Jesu oa ho bolela joang?

      ITHUTE KA HO EKETSEHILENG

      Kōpa motho ea u khannelang thuto ea Bibele hore a u bontše tsela e masene eo u ka bolellang motsoalle oa hao seo u ithutileng sona Bibeleng.

  • Pula-maliboho ke Eng?
    Ke Bo-mang ba Etsang Thato ea Jehova Kajeno?
    • THUTO 13

      Pula-maliboho ke Eng?

      ’Moleli oa nako e tletseng o tšimong

      Canada

      Baboleli ba nako e tletseng ba mosebetsing oa ho paka
      Bo-pula-maliboho ba khanna thuto ea Bibele
      Pula-maliboho o ithuta Bibele

      Hangata lentsoe “pula-maliboho” le bolela motho ea eang libakeng tse ncha ho ea bulela ba bang khoro e le hore ba mo latele. Jesu e ne e le pula-maliboho, kaha o ne a ronngoe lefatšeng hore a etse tšebeletso e fanang ka bophelo le ho bulela batho monyetla oa hore ba bolokehe. (Matheu 20:28) Kajeno balateli ba hae baa mo etsisa ka hore ba qete nako e ngata kamoo ba ka khonang ‘ba etsa barutuoa.’ (Matheu 28:19, 20) Ba bang ba khonne ho etsa seo re se bitsang tšebeletso ea bopula-maliboho.

      Pula-maliboho ke ’moleli oa nako e tletseng. Lipaki Tsa Jehova kaofela ke bahoeletsi ba litaba tse molemo. Leha ho le joalo, ba bang ba lokisitse maemo a bona e le hore ba sebeletse e le bo-pula-maliboho ba kamehla, ba qete lihora tse 70 ka khoeli mosebetsing oa ho bolela. E le hore ba khone ho etsa sena, ba bang ba etsa mosebetsi oa nakoana. Ba bang ba khethoa hore e be bo-pula-maliboho ba khethehileng moo ho hlokahalang baboleli ba ’Muso ba eketsehileng, ’me khoeli le khoeli ba qeta lihora tse 130 kapa ho feta tšebeletsong. Bo-pula-maliboho ba khotsofaletse ho phela bophelo bo itekanetseng, ba kholisehile hore Jehova o tla ba fa lintho tseo ba li hlokang bophelong. (Matheu 6:31-33; 1 Timothea 6:6-8) Ba sitoang ho bula maliboho ka nako e tletseng ba ka sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba thusang ha ba khona, ba eketsa nako eo ba e qetang boboleling hore e be lihora tse 30 kapa 50 ka khoeli.

      Pula-maliboho o susumetsoa ke ho rata Molimo le ho rata batho. Joaloka Jesu, rea bona hore batho ba bangata kajeno ba boemong bo sisimosang moeeng. (Mareka 6:34) Empa re tseba se ka ba thusang hona joale, le ho ba fa tšepo ea sebele ea hore lintho li tla loka nakong e tlang. Ho rata baahelani ho susumetsa pula-maliboho hore a fane ka nako ea hae le matla ka seatla se bulehileng, e le hore a thuse ba bang moeeng. (Matheu 22:39; 1 Bathesalonika 2:8) Ka lebaka leo, tumelo ea hae ea matlafala, o atamela haufi le Molimo, ’me oa thaba.—Liketso 20:35.

      • U ka hlalosa pula-maliboho joang?

      • Ba bang ba susumetsoa ke’ng hore e be bo-pula-maliboho ba nako e tletseng?

  • Ke Likolo Life Tse Lokiselitsoeng Bo-pula-maliboho?
    Ke Bo-mang ba Etsang Thato ea Jehova Kajeno?
    • THUTO 14

      Ke Likolo Life Tse Lokiselitsoeng Bo-pula-maliboho?

      Baboleli ba nako e tletseng ba tšimong

      United States

      Liithuti Sekolong sa Bibele sa Gileade sa Watchtower
      Liithuti li itokisetsa tšebeletso ea boromuoa
      Banyalani ba baromuoa ba paka Panama

      Haesale Lipaki Tsa Jehova li tsebahala ka ho ruta batho ka Molimo. Ho lokiselitsoe likolo tse khethehileng bakeng sa ba qetang nako e ngata ba bolela litaba tse molemo tsa ’Muso, e le hore ba ‘phethe bosebeletsi ba bona ka botlalo.’—2 Timothea 4:5.

      Sekolo sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho. Ha motho a qeta selemo e le pula-maliboho oa kamehla, o ea sekolong se nkang matsatsi a tšeletseng se ka ’nang sa tšoareloa Holong ea ’Muso e haufi le moo a lulang teng. Morero oa sona ke ho thusa pula-maliboho hore a be le kamano e haufi le Jehova, a ntlafatse likarolong tsohle tsa tšebeletso le hore a tsoele pele ka botšepehi tšebeletsong.

      Sekolo sa Baevangeli ba ’Muso. Sekolo sena se nkang likhoeli tse peli se reretsoe ho koetlisa bo-pula-maliboho ba nang le phihlelo ba ikemiselitseng ho tloha mahaeng a bona ho ea sebeletsa moo ho nang le tlhokahalo. Ha e le hantle, ba re: “Ke ’na enoa! Roma ’na,” e le ha ba etsisa Moevangeli e moholo ka ho fetisisa ea kileng a ba teng lefatšeng, e leng Jesu Kreste. (Esaia 6:8; Johanne 7:29) Ha ba tloha moo ba lulang teng, ho ka ’na ha hlokahala hore ba ikamahanye le maemo a moo ba seng ba sebeletsa teng. Litloaelo tsa moo, boemo ba leholimo le lijo li ka ’na tsa fapana hōle le tseo ba li tloaetseng. Ba ka ’na ba lokela ho ithuta puo e ’ngoe. Sekolo sena se thusa bara le barali babo rōna ba masoha hammoho le banyalani ba lilemo tse pakeng tsa 23 le 65 hore ba be le litšobotsi tsa moea tseo ba tla li hloka likabelong tsa bona le ho ba fa koetliso e tla etsa hore Jehova a ba sebelise haholoanyane mokhatlong oa hae.

      Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower. Ka Seheberu, “Gileade” e bolela “Qubu ea Bopaki.” Ho tloha ha sekolo sena sa Gileade se thehoa ka 1943, ho koetlisitsoe baromuoa ba fetang 8 000 ’me ba romeloa ho ea fana ka bopaki “ho isa pheletsong ea lefatše” ’me seo se bile le katleho e khōlō. (Liketso 13:47) Ha baromuoa ba qala ho fihla Peru ho ne ho se na liphutheho naheng eo. Hona joale li ka holimo ho 1 000. Ha baromuoa ba fihla Japane, ho ne ho e-na le Lipaki tse ka tlaasenyana ho tse leshome. Hona joale li se li le ka holimo ho 200 000. Ha ba le sekolong sa Gileade se nkang likhoeli tse hlano, har’a tse ling ba hlahloba Lentsoe la Molimo ka ho pharalletseng. Sekolong sena ho bitsoa bo-pula-maliboho ba khethehileng, baromuoa ba tšimong, litho tsa lelapa la Bethele le bapotolohi, ho ba koetlisa hore ba thuse ho ntlafatsa mosebetsi oa boboleli o etsoang lefatšeng lohle.

      • Morero oa Sekolo sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho ke ofe?

      • Sekolo sa Baevangeli ba ’Muso se reretsoe bo-mang?

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela