Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Karolo ea 1: Lithuto Tseo Bakreste ba li Lumelang
    Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova
    • LIPOTSO TSA BA BATLANG HO KOLOBETSOA

      Karolo ea 1: Lithuto Tseo Bakreste ba li Lumelang

      Ho ithuta le Lipaki Tsa Jehova ho entse hore u tsebe seo Bibele e se rutang. Seo u ithutileng sona se u thusitse hore u be le kamano e ntle le Molimo le hore u be le tšepo ea ho fumana litlhohonolofatso tsa ho phela ka ho sa feleng paradeiseng ’Musong oa hae. Tumelo ea hao Lentsoeng la Molimo e matlafalitsoe, ’me u se u hlohonolofalitsoe haholo ka lebaka la ho ea libokeng, ebile oa utloisisa hore na Jehova o sebelisana le batho ba hae joang kajeno.​—Zak. 8:23.

      Hona joale ha u itokisetsa ho kolobetsoa, u tla rua molemo tlhahlobong ea lithutong tsa motheo tseo Bakreste ba li lumelang, e etsoang ke baholo ba phutheho. (Baheb. 6:​1-3) E se eka Jehova a ka atlehisa sohle seo u ikemisetsang ho se etsa e le hore u mo tsebe ’me a u putse.​—Joh. 17:3.

      1. Ke hobane’ng ha u batla ho kolobetsoa?

      2. Jehova ke mang?

      • “Jehova ke Molimo oa ’nete maholimong a holimo le lefatšeng tlaase. Ha ho e mong.”​—Deut. 4:39.

      • “Uena, eo lebitso la hao e leng Jehova, uena u le mong u Ea Phahameng ka ho Fetisisa holim’a lefatše lohle.”​—Pes. 83:18.

      3. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re sebelise lebitso la Molimo?

      • “Joale, le rapele ka tsela ena: “ ‘Ntat’a rona ea maholimong, lebitso la hao le ke le halaletsoe.’ ”​—Mat. 6:9.

      • “E mong le e mong ea ipiletsang lebitsong la Jehova o tla pholoha.”​—Bar. 10:13.

      4. Bibele e sebelisa mantsoe afe ha e hlalosa Jehova?

      • “Jehova, ’Mopi oa lipheletso tsa lefatše, ke Molimo ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”​—Esa. 40:28.

      • “Ntat’a rona ea maholimong.”​—Mat. 6:9.

      • “Molimo ke lerato.”​—1 Joh. 4:8.

      5. Ke eng eo u ka e fang Jehova Molimo?

      • “U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle le ka kelello ea hao eohle le ka matla a hao ’ohle.”​—Mar. 12:30.

      • “Ke Jehova Molimo oa hao eo u tla mo rapela, ’me ke eena feela eo u tla mo etsetsa tšebeletso e halalelang.”​—Luka 4:8.

      6. Ke hobane’ng ha u batla ho lula u tšepahala ho Jehova?

      • “Mora oa ka, hlalefa ’me u thabise pelo ea ka, e le hore nka araba ea ’nyelisang.”​—Liprov. 27:11.

      7. Ke mang eo u lokelang ho mo rapela, ’me u rapela ka lebitso la mang?

      • “Kannete-nete ke [Jesu] re ho lona, Haeba le kopa Ntate ntho leha e le efe o tla le fa eona ka lebitso la ka.”​—Joh. 16:23.

      8. Ke lintho life tseo u ka li rapellang?

      • “Joale, le rapele ka tsela ena: ‘Ntat’a rona ea maholimong, lebitso la hao le ke le halaletsoe. ’Muso oa hao o ke o tle. Thato ea hao e ke e etsahale lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong. Re fe kajeno bohobe ba rona ba letsatsi lena; ’me u re tšoarele melato ea rona, joalokaha le rona re tšoaretse ba nang le melato ho rona. U se ke oa re kenya molekong, empa u re lopolle ho ea khopo.’ ”​—Mat. 6:​9-13.

      • “Ena ke kholiseho eo re nang le eona ho eena, hore, ho sa tsotellehe hore na ke eng eo re e kopang ho ea ka thato ea hae, oa re utloa.”​—1 Joh. 5:14.

      9. Ke hobane’ng ha Jehova a ka ’na a se ke a mamela lithapelo tsa batho ba bang?

      • “Ba tla hoeletsa ho Jehova ho kopa thuso, empa a ke ke a ba araba . . . ho ea kamoo ba entseng bobe kateng mesebetsing ea bona.”​—Mik. 3:4.

      • “Mahlo a Jehova a talimile ba lokileng, ’me o sekehela thapeli ea bona tsebe; empa sefahleho sa Jehova se khahlanong le ba etsang lintho tse mpe.”​—1 Pet. 3:12.

      10. Jesu Kreste ke mang?

      • “Simone Petrose a araba a re: ‘U Kreste, Mora oa Molimo ea phelang.’ ”​—Mat. 16:16.

      11. Ke hobane’ng ha Jesu a ile a tla lefatšeng?

      • “Mor’a motho a sa ka a tlela ho sebeletsoa, empa ho sebeletsa le ho fana ka moea oa hae hore e be thekollo e le phapanyetsano bakeng sa ba bangata.”​—Mat. 20:28.

      • “Ke [Jesu] tla bolela litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo le metseng e meng, hobane ke rometsoe sena.”​—Luka 4:43.

      12. U ka bontša joang hore u leboha sehlabelo seo Jesu a faneng ka sona?

      • “O ile a shoela bohle e le hore ba phelang ba se ke ba hlola ba iphelela, empa ba phelele ea ileng a ba shoela ’me a tsosoa.”​—2 Bakor. 5:15.

      13. Jesu o na le matla afe a bolaoli?

      • “Ke filoe matla ’ohle leholimong le lefatšeng.”​—Mat. 28:18.

      • “Molimo le eena o ile a mo phahamisetsa boemong bo phahameng ’me ka mosa a mo fa lebitso le ka holimo ho mabitso a mang ’ohle.”​—Bafil. 2:9.

      14. Na oa lumela hore Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova ke “lekhoba le tšepahalang le le masene” le khethiloeng ke Jesu?

      • “Ha e le hantle ke mang eo e leng lekhoba le tšepahalang le le masene leo mong’a lona a le behileng hore le okamele bahlanka ba hae ba ntlo, ho ba fa lijo tsa bona ka nako e tšoanetseng?”​—Mat. 24:45.

      15. Na moea o halalelang ke motho?

      • “Ha lengeloi le araba la re ho eena: ‘Moea o halalelang o tla theohela holim’a hao, ’me matla a Ea Phahameng ka ho Fetisisa a tla u koahela. Ka lebaka leo le se tsoetsoeng se tla bitsoa se halalelang, Mor’a Molimo.’ ”​—Luka 1:35.

      • “Ka hona, haeba lona, le hoja le le khopo, le tseba ho fa bana ba lona limpho tse ntle, Ntate ea leholimong o tla fana ka moea o halalelang hakaakang ho ba mo kopang!”​—Luke 11:13.

      16. Ke ka tsela efe Jehova a ileng a sebelisa moea oa hae o halalelang?

      • “Maholimo a ile a etsoa ka lentsoe la Jehova, Makhotla ’ohle a ’ona a etsoa ka moea oa molomo oa hae.”​—Pes. 33:6.

      • “Le tla amohela matla ha moea o halalelang o fihla holim’a lona, ’me le tla ba lipaki tsa ka . . . ho isa karolong e hole-hole ea lefatše.”​—Lik. 1:8.

      • “Ha ho boprofeta ba Lengolo bo hlahang tlhalosong leha e le efe ea botho. Etsoe ha ho nako eo ka eona boprofeta bo ileng ba tlisoa ke thato ea motho, empa batho ba ile ba bua ho tsoa ho Molimo ha ba ntse ba khannoa ke moea o halalelang.”​—2 Pet. 1:​20, 21.

      17. ’Muso oa Molimo ke eng?

      • “ Molimo oa leholimo o tla emisa ’muso o ke keng oa senngoa le ka mohla. ’Muso oo o ke ke oa fetisetsoa ho batho leha e le bafe ba bang. O tla silakanya o felise mebuso ena kaofela, ’me o tla ema ho isa linakong tse sa lekanyetsoang.”​—Dan. 2:44.

      18. ’Muso oa Molimo o tla u tsoela molemo joang?

      “O tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.”​—Tšen. 21:4.

      19. U tseba joang hore litlhonolofatso tsa ’Muso oa Molimo li haufi le ho ba teng?

      “Ha a ntse a lutse Thabeng ea Mehloaare, barutuoa ba mo atamela boinotšing, ba re: ‘Re bolelle, Lintho tsee li tla etsahala neng, ’me pontšo e tla ba efe ea ho ba teng ha hao le ea qetello ea tsamaiso ea lintho?’ Ha Jesu a araba a re ho bona ‘. . . Sechaba se tla tsohela sechaba matla le ’muso o tla tsohela ’muso matla, ’me ho tla ba le likhaello tsa lijo le litšisinyeho tsa lefatše sebakeng se seng ka mor’a se seng. Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle; joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.’ ”​—Mat. 24:​3,4, 7, 14.

      • “Matsatsing a ho qetela ho tla ba le linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona. Etsoe batho e tla ba baithati, ba ratang chelete, ba ikhopolang ho tlola, ba ikhohomosang, banyefoli, ba sa mameleng batsoali, ba se nang teboho, ba sa tšepahaleng, ba se nang lerato la tlhaho, ba sa bulehelang tumellano leha e le efe, baetselletsi, ba hlokang boitšoaro, ba bohale bo tšosang, ba hlokang lerato la se molemo, baeki, ba hlooho li thata, ba ikhohomosang ka boikakaso, ba ratang menyaka ho e-na le ho rata Molimo, ba nang le ponahalo ea boinehelo ba bomolimo empa ba se na ’nete matleng a bona; ’me bana u ba furalle.”​—2 Tim. 3:​1-5.

      20. U bontša joang hore ’Muso oa Molimo ke oa bohlokoa ho uena?

      • “Joale, le ’ne le batle ’Muso pele le ho loka ha hae.”​—Mat. 6:33.

      • “Jesu a re ho barutuoa ba hae: ‘Haeba mang kapa mang a batla ho ntšala morao, a ke a itatole ’me a nke thupa ea hae ea tlhokofatso a ntatele a sa khaotse.’ ”​—Mat. 16:24.

      21. Satane le bademona ke bo-mang?

      • “Le tsoa ho ntat’a lona Diabolose . . . E ne e le ’molai ha a qala.”​—Joh. 8:44.

      • “Drakone e kholo ea liheloa tlaase, noha ea pele, e bitsoang Diabolose le Satane, e khelosang lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona; ea liheloa tlaase lefatšeng ’me mangeloi a eona a liheloa tlaase le eona.”​—Tšen. 12:9.

      22. Satane o qositse Jehova le batho ba mo rapelang ka eng?

      • “Mosali o re ho noha: “Re ka ja litholoana tsa lifate tse serapeng. Empa ha e le ho ja litholoana tsa sefate se har’a serapa, Molimo o itse, ‘Le se ke la ja tsa sona, che, le se ke la li ama e le hore le se ke la shoa.’ ” Eaba noha e re ho mosali: “Ka sebele le ke ke la shoa. Etsoe Molimo oa tseba hore letsatsing leo ka lona le jang tsa sona mahlo a lona a tla tutuboloha ’me le tla ba joaloka Molimo, le tsebe botle le bobe.’ ”​—Gen. 3:​2-5.

      • “Satane a araba Jehova a re: ‘Letlalo bakeng sa letlalo, ’me motho o tla nehelana ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a nang le eona bakeng sa moea oa hae.’ ”​—Jobo 2:4.

      23. Ke joang u ka pakang hore liqoso tsa Satane ke tsa bohata

      • “Mo sebeletse [Molimo] ka pelo e feletseng.”​—1 Likron. 28:9.

      • “Nke ke ka tlosa botšepehi ba ka ho ’na ho fihlela ke shoa!”​—Jobo 27:5.

      24. Ke hobane’ng ha batho ba e-shoa?

      • “Sebe se ile sa kena lefatšeng ka motho a le mong le lefu la kena ka sebe, ’me kahoo lefu la namela ho batho bohle hobane kaofela ba ne ba entse sebe.”​—Bar. 5:12.

      25. Ha motho a shoele o boemong bofe?

      • “Ba phelang baa tseba hore ba tla shoa; empa ha e le ba shoeleng, ho hang ha ba tsebe letho.”​—Moek. 9:5.

      26. Batho ba shoeleng ba na le tšepo efe?

      • “Ho tla ba le tsoho ea ba lokileng le ba sa lokang.”​—Liketso 24:15.

      27. Ke batho ba bakae ba eang leholimong ho ea busa le Jesu?

      • “Bonang! Konyana e emeng Thabeng ea Sione, e e-na le ba likete tse lekholo le mashome a mane a metso e mene bao lebitso la eona le lebitso la Ntat’a eona le ngotsoeng liphatleng tsa bona.”​—Tšen. 14:1.

  • Karolo ea 2: Bophelo ba Mokreste
    Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova
    • LIPOTSO TSA BA BATLANG HO KOLOBETSOA

      Karolo ea 2: Bophelo ba Mokreste

      Kaha u se u ithutile Bibele, oa tseba hore Jehova u lebeletse eng ho uena le hore na u ka etsa’ng hore u phele ka melao ea hae. E tlameha ebe thuto ena e u thusitse ho etsa liphetoho tse ngata boitšoarong ba hao le tseleng eo u talimang bophelo ka eona. Kaha u se u ikemiselitse ho phela ka melao ea Jehova, u se u tšoaneleha hobolela litaba tse molemo.

      Ho hlahloba lipotso tse latelang ho tla u thusa hore u lule u hopola melao ea Jehova ’me ho tla u hopotsa tse ling tsa lintho tseo u ka li etsang hore u be e mong oa bahlanka ba hae bao a ba amohelang. Lintlha tsena li tla u thusa ho bona bohlokoa ba hore u etse lintho tsohle ka letsoalo le letle le ka sepheo sa ho rorisa Jehova.​—2 Bakor. 1:​12; 1 Tim. 1:​19; 1 Pet. 3:​16, 21.

      Ha e le mona u se u ithutile ho fihlila boemong bona, ha ho potang hore u labalabela ho ikokobeletsa bolaoli ba Jehova le ho ba karolo ea mokhatlo oa hae. Lipotso tsena le Mangolo a bontšitsoeng a tla u thusa hore u itlhahlobe hore na u utloisisa bolaoli boo Jehova a bo hlophisitseng hakae, ebang ke ka phuthehong, ka lapeng kapa ke maemong a lipolotiki tsa tsamaiso ena ea lintho. U tla ananela le ho feta litlhophiso tseo Jehova a li entseng tsa ho ruta batho ba hae le ho ba matlafatsa tumelong. Li akareletsa liboka tsa phutheho tseo u tlamehang ho ea ho tsona le ho nka karolo ho tsona ha maemo a hao a lumela.

      Ho feta moo, karolong ena ho tl’o tšohloa bohlokoa ba ho ba teng kamehla tšimong, ho thusa batho ho tseba Jehova le hore na o ntse a etsetsa batho bohle eng. (Mat. 24:​14; 28:​19, 20) Qetelong, ho tla hatisoa botebo ba hore ebe u inehetse ho Jehova Molimo le ho kolobetsoa. U ka kholiseha hore Jehova o ananela hore ebe u amohetse mosa oo a u bontšitseng oona.

      1. Molao oa Molimo o re’ng ka lenyalo? Ke lebaka lefe feela la Mangolo le lumelang tlhalo?

      • “Na ha lea ka la bala hore ea ba bopileng tšimolohong o ba entse e le e motona le e motšehali ’me a re, ‘Ka lebaka lena monna o tla siea ntat’ae le ’m’ae ’me o tla khomarela mosali oa hae, ’me bao ba babeli e tla ba nama e le ’ngoe’? E leng hore ha ba sa le babeli, empa e se e le nama e le ’ngoe. Ka hona, seo Molimo a se kopantseng hammoho jokong ho se ke ha e-ba le motho ea se arolang. . . . Mang kapa mang ea hlalang mosali oa hae, haese ka lebaka la bohlola, ’me a nyala e mong oa feba.”​—Mat. 19:​4-6,9

      2. Ke hobane’ng ha monna le mosali ba lulang hammoho ba lokela ho nyalana ka molao? Haeba u lenyalong, na lenyalo la hao le ngolisitsoe hantle tumellanong le molao oa naha?

      • “Tsoela pele ho ba hopotsa ho ipeha tlaase le ho mamela mebuso le balaoli joaloka babusi.”​—Tite 3:1.

      • “Lenyalo le ke le hlomphehe har’a bohle, le liphate tsa lenyalo li hloke litšila, kaha Molimo o tla ahlola lihlola le bafebi.”​—Baheb. 13:4.

      3. Karolo ea hao ke efe ka lapeng?

      • “Mora oa ka, u mamele taeo ea ntat’ao, ’me u se ke oa furalla molao oa ’m’ao.”​—Liprov. 1:8.

      • “Monna ke hlooho ea mosali oa hae joalokaha Kreste le eena e le hlooho ea phutheho . . . Banna, le tsoele pele le rata basali ba lona, feela joalokaha Kreste le eena a ile a rata phutheho”​—Baef. 5:​23, 25.

      • “Bo-ntate, le se ke la halefisa bana ba lona, empa le tsoele pele ho ba holisa ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova.”​—Baef. 6:4.

      • “Lona bana, le mamele batsoali ba lona nthong e ’ngoe le e ’ngoe, etsoe sena se khahlisa haholo Moreneng.”​—Bakol. 3:20.

      • “Lona basali, le ipehe tlas’a banna ba lona.”​—1 Pet. 3:1.

      4. Ke hobane’ng ha re lokela ho hlompha bophelo?

      • “[Molimo] o fa batho bohle bophelo le phefumoloho le lintho tsohle. . . . Ka eena re na le bophelo ’me rea sisinyeha ’me re teng.”​—Lik. 17: 25, 28.

      5. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho bolaea mang kapa mang, ho akareletsa le ngoana ea e-s’o tsoaloe?

      • “Haeba banna ba loana ’me ba ntša mosali oa moimana kotsi . . . haeba ho ka hlaha kotsi e bolaeang, joale u tla [lefa bophelo ka bophelo, Bibele ea Sesotho].”​—Ex. 21:​22, 23.

      • “Mahlo a hao a ile a mpona ke sa le lesea le sa tsoa emoloa; likarolo tsohle tsa lona tsa ngoloa fatše bukeng ea hao mabapi le matsatsi ao li ileng tsa boptjoa ka ’ona, ho ne ho e-s’o be le e ’ngoe har’a tsona.”​—Pes. 139:16.

      • ‘Jehova o hloile . . . matsoho a tšollang mali a hlokang molato.’​—Liprov. 6:​16, 17.

      6. Jehova o fane ka taelo efe mabapi le mali?

      • “Le ile mali le lintho tse fenethiloeng.”​—Lik. 15:29.

      7. Ke hobane’ng ha re lokela ho rata Bakreste-’moho le rona?

      • “Ke le fa taelo e ncha, hore le ratane; le lona le ratane feela joalokaha ke le ratile. Bohle ba tla tseba ka sena hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lona.”​—Joh 13:​34, 35.

      8. E le ho qoba ho fetisetsa lefu le tšoaetsanoang ho ba bang le bileng le ka bolaeang: (a) Ke hobane’ng ha motho ea tšoeroeng ke lefu leo a lokela ho qoba ho ba eena ea qalang ho bontša liketso tsa lerato, tse kang ho akana le ho metana? (b) Ke hobane’ng ha a sa lokela ho utloa bohloko ha batho ba bang ba khetha ho se mo memele ma ha bona? (c) Ke hobane’ng ha motho ea belaelang hore u na le lefu le tšoaetsanoang a lokela ho ithaopela ho etsa liteko tsa mali pele a kena leferehong? (d) Ke hobane’ng ha motho ea nang le lefu le tšoaetsanoang a lokela ho bolella mohokahanyi oa sehlopha sa baholo pele a il’o kolobetsoa?

      • “Le se ke la kolota mang kapa mang ntho leha e le ’ngoe, haese ho ratana. . . . ‘U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata.’ Lerato ha le hlahisetse moahelani oa motho bobe.”​—Bar. 13:​8-10.

      • “Le sa hlokomele lithahasello tsa litaba tsa lona feela, empa hape le hlokomela lithahasello tsa ba bang”​—Bafil. 2:4.

      9. Ke hobane’ng ha Jehova a lebelletse hore re tšoarele batho ba re sitetsoeng?

      • “Tsoelang pele le mamellana le ho tšoarelana ka bolokolohi haeba leha e le mang a e-na le sesosa sa pelaelo khahlanong le e mong. Esita le joalokaha Jehova a ile a le tšoarela ka bolokolohi, le etse joalo le lona.”​—Bakol. 3:13.

      10. U lokela ho etsa joang ha mor’eno ao senya lebitso kapa a sa batle ho u patala?

      • “Haeba mor’eno a etsa sebe, e-ea u totobatse phoso ea hae pakeng tsa hao le eena le le bang. Haeba a u mamela, u ruile mor’eno. Empa haeba a sa mamele, u nke a le mong kapa ba bang ba babeli, e le hore taba e ’ngoe le e ’ngoe e ka tiisoa ka melomo ea lipaki tse peli kapa tse tharo. Haeba a sa ba mamele, u bue le phutheho. Haeba a sa mamele le phutheho, ho uena a be feela joaloka motho oa lichaba le joaloka ’mokelli oa lekhetho.”​—Mat. 18:​15-17.

      11. Jehova o ikutloa joang ka libe tse latelang?

      ▪ Bohlola

      ▪ Ho sebelisa litšoantšo borapeling

      ▪ Batho ba bong bo tšoanang ba etsa thobalano

      ▪ Ho utsoa

      ▪ Ho becha

      ▪ Botahoa

      • “Le se ke la khelosoa. Leha e le lihlola, kapa barapeli ba litšoantšo, kapa bafebi, kapa banna ba boloketsoeng merero eo e seng ea tlhaho, kapa banna ba robalang le banna, masholu, kapa batho ba meharo, kapa matahoa, kapa ba litlhapa, kapa bahanyapetsi ba ke ke ba rua ’muso oa Molimo.”​—1 Bakor. 6:​9, 10.

      12. U ikemiselitse ho etsa’ng tabeng ea bohlola, bo akareletsang litsela tse ngata tsa ho etsa thobalano lipakeng tsa batho ba babeli ba sa nyalanang?

      • “Balehelang bohlola.!”​—1 Bakor. 6:18.

      13. Ke hobane’ng ha re lokela ho ila lithethefatsi tseo re sa li fuoang ke ngaka kapa tse ka etsang hore likelello tsa rona li se ke tsa sebetsa hantle?

      • “Le hlahise ’mele ea lona e le sehlabelo se phelang, se halalelang, se amohelehang ho Molimo, e le tšebeletso e halalelang ka matla a lona a ho nahana. Le khaotse ho ba ka sebopeho sa tsamaiso ena ea lintho, empa le fetohe ka ho fetola likelello tsa lona, e le hore le ka ipakela e le lona thato ea Molimo e molemo le e amohelehang le e phethahetseng.”​—Bar. 12:​1, 2.

      14. Tse ling tsa litloaelo tse nang le bodemona tseo Molimo a li hloileng ke life?

      • “Ho lona ha hoa lokela hore ho fumanoe . . . leha e le mang ea sebelisang bonohe, ea sebelisang boselamose kapa leha e le mang ea batlang lipontšo tsa se tlang kapa moloi, kapa ea betsang ba bang ka mantsoe a boloi kapa leha e le mang ea batlang keletso ho ea buisanang le meea kapa setsebi se bolelang liketsahalo esale pele kapa leha e le mang ea botsang bafu.”​—Deut. 18:​10, 11.

      15. Haeba motho a etsa sebe se tebileng ’me a batla hore Jehova a mo tšoarele, o lokela ho etsa’ng ka potlako?

      • “Ka bolela sebe sa ka ho uena, ’me phoso ea ka ha kea ka ka e koahela. Ke ile ka re: ‘Ke tla ipolela ho Jehova ka lebaka la litlolo tsa ka.’ ”​—Pes. 32:5.

      • “Na ho na le mang kapa mang ea kulang har’a lona? A ke a bitsetse banna ba baholo ba phutheho ho eena, ’me ba mo rapelle, ba mo tlotse ka oli ka lebitso la Jehova. Thapelo ea tumelo e tla etsa hore ea sa ikutloeng hantle a fole, ’me Jehova o tla mo tsosa. Hape, haeba a entse libe, o tla tšoareloa.”​—Jak. 5:​14,15.

      16. Haeba u tseba hore Mokreste-’moho le uena u entse sebe se tebileng ke eng seo u lokelang ho se etsa?

      • “Haeba moea o etsa sebe ka hore ebe o utloile thohako ea phatlalatsa ’me e le paki kapa o e bone kapa o tsebile ka eona, haeba o sa e tlalehe, joale o arabelle phoso ea oona.”​—Lev. 5:1.

      17. Haeba ho etsoa tsebiso ea hore motho ea itseng ha e sa le e mong oa Lipaki Tsa Jehova, re lokela ho mo tšoara joang?

      • “Le khaotse ho itsoakanya hammoho le mang kapa mang ea bitsoang mor’abo rona eo e leng sehlola kapa motho ea meharo kapa morapeli oa litšoantšo kapa ea litlhapa kapa letahoa kapa mohanyapetsi, esita le ho ja le se ke la ja le motho ea joalo.”​—1 Bakor. 5: 11.

      • “Haeba leha e le mang a tla ho lona ’me a sa tlise thuto ena, le ka mohla le se ke la mo amohela ka malapeng a lona kapa la mo lumelisa.”​—2 Joh. 10.

      18. Ke hobane’ng ha metsoalle ea hao e haufi e lokela ho ba batho ba ratang Jehova?

      • “Ea tsamaeang le batho ba bohlale o tla hlalefa, empa ea bang le litšebelisano le ba hlokang kelello lintho li tla mo tsamaela hampe.”​—Liprov. 13:20.

      • “Le se ke la thetsoa. Litloaelano tse mpe li senya mekhoa e metle.”​—1 Bakor. 15:33.

      19. Ke hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li sa nke lehlakore litabeng tsa lipolotiki?

      • “Hase karolo ea lefatše, feela joalokaha ke[Jesu] se karolo ea lefatše.”​—Joh. 17:16.

      20. Ke hobane’ng ha u lokela ho mamela ’muso?

      • “Moea o mong le o mong o ke o ipehe tlas’a balaoli ba phahameng, kaha ha ho na bolaoli haese ka Molimo; balaoli ba leng teng ba behiloe ke Molimo maemong a bona a lekanyelitsoeng.”​—Bar. 13:1.

      21. Ke eng seo re lokelang ho se etsa moo molao o entsoeng ke batho o hananang le molao oa Molimo?

      • “Re tla mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho.”​—Lik. 5:29.

      22. Ke Mangolo afe a ka u thusang hore u lule u ikarotse lefatšeng ha u khetha mosebetsi?

      • “Sechaba se ke ke sa phahamisetsa sechaba se seng sabole, ha ba sa tla hlola ba ithuta ntoa.”​—Mik. 4:3.

      • “Tsoang ho eena [Babylona e Moholo], sechaba sa ka, haeba le sa batle ho kopanela le eena libeng tsa hae, le haeba le sa batle ho amohela karolo ea likotlo tsa hae.”​—Tšen. 18:4.

      23. U tla khetha boithabiso le boikhathollo ba mofuta ofe ’me ke bo joang boo u tla bo tlohela?

      • “Jehova . . . o hloile mang kapa mang ea ratang pefo.”​—Pes. 11:5.

      • “Nyonyang se khopo, le khomarele se molemo.”​—Bar. 12:9.

      • “Lintho life kapa life tsa ’nete, lintho life kapa life tseo ho amehoang ka tsona ka botebo, lintho life kapa life tse lokileng, lintho life kapa life tse hloekileng, lintho life kapa life tse ratehang, lintho life kapa life tse buuoang hantle, bokhabane bofe kapa bofe le ntho efe kapa efe e lokeloang ke thoriso, le tsoele pele ho nahana ka lintho tsena.”​—Bafil. 4:8.

      24. Ke hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li sa rapele le malumeli a mang?

      • “Le ke ke la ja ‘tafoleng ea Jehova’ le tafoleng ea bademona.”​—1 Bakor. 10:21.

      • “ ‘Le ikarole,’ ho bolela Jehova, ‘le khaotse ho ama ntho e sa hloekang’ ”; “ ‘ ’me ke tla le amohela.’ ”​—2 Bakor. 6:17.

      25. Ke melao-metheo efe e tla u thusa hore u qetse ea hore na u tla keteka mekete e itseng kapa che?

      • “Ba qala ho itsoakanya le lichaba ba ithuta mesebetsi ea tsona. Ba ’na ba sebeletsa litšoantšo tsa tsona tse rapeloang, tsa fetoha leraba ho bona.”​—Pes. 106:​35, 36.

      • “Ha e le ba shoeleng, ho hang ha ba tsebe letho.”​—Moek. 9:5.

      • “Ha se karolo ea lefatše, feela joalokaha ke se karolo ea lefatše.”​—Joh 17:16.

      • “Nako e fetileng e lekane hore ebe le phethile thato ea lichaba ha le ne le tsoela pele liketsong tsa boitšoaro bo hlephileng, litakatsong tse feteletseng, ho fetelleng ka veine, meketeng e lerata, litlholisanong tsa ho noa, le borapeling ba litšoantšo bo sa lumelloang.”​—1 Pet. 4:3.

      26. Mehlala ea Bibele e u thusa joang tabeng ea hore na u tla keteka matsatsi a tsoalo kapa che?

      • “Letsatsi la boraro e ne e le letsatsi la tsoalo ea Faro, ’me a etsetsa bahlanka bohle ba hae mokete ’me a phahamisa hlooho ea mookameli oa baqhatsetsi le hlooho ea mookameli oa baapehi har’a bahlanka ba hae. Tumellanong le hoo a khutlisetsa mookameli oa baqhatsetsi mosebetsing oa hae oa boqhatsetsi, . . . Empa a fanyeha mookameli oa baapehi.”​—Gen. 40:​20-22.

      • “Ha ho ntse ho ketekoa letsatsi la tsoalo ea Heroda morali oa Herodiase a tjeka ’me a khahlisa Heroda haholo hoo a ileng a tšepisa ka kano ho mo fa eng kapa eng eo a e kopang. Joale eena, a laeloa ke ’m’ae, a re: “Mphe mona ka mokeke hlooho ea Johanne Mokolobetsi’. Eaba oa romeletsa ’me o etsa hore Johanne a khaoloe hlooho chankaneng.”​—Mat. 14:​6-8, 10.

      27. Ke hobane’ng ha u lokela ho latela tataiso ea baholo?

      • “Mamelang ba etellang pele har’a lona ’me le ipehe tlaase, kaha ba lula ba lebetse meea ea lona joaloka ba tla ikarabella; e le hore ba ka etsa sena ka thabo eseng ka ho feheloa, kaha sena se ne se tla ba kotsi ho lona.”​—Baheb. 13:17.

      28. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore uena le lelapa leno kapa la hao le behelle nako ka thoko bakeng sa ho bala le ho ithuta Bibele?

      • “Empa o thabela molao oa Jehova, molao oa hae o o bala ka lentsoe le tlaase bosiu le motšehare. a sebele o tla ba joaloka sefate se lenngoeng haufi le melapo ea metsi, se fanang ka litholoana tsa sona nakong ea tsona, le seo makhasi a sona a sa poneng, ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e etsang e tla atleha.”​—Pes. 1:​2, 3.

      29. Ke hobane’ng ha u rata ho ea libokeng le ho nka karolo ho tsona?

      • “Ke tla bolela lebitso la hao ho barab’eso; ke tla u rorisa har’a phutheho.”​—Pes. 22:22.

      • “A re nahanelaneng hore re susumeletsane leratong le mesebetsing e metle re sa tlohele ho bokana ha rona, joalokaha ba bang ba e-na le tloaelo eo, empa re khothatsana, ’me re etsa joalo haholo kaha le bona letsatsi le ntse le atamela.”​—Baheb. 10:​24, 25.

      30. Jesu o re file mosebetsi ofe oa bohlokoa ka ho fetisisa?

      • “Ka hona e-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa . . . , le ba rute ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.”​—Mat. 28:​19, 20.

      31. Jehova o thabisoa ke boikutlo bofe ha re ntša monehelo bakeng sa litaba tsa ’Muso kapa re thusa bara le barali babo rona?

      • “Hlompha Jehova ka lintho tsa hao tsa bohlokoa.”​—Liprov. 3:9.

      • “E mong le e mong a ke a etse feela joalokaha a entse qeto e tiileng pelong ea hae, eseng ka lekhonono kapa ka ho qobelloa, kaha Molimo o rata ea fanang a nyakaletse.”​—2 Bakor. 9:7.

      32. Ke mathata afe ao Bakreste ba lokelang ho a lebella?

      • “Ho thaba ba hlorisitsoeng ka lebaka la ho loka, kaha ’Muso oa maholimo ke oa bona. Ho thaba lona ha batho ba le nyelisa ’me ba le hlorisa ’me ka leshano ba bua ntho ea mofuta o mong le o mong e khopo ka lona ka lebaka la ka. Thabang ’me le tlole ke thabo, kaha moputso oa lona o moholo maholimong; etsoe ba ile ba hlorisa baprofeta ka tsela eo pele ho lona.”​—Mat. 5:​10-12.

      33. Ke hobane’ng ha e le tlotla e khethehileng ho kolobetsoa hore u be e mong oa Lipaki Tsa Jehova?

      • “Lentsoe la hao ho ’na e ba thabo e khaphatsehang le ho nyakalla ha pelo ea ka; etsoe ke ’nile ka bitsoa ka lebitso la hao, Jehova Molimo oa mabotho.”​—Jer. 15:​16.

  • Puisano ea ho Qetela le ba Eang Kolobetsong
    Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova
    • LIPOTSO TSA BA BATLANG HO KOLOBETSOA

      Puisano ea ho Qetela le ba Eang Kolobetsong

      Hangata batho ba kolobetsoa likopanong tse nyenyane le tse kholo tsa Lipaki Tsa Jehova. Qetellong ea puo ea kolobetso, sebui se tla kopa ba eang kolobetsong hore ba eme ’me ba arabe lipotso tse latelang tse peli ka lentsoe le phahameng le le utloahalang:

      1. Na u baketse libe tsa hao le ho inehela ho Jehova, ’me u amohetse tsela ea hae ea poloko ka Jesu Kreste?

      2. Na oa utloisisa hore boinehelo ba hao le kolobetso li u khetholla u le e mong oa Lipaki Tsa Jehova tseo e leng karolo ea mokhatlo o tataisoang ke Molimo?

      Haeba ba eang kolobetsong ba araba lipotso tsena ka ho re “e,” ba ‘bolela phatlalatsa’ hore ba lumela thekollong le hore ba inehetse ho Jehova ba sa itšiele letho. (Bar. 10:​9, 10) Ba lokela hore ba nahane ka ho teba ka lipotso tsena esale pele e le hore likarabo tsa bona li ka lumellana le seo ba se lumelang.

      Na u se u inehetse ho Jehova ka thapelo, oa mo tšepisa hore u tla rapela eena feela le hore ho etsa thato ea hae e tla ba eona ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba hao?

      Na u kholisehile ka ho feletseng hore u se u loketse ho kolobetsoa hang feela ha monyetla oa pele o hlaha?

      Ba eang kolobetsong ba lokela ho apara joang? (1 Tim. 2:​9, 10: Joh. 15:​19; Bafil. 1:10)

      Ba lokela ho apara ka “boitlhompho le ho hlaphoheloa kelellong” e le hore ba bontše hore ba fa “Molimo tlhompho ea borapeli.” Kahoo, ba eang kolobetsong ha baa lokela ho apara liaparo tsa ho sesa tse sa hlompheheng kapa liphahlo tse ngotsoeng kapa tse nang le mapetjo a itseng. Ba lokela ho apara ka tsela e hloekileng le e bontšang hore ba hlompha ketsahalo eo ba leng ho eona.

      Motho o lokela ho itšoara joang ha a kolobetsoa? (Luka 3:​21, 22)

      Kolobetso ea Jesu e ile ea behela Bakreste ba kolobetsoang kajeno mohlala. O ne a utloisisa hore kolobetso ke bohato ba bohlokoa, ’me sena se ile sa bonahala tseleng eo a neng a itšoere ka eona le liketso tsa hae. Kahoo, batho ba tlileng sebakeng sa kolobetso ha baa lokela ho etsa metlae e mebe, ho bapala, ho sesa, kapa ho etsa ntho leha e le efe e bontšang ho se hlomphe ketsahalo ena; hape Mokreste e mocha a ke ke a thaba ka ho feteletseng joalokaha eka o hapile moputso o moholohali. Le hoja kolobetso e le ketsahalo e thabisang, thabo eo e lokela ho bontšoa ka tsela e hlomphehang.

      Ho ba teng kamehla libokeng le ho tloaelana le ba bang ka phuthehong ho tla u thusa joang hore u phelele boinehelo ba hao ho Jehova?

      Ka mor’a hore u kolobetsoe, ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore u lule u e-na le lenaneo la ho ithuta boinotšing le ho ea tšimong khoeli le khoeli?

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela