Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ha Motho a Shoa o ea Hokae?
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
    • KHAOLO EA 6

      Ha Motho A Shoa O Ea Hokae?

      1-3. Ke lipotso life tseo batho ba ipotsang tsona ka bafu, hona likereke tse ling li araba lipotso tsee joang?

      BIBELE e tšepisa hore “lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng.” (Tšenolo 21:4) Khaolong ea 5, re ithutile hore thekollo e re fa monyetla oa hore re fumane bophelo bo sa feleng. Leha ho le joalo, re ntse re shoa le hona joale. (Moeklesia 9:5) Empa potso ke hore na ha motho a shoa o ea hokae?

      2 Hangata re ipotsa potso ena ha re shoetsoe ke motho eo re mo ratang. Re ipotsa lipotso tse kang: ‘O hokae? Na oa re bona? Na a ka re thusa? Na re tla ke re mo bone hape?’

      3 Likereke tse ngata li araba lipotso tsena ka litsela tse sa tšoaneng. Tse ling li ruta hore ha u le motho ea lokileng u tla ea leholimong empa haeba u sa khahlise Molimo, u tla ea liheleng. Tse ling li ruta hore ha u shoa, u fetoha moea ebe u ea ho beng ka uena ba seng ba shoele. Ha tse ling tsona li ruta hore ha u shoa, oa ahloloa, ebe ka mor’a moo u tsoaloa bocha ka ’mele o mong kapa mohlomong u hlaha u se u le phoofolo.

      4. Likereke tse ngata li lumela hore ho etsahala’ng ka motho ha a shoa?

      4 Likereke li ruta lintho tse ngata tse sa tšoaneng. Empa boholo ba tsona li lumela ntho e le ’ngoe, e leng hore ha motho a shoa, moea oa hae o tsoela pele o phela. Empa na see ke sona seo Bibele e se rutang?

      HA RE SHOA RE EA HOKAE?

      5, 6. Ho etsahala’ng ka motho ha a shoa?

      5 Jehova o tseba se etsahalang ka rona ha re shoa, ’me o re ha motho a shoa, o khaotsa ho phela. Lefu le fapane le ho phela. Kahoo, ha motho a shoa, ha ho na moo a eang, ha ho na ntho eo a e tsebang kapa eo a e hopolang.a Ha motho a shoele ha a bone, ha a utloe ebile ha a nahane.

      6 Morena Solomone o ile a re bafu ha ba tsebe letho ho hang. Bafu ba ke ke ba hloea kapa ba rata, kaha “ha ho mosebetsi kapa morero kapa tsebo kapa bohlale” lebitleng. (Bala Moeklesia 9:5, 6, 10.) Pesaleme ea 146:4, e re ha motho a shoa, “menahano ea hae ea timela.”

      SEO JESU A ILENG A SE BUA KA LEFU

      Banyalani ba shebile palesa

      Ha Jehova a ne a bopa batho o ne a sa rera hore ba shoe

      7. Jesu o ile a bapisa lefu le eng?

      7 Ka mor’a hore Lazaro motsoalle oa Jesu a shoe, Jesu o ile a re ho barutuoa ba hae: “Motsoalle oa rona Lazaro o phomotse.” Empa o ne a sa bolele hore Lazaro o ntse a phela kaha o ile a boela a re: “Lazaro o shoele.” (Johanne 11:11-14) Jesu o ne a mpa a bapisa lefu le boroko. Ha aa ka a re Lazaro o ile leholimong kapa balimong ba hae. Ebile ha aa ka a re Lazaro o ntse a cha liheleng kapa hore o tsoetsoe bocha e se e le motho e mong kapa e le phoofolo. Empa ho ne ho tšoana le ha Lazaro a khalehile. Mangolo a mang a bapisa lefu le boroko. Bibele e re ha Setefane a bolaoa, o ile “a robala lefung.” (Liketso 7:60) Moapostola Pauluse le eena o ile a re Bakreste ba bang “ba robetse lefung.”—1 Bakorinthe 15:6.

      8. Ke hobane’ng ha ho ka thoe Jehova ha a re bopela hore re shoe?

      8 Na ha Molimo a bopa Adama le Eva o ne a rerile hore ka le leng ba tle ba shoe? Che. Jehova o ne a ba bopetse hore ba phele ka ho sa feleng, ba phetse hantle ’meleng. O bopile batho ba lakatsa ho phela ka ho sa feleng. (Moeklesia 3:11) Batsoali ha ba rate ho bona bana ba bona ba tsofala ba bile ba shoa, ’me le Jehova o ikutloa ka tsela e tšoanang ka rona. Empa haeba Molimo o re bopetse hore re phele ka ho sa feleng, ke hobane’ng ha re shoa?

      KE HOBANE’NG HA RE SHOA?

      9. Ke’ng e neng e ka thusa Adama le Eva ho mamela taelo ea Jehova?

      9 Ha Adama a ntse a le serapeng sa Edene, Jehova o ile a re ho eena: “U ka ja tsa sefate se seng le se seng sa serapa hore u khotsofale. Empa ha e le sefate sa tsebo ea botle le bobe u se ke ua ja tsa sona, etsoe ka letsatsi leo ka lona u jang tsa sona ka sebele u tla shoa.” (Genese 2:9, 16, 17) Taelo eo e ne e hlakile, ebile ho se thata hore ba e mamele. Hape Jehova o ne a e-na le tokelo ea ho ba bolella se nepahetseng le se fosahetseng. Ha ba mamela Jehova, ba ne ba tla be ba bontša hore baa mo hlompha. Hape, ba ne ba tla be ba bontša hore ba ananela lintho tsohle tseo a ba fileng tsona.

      10, 11. (a) Satane o ile a re’ng ho Eva hore a se ke a mamela Molimo? (b) Ke hobane’ng ha re ka re Adama le Eva ba tlotse taelo ea Molimo ka boomo?

      10 Ka masoabi, Adama le Eva ba ile ba khetha ho se mamele Jehova. Satane o ile a re ho Eva: “Na ehlile Molimo o itse le se ke la ja tsa sefate se seng le se seng se serapeng?” Eva o ile a araba ka ho re: “Re ka ja litholoana tsa lifate tse serapeng. Empa ha e le ho ja litholoana tsa sefate se har’a serapa, Molimo o itse, ‘Le se ke la ja tsa sona, che, le se ke la li ama e le hore le se ke la shoa.’”—Genese 3:1-3.

      11 Eaba Satane o re: “Ka sebele le ke ke la shoa. Etsoe Molimo oa tseba hore letsatsing leo ka lona le jang tsa sona mahlo a lona a tla tutuboloha ’me le tla ba joaloka Molimo, le tsebe botle le bobe.” (Genese 3:4, 5) Satane o ne a batla hore Eva a nahane hore a ka iketsetsa melao ea hore na se nepahetseng le se fosahetseng ke se feng. Hape o ile a mo thetsa ka hore a ke ke a shoa ha a sa mamele Molimo. Kahoo Eva a ja tholoana ’me a fa le monna oa hae. Adama le Eva ba ne ba tseba hantle hore Jehova o itse ba se ke ba ja tholoana eo. Empa ba ile ba khetha ho se mamele taelo eo e hlakileng. Ka ho etsa joalo, ba ile ba bontša hore ha ba hlomphe Ntate oa bona. Ba entse seo ka boomo.

      12. Ke hobane’ng ha ho soabisa hore ebe Adama le Eva ha baa ka ba mamela Jehova?

      12 Ka masoabi batsoali ba rona ba pele ba ile ba tella ’Mopi oa bona haholo. Motsoali e mong le e mong oa soaba ebile o utloa bohloko ha bana ba sa mo mamele ka mor’a hore a sebetse ka thata a ba holisa.

      Ha Molimo a qeta ho bopa Adama

      Adama o ne a bopiloe ka lerole, kahoo ha a shoa e ile ea e-ba lerole hape

      13. Jehova o ne a bolela’ng ha a re “u tla khutlela leroleng”?

      13 Adama le Eva ba ile ba lahleheloa ke monyetla oa ho phela ka ho sa feleng ka lebaka la ho se mamele Molimo. Jehova o ile a re ho Adama: “U tla ja bohobe ka mofufutso oa phatla ea hao ho fihlela u khutlela mobung, kaha u ntšitsoe ho oona. Etsoe u lerōle ’me u tla khutlela lerōleng.” (Bala Genese 3:19.) Jehova o ne a bolela hore Adama o ne a tla ba sieo, joalokaha a ne a le sieo pele a boptjoa. (Genese 2:7) Ka mor’a hore Adama a etse sebe, o ile a khaotsa ho phela.

      14. Ke hobane’ng ha re shoa?

      14 Hoja ebe Adama le Eva ba ile ba mamela Molimo, ba ka be ba ntse ba phela. Empa ba ile ba etsa sebe ka ho se mo mamele, kahoo ba shoa. Sebe se tšoana le boloetse bo bohloko. Re shoa hobane re hlaha re se re ntse re futsitse boloetse bona ho Adama le Eva. (Baroma 5:12) Empa sena ha se seo Molimo a neng a se reretse batho. Molimo o ne a batla hore batho ba phele ka ho sa feleng. Ke kahoo Bibele e reng lefu ke “sera.”—1 Bakorinthe 15:26.

      HO TSEBA SEO BIBELE E SE RUTANG HOA THUSA

      15. Ho tseba seo Bibele e se rutang ka boemo ba bafu ho re thusa joang?

      15 Ho tseba seo Bibele e se rutang ka boemo ba bafu ho re thusa hore re se ke ra lumela lithuto tse fosahetseng tseo batho ba li rutang. Bibele e re bafu ha ba utloe bohloko. Re ke ke ra bua le bona, le bona ba ke ke ba bua le rona. Re ke ke ra thusa bafu, le bona ba ke ke ba re thusa. Ha rea lokela ho ba tšaba kaha ba ke ke ba re ntša kotsi. Leha ho le joalo, likereke tse ngata li ruta hore bafu ba ntse ba phela kae-kae, kahoo re ka ba thusa ka hore re fe baruti kapa bahalaleli chelete. Empa ha re tseba seo Bibele e se rutang, re ke ke ra thetsoa.

      16. Likereke tse ling li ruta hore ho etsahala’ng ka rona ha re shoa?

      16 Satane o etsa hore batho ba lumele hore bafu baa phela. Ka mohlala, likereke tse ling li ruta hore ho shoang ke nama empa moea oona o tsoela pele o phela. Na see ke sona seo le se rutoang kerekeng ea hao, kapa le rutoa seo Bibele e se buang ka bafu? Satane o thetsa batho e le hore ba se ke ba sebeletsa Jehova.

      17. Thuto ea lihele e etsa hore batho ba ikutloe joang ka Jehova?

      17 Likereke tse ngata li ruta lintho tse tšosang. Ka mohlala, tse ling li ruta hore batho ba khopo ba tla cha liheleng. Empa thuto ena e etsa hore batho ba se ke ba hlompha Jehova. A ke ke a lumella hore batho ba utloe bohloko ka tsela eo. (Bala 1 Johanne 4:8.) U ka ikutloa joang ka motho ea khalemelang ngoana ka ho mo chesa matsoho? U tla mo nka e le motho ea khopo ebile u ke ke oa batla ho ba motsoalle oa hae. Ke eona tsela eo Satane a batlang hore re ikutloe ka eona ka Jehova.

      18. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho hlompha bafu?

      18 Batho ba bang ba lumela hore ha batho ba shoa ba fetoha balimo, mangeloi kapa lithotsela. Kahoo ba lumela hore re lokela ho hlompha le ho tšaba batho ba shoeleng kaha e ka ba metsoalle kapa lira tsa rona. Joale kaha ba tšaba bafu, baa ba rapela ho e-na le ho rapela Jehova. Empa u hopole hore bafu ha ba utloe letho, ha rea lokela ho ba tšaba. Jehova ke ’Mopi oa rona. Ke Molimo oa ’nete ’me re lokela ho rapela eena feela.—Tšenolo 4:11.

      19. Ho tseba hore na Bibele e re bafu ba hokae ho re thusa joang?

      19 Ho tseba hore na Bibele e re bafu ba hokae, ho re thusa hore re se ke ra lumela mashano ao batho ba a rutang. Ho boetse ho re thusa ho utloisisa lintho tse ntle tseo Jehova a tšepisang ho re etsetsa tsona hona joale le nakong e tlang.

      20. Re tl’o ithuta eng khaolong e latelang?

      20 Mohlanka e mong oa Molimo ea bitsoang Jobo o ile a re: “Haeba monna ea shahlileng a shoa na a ka phela hape?” (Jobo 14:14) Na kannete ho ka etsahala hore motho ea shoeleng a boele a phele? Khaolong e latelang, re tl’o ithuta karabo ea Bibele e tšelisang ea potso ena eo Jobo a e botsitseng.

      a Batho ba bang ba lumela hore moea o tsoela pele o phela ha motho a shoa. U ka bala haholoanyane ka taba ena tlhalosong ea 17 lethathamong la Litlhaloso qetellong ea buka.

      KAKARETSO

      MOLAETSA OA BIBELE 1: HA MOTHO A SHOA O KHAOTSA HO PHELA

      “Ba shoeleng, ho hang ha ba tsebe letho.”—Moeklesia 9:5

      Ho etsahala’ng ka rona ha re shoa?

      • Pesaleme ea 146:3, 4; Moeklesia 9:6, 10

        Ha motho a shoele ha a bone, ha a utloe ebile ha a nahane.

      • Johanne 11:11-14

        Jesu o ile a bapisa lefu le boroko.

      MOLAETSA OA BIBELE 2: MORERO OA JEHOVA E NE E LE HORE BATHO BA PHELE BA SA SHOE

      “Ha e le sefate sa tsebo ea botle le bobe u se ke ua ja tsa sona, etsoe ka letsatsi leo ka lona u jang tsa sona ka sebele u tla shoa.”—Genese 2:17

      Ke hobane’ng ha re shoa?

      • Genese 3:1-6

        Satane o ile a thetsa Eva ka se neng se tla etsahala haeba a sa mamele taelo ea Molimo. Adama le Eva ba ile ba khetha ho se mamele Jehova eaba baa shoa.

      • Genese 3:19

        Adama o ile a shoa, eaba ha a sa le eo.

      • Baroma 5:12

        Sebe se tšoana le boloetse bo bohloko. Re shoa hobane re hlaha re se re ntse re futsitse boloetse bona ho Adama le Eva.

      • 1 Bakorinthe 15:26

        Bibele e re lefu ke sera.

      MOLAETSA OA BIBELE 2: HO TSEBA SEO BIBELE E SE RUTANG HOA THUSA

      “Haeba monna ea shahlileng a shoa na a ka phela hape? Ke tla leta . . . ho fihlela phomolo ea ka e fihla.”—Jobo 14:14

      Ho tseba seo Bibele e se rutang ka boemo ba bafu ho re thusa joang?

      • 1 Johanne 4:8

        Thuto ea hore batho ba khopo ba tla cha liheleng e etsa hore batho ba se ke ba hlompha Jehova. A ke ke a lumella hore batho ba utloe bohloko ka tsela eo.

      • Tšenolo 4:11

        Kaha batho ba bangata ba tšaba bafu, baa ba rapela ho e-na le ho rapela Jehova. Jehova ke Molimo oa ’nete ’me re lokela ho rapela eena feela.

  • Bafu ba Tla Tsoha
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
    • KHAOLO EA 7

      Bafu Ba Tla Tsoha

      1-3. Kaofela ha rona re boemong bo joang, hona Jehova o tšepisa eng?

      U NE u ka ikutloa joang haeba u ne u ahloletsoe ho hlola bophelo bohle teronkong ka phoso eo u sa e etsang, ebile u bona eka ha ho mohla u tla ke u lokolloe? U bona bokamoso ba hao bo le lerootho, ’me ha ho letho leo u ka le etsang. Empa u ne u tla ikutloa joang ha motho ea nang le matla a tla ho uena ’me a tšepisa ho u thusa?

      2 Kaofela ha rona re boemong bo tšoanang le bo hlalositsoeng serapeng se ka holimo kaha lefu le re kentse teronkong. Ha ho letho leo re ka le etsang ho le qoba. Empa Jehova o na le matla a ho re lokolla lefung, ebile o tšepisitse hore o tla le felisa.—1 Bakorinthe 15:26.

      3 Ak’u nahane hore na bophelo bo tla ba monate hakaakang ha u se u sa tšoenyehe ka ho shoa. Jehova o tla felisa lefu a be a tsose bafu. Ka nako eo, bophelo bo tla ba monate haholo. O tšepisa hore bafu ba tla boela ba phele. (Esaia 26:19) Sena ke sona seo Bibele e se bitsang tsoho ea bafu.

      U KA TŠELISOA KE’NG HA U HLOKAHALLETSOE?

      4. (a) Ke mang ea re tšelisang ha re hlokahalletsoe? (b) Metsoalle e meng ea Jesu e ne e le bo-mang?

      4 Re utloa bohloko haholo ha motho eo re mo ratang a hlokahala. Jehova o re tšelisa haholo ha re le boemong bona le hoja rona re ke ke ra khona ho tsosa motho eo re mo ratang. (Bala 2 Bakorinthe 1:3, 4.) Nahana ka mohlala o mong o bontšang hore Jehova le Jesu ba ikemiselitse ho tsosa bafu. Ha Jesu a le lefatšeng, e ne e le motsoalle oa Lazaro le likhaitseli tsa hae, e leng Maretha le Maria. Ebile o ne a tloaetse ho ba chakela. Bibele e re: “Jesu o ne a rata Maretha le morali’abo le Lazaro.” Empa joale Lazaro o ile a hlokahala.—Johanne 11:3-5.

      5, 6. (a) Jesu o ile a etsa’ng ha a bona Maria a lla? (b) Tsela eo Jesu a ikutloang ka eona ka lefu e u ama joang?

      5 Jesu o ile a tšelisa Maretha le Maria. Ha Maretha a utloa hore Jesu oa tla, o ile a mo khahlametsa. O ne a thabetse ho bona Jesu, empa a re ho eena: “Hoja u ne u le teng mona khaitseli ea ka e ka be e sa shoa.” Maretha o ne a nahana hore Jesu o liehile ho tla. Ka mor’a moo ha Jesu a bona Maria a lla, o ile a sareloa eaba le eena oa lla. (Johanne 11:21, 33, 35) O ile a utloa hore na ho bohloko joang ho hlokahalloa ke motho eo a mo ratang.

      6 Ho tseba hore Jesu o utloisisa hantle bohloko boo re bo utloang ha motho eo re mo ratang a hlokahala hoa re tšelisa. Jehova le eena o ikutloa ka tsela e tšoanang. (Johanne 14:9) O na le matla a ho felisa lefu, ’me o tla fela a le felise haufinyane.

      “LAZARO, TSOA”

      7, 8. Ke hobane’ng ha Maretha a ne a sa batle hore ho tlosoe lejoe le koetseng lebitla la Lazaro, empa Jesu o ile a re’ng?

      7 Ha Jesu a fihla lebitleng leo Lazaro a neng a patiloe ho lona, o ile a fumana le koetsoe ka lejoe le leholo. Jesu o ile a re: “Tlosang lejoe leo.” Empa Maretha o ne a sa batle hore le tlosoe hobane Lazaro o ne a se a qetile “matsatsi a mane” a le lebitleng. (Johanne 11:39) Maretha o ne a sa tsebe hore Jesu o mothating oa ho tsosa khaitseli ea hae.

      Lelapa la Lazaro le metsoalle ea hae e thabela ho bona ha Jesu a mo tsosa

      Nahana hore na e tlameha ebe likhaitseli tsa Lazaro le metsoalle ea hae e ile ea thaba hakaakang ha a tsosoa.—Johanne 11:38-44

      8 Jesu o ile a re ho Lazaro: “Tsoa!” Maretha le Maria ba ne ba utloa eka mahlo a bona aa ba thetsa ha “monna ea neng a shoele a tsoa a thatetsoe maoto le matsoho ka masela.” (Johanne 11:43, 44) Lazaro o ne a tsositsoe bafung. O ile a boela a kopana le likhaitseli tsa hae le metsoalle ea hae. Ba ne ba thabile haholo ha ba bona Lazaro a se a phela.

      “MOROETSANA, KE RE HO UENA, EMA!”

      9, 10. (a) Ke mang ea ileng a fa Jesu matla a hore a tsose bafu? (b) Taba ea hore ho na le batho ba ileng ba tsosoa bafung e u ama joang?

      9 Na Jesu o ne a tsosa batho ka matla a hae? Che. Pele Jesu a tsosa Lazaro, o ile a rapela. Jehova ke eena ea ileng a mo fa matla a hore a tsose Lazaro. (Bala Johanne 11:41, 42.) Lazaro ha se eena feela mofu ea ileng a tsosoa. Bibele e bua ka ngoanana e mong ea lilemo li 12 ea neng a kula haholo. Ntate oa hae Jairuse o ile a kopa Jesu hore a mo folise. E ne e le ngoana ea mong feela oa hae. Ha Jairuse a ntse a buisana le Jesu, banna ba bang ba ile ba fihla, eaba ba re: “Morali oa hao o shoele! U sa tšoenyetsa’ng mosuoe?” Empa Jesu a re ho Jairuse: “U se ke ua tšaba, u mpe u bontše tumelo, ’me o tla pholoha.” Ka mor’a moo, ba ea ha Jairuse. Ha Jesu a fihla ha Jairuse, o ile a fumana batho ba ntse ba lla. O ile a re ho bona: “Khaotsang ho lla, kaha ha aa shoa empa o robetse.” E tlameha ebe batsoali ba ngoanana eo ba ile ba makala ha Jesu a cho joalo. Jesu o ile a kopa hore bohle ba neng ba le ka kamoreng eo ngoanana ea hlokahetseng a neng a le ka ho eona ba tsoe, eaba o sala le batsoali ba ngoanana eo. Jesu o ile a mo tšoara ka letsoho, ’me a re ho eena: “Moroetsana, ke re ho uena, Ema!’” U se u ka inahanela kamoo batsoali ba hae ba ileng ba thaba kateng ha a ema ’me a qala ho tsamaea. (Mareka 5:22-24, 35-42; Luka 8:49-56) Kamehla ha ba ne ba sheba morali oa bona, ba ne ba hopola seo Jehova a ba etselitseng sona ka Jesu.a

      10 Batho bao Jesu a ileng a ba tsosa bafung ba ile ba boela ba shoa. Empa seo re se balang ka batho bana se re fa tšepo. Jehova o batla ho tsosa bafu, ’me o tla fela a ba tsose.

      RE ITHUTA’NG LITLALEHONG TSE BUANG KA TSOHO?

      Petrose o tsosa Dorkase moo batho ba shebelletseng

      Moapostola Petrose o ile a tsosa mosali ea bitsoang Dorkase.—Liketso 9:36-42

      ’Mè thabetse ngoana oa hae eo Elia a sa tsoa mo tsosa

      Elia o ile a tsosa mora oa mosali oa mohlolohali.—1 Marena 17:17-24

      11. Lazaro o ne a le boemong bofe ho latela Moeklesia 9:5?

      11 Bibele e bolela ka ho hlaka hore bafu “ha ba tsebe letho.” Lazaro o ne a sa tsebe letho ha a shoele. (Moeklesia 9:5) Feela joalokaha Jesu a ne a boletse, ho ne ho le joalokaha eka Lazaro o robetse. (Johanne 11:11) Ha Lazaro a ntse a le lebitleng, o ne a sa tsebe “letho” ho hang.

      12. Ke bopaki bofe ba hore Lazaro o ile a fela a tsosoa?

      12 Batho ba bangata ba ile ba bona ha Jesu a tsosa Lazaro. Esita le lira tsa Jesu li ne li tseba hore o entse mohlolo oo. Lazaro o ne a phela, ’me sena se ile sa paka hore o tsohile bafung. (Johanne 11:47) Ho feta moo, batho ba bangata ba ile ba ea ho Lazaro, eaba ba qala ho lumela hore Jesu o rometsoe ke Molimo. Lira tsa Jesu ha lia ka tsa rata taba eo, kahoo tsa rera ho bolaea Jesu le Lazaro.—Johanne 11:53; 12:9-11.

      13. Ke’ng e re kholisang hore Jehova o tla tsosa bafu?

      13 Jesu o ile a re “bohle ba mabitleng” ba tla tsosoa. (Johanne 5:28) Sena se bolela hore Jehova o tla tsosa bafu. Empa e le hore Jehova a tle a tsose mofu, o lokela ho hopola ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka eena. Na seo se ka etsahala? Ho na le linaleli tse ngata haholo. Bibele e re Jehova o tseba lebitso la naleli e ’ngoe le e ’ngoe. (Bala Esaia 40:26.) Haeba o khona ho hopola lebitso la naleli e ’ngoe le e ’ngoe, ha ho pelaelo hore o tla hopola lintho tsohle ka bafu bao a tlang ho ba tsosa. Hape, Jehova o bopile lintho tsohle, kahoo re kholisehile hore o na le matla a ho tsosa bafu.

      14, 15. Mantsoe a Jobo a bontša hore Jehova o ikutloa joang ka ho tsosa bafu?

      14 Jobo o ne a lumela hore tsoho ea bafu e tla ba teng. O ile a re: “Haeba monna ea shahlileng a shoa na a ka phela hape?” Eaba o re ho Jehova: “U tla hooa, ’me ke tla u araba. U tla hloloheloa mosebetsi oa matsoho a hao.” Mantsoe ao a Jobo a bontša hore Jehova o labalabela ho tsosa bafu.—Jobo 14:13-15.

      15 Taba ea hore bafu ba tla tsoha e u ama joang? U ka ’na oa ipotsa hore na ebe batho bao u ba ratang le bona ba tla tsosoa. Ho tseba hore Jehova o ikemiselitse ho tsosa bafu hoa re tšelisa. Leha ho le joalo, a re ke re utloe hore na Bibele e re ho tla tsosoa bo-mang le hore na ba tla phela hokae.

      “BA TLA UTLOA LENTSOE LA HAE ’ME BA TSOE”

      16. Bophelo bo tla ba joang ha bafu ba se ba tsositsoe?

      16 Nakong e fetileng, batho ba ileng ba tsosoa ba ile ba boela ba e-ba ’moho le beng ka bona le metsoalle. Ho tla ba joalo le nakong e tlang, empa ka nako eo ho tla ba monate le ho feta. Bohle ba tsositsoeng ba tla ba le monyetla oa ho phela ka ho sa feleng, ba ke ke ba hlola ba shoa. Hape, ba tla phela hamonate ho se ho se na ntoa, tlolo ea molao le ho kula.

      17. Ke bo-mang ba tla tsosoa?

      17 Ke bo-mang ba tla tsosoa? Jesu o ile a re “bohle ba mabitleng . . . ba tla utloa lentsoe la hae ’me ba tsoe.” (Johanne 5:28, 29) Tšenolo 20:13 e re: “Leoatle la nehelana ka bafu ba ho lona, ’me lefu le Hadese tsa nehelana ka bafu ba ho tsona.” Batho ba bangata ba shoeleng ba tla boela ba phele. Moapostola Pauluse o ile a re ho tla tsosoa “ba lokileng le ba sa lokang.” (Bala Liketso 24:15.) See se bolela’ng?

      Batho ba thabetse ho kopana le baratuoa ba bona hape

      Paradeiseng, bafu ba tla tsosoa ’me ba boele ba be ’moho le beng ka bona le metsoalle

      18. “Ba lokileng” ba tla tsosoa ba akarelletsa bo-mang?

      18 “Ba lokileng” bao lengolo lena le buang ka bona, ba akarelletsa batho bohle ba ileng ba sebeletsa Jehova pele Jesu a tla lefatšeng. Ba bang ba batho ba tla tsosetsoa ho tla phela mona lefatšeng ke Noe, Abrahama, Sara, Moshe, Ruthe le Esthere. U ka bala ka ba bang ba bona ho Baheberu khaolo ea 11. Le mehleng ena, batho bohle ba tla shoa ba ntse ba tšepahalla Jehova, le bona ba tla tsosoa hobane ke karolo ea “ba lokileng.”

      19. “Ba sa lokang” ba akarelletsa bo-mang? Jehova o tla ba fa monyetla ofe?

      19 “Ba sa lokang” bona ba akarelletsa batho ba libilione ba sa kang ba e-ba le monyetla oa ho ithuta ka Jehova. Le hoja ba se ba sa phele, Jehova ha aa ba lebala. O tla ba tsosa, a ba fe monyetla oa ho ithuta ka eena le ho mo sebeletsa.

      20. Ke hobane’ng ha ho ke ke ha tsosoa motho e mong le e mong?

      20 Na see se bolela hore batho bohle ba hlokahetseng ba tla tsosoa? Che. Jesu o ile a re ho na le batho ba ke keng ba tsosoa. (Luka 12:5) Ke mang ea tla etsa qeto ea hore na ho tla tsosoa bo-mang? Jehova ke eena Moahloli ea ka sehloohong, empa o boetse o file Jesu matla a hore “e be moahloli oa ba phelang le oa bafu.” (Liketso 10:42) Ho na le batho ba shoeleng ba sa batle ho etsa thato ea Molimo ’me bona ba ke ke ba tsosoa.—Sheba tlhaloso ea 18 lethathamong la Litlhaloso qetellong ea buka.

      BA TLA TSOSETSOA HO EA PHELA LEHOLIMONG

      21, 22. (a) Ho etsahala’ng ha motho a tsosetsoa ho ea phela leholimong? (b) Motho oa pele ea ileng a tsosetsoa ho phela leholimong ke mang?

      21 Bibele e boetse e re ho na le ba bang ba tla tsosetsoa ho phela leholimong. Ha motho a tsosetsoa ho phela leholimong, ha a tsosoe e le motho oa nama le mali, empa o tsosoa e se e le motho oa moea.

      22 Jesu ke eena motho oa pele ea ileng a tsosoa ka tsela ena. (Johanne 3:13) Matsatsi a mararo ka mor’a hore Jesu a bolaoe, Jehova o ile a mo tsosa. (Pesaleme ea 16:10; Liketso 13:34, 35) Jesu ha aa ka a tsosoa ka ’mele oa nama. Moapostola Petrose o re Jesu o ile “a bolaoa nameng, empa a phelisoa moeeng.” (1 Petrose 3:18) Jesu o ile a tsosoa e se e le lengeloi. (1 Bakorinthe 15:3-6) Empa Bibele e re ho na le ba bang ba tla tsosoa ka tsela ena.

      23, 24. Ke bo-mang ba etsang “mohlatsoana” oo Jesu a buileng ka oona, hona ba bakae ka palo?

      23 Nakoana pele Jesu a shoa, o ile a re ho barutuoa ba hae: “Ke il’o le lokisetsa sebaka.” (Johanne 14:2) Sena se bolela hore balateli ba bang ba hae ba ne ba tla tsosetsoa ho phela le eena leholimong. Ba tla ba ba bakae ka palo? Jesu o ile a re e ne e tla ba palo e nyenyane, kapa “mohlatsoana.” (Luka 12:32) Moapostola Johanne o ile a bolela palo eo ha a bona Jesu ‘a eme Thabeng ea Sione, a e-na le ba likete tse lekholo le mashome a mane a metso e mene [144 000].’—Tšenolo 14:1.

      24 Bakreste ba 144 000 ba tla tsosoa neng? Bibele e re ba tla tsosoa ka mor’a hore Kreste a qale ho busa leholimong. (1 Bakorinthe 15:23) Re phela nakong eo hona joale, ’me boholo ba Bakreste bao ba 144 000 ba se ba tsoselitsoe leholimong. Bakreste ba nang le tšepo ea ho phela leholimong ba ntseng ba le lefatšeng, ba tla tsosetsoa leholimong ka ho panya ha leihlo ha ba shoa. Leha ho le joalo, batho ba bangata ba tla tsosetsoa ho phela lefatšeng.

      25. Re tla ithuta ka eng khaolong e latelang?

      25 Haufinyane, Jehova o tla felisa lefu. (Bala Esaia 25:8.) Empa, ba eang leholimong ba il’o etsa’ng teng? Bibele e re ba il’o busa le Jesu ’Musong oa Molimo. Re tla ithuta haholoanyane ka ’Muso oo khaolong e latelang.

      a Bibele e bua ka bafu ba bang ba ileng ba tsosoa, ba akarelletsang bana le batho ba baholo, Baiseraele le batho ba lichaba tse ling. U ka bala ka bona ho 1 Marena 17:17-24; 2 Marena 4:32-37, 13:20, 21; Matheu 28:5-7; Luka 7:11-17, 8:40-56 le ho Liketso 9:36-42; 20:7-12.

      KAKARETSO

      MOLAETSA OA BIBELE 1: JEHOVA O TLA FELISA LEFU

      “E le sera sa ho qetela, lefu le tla etsoa lefeela.”—1 Bakorinthe 15:26

      Bibeleng e fana ka matšeliso afe haeba re hlokahaletsoe?

      • 2 Bakorinthe 1:3, 4

        Le hoja re utloa bohloko ebile ho se seo re ka se etsang ha re hlokahaletsoe, Bibele e na le molaetsa o re tšelisang.

      • Esaia 25:8; 26:19

        Jehova o na le matla a ho felisa lefu. O tla tsosa bafu.

      MOLAETSA OA BIBELE 2: MOLIMO O TLA HLE A TSOSE BAFU

      “Moroetsana, ke re ho uena, Ema!”—Mareka 5:41

      Re tseba joang hore bafu ba tla fela ba tsohe?

      • Johanne 11:1-44

        Jesu o ile a tsosa Lazaro.

      • Mareka 5:22-24, 35-42

        Jesu o ile a tsosa ngoana ea monyane.

      • Johanne 11:41, 42

        Jehova ke eena ea ileng a fa Jesu matla a ho tsosa bafu.

      • Johanne 12:9-11

        Batho ba bangata ba ile ba bona ha Jesu a tsosa bafu. Le batho neng ba mo hloile ba ne ba tseba hore o na le matla a ho tsosa bafu.

      MOLAETSA OA BIBELE 3: JEHOVA O TLA TSOSA BAFU

      “U tla hooa, ’me ke tla u araba. U tla hloloheloa mosebetsi oa matsoho a hao.”—Jobo 14:13-15

      Ke bo-mang ba tla tsosoa?

      • Johanne 5:28, 29

        Bohle ba mabitleng ba tla utloa lentsoe la hae ’me ba tsoe.

      • Liketso 24:15

        Ho tla tsosoa ba lokileng le ba sa lokang.

      • Esaia 40:26

        Jehova o tseba lebitso la naleli e ’ngoe le e ’ngoe kahoo ha ho pelaelo hore o tla hopola lintho tsohle ka batho bao a tlang ho ba tsosa.

      MOLAETSA OA BIBELE 4: BATHO BA BANG BA TLA TSOSETSOA HO EA PHELA LEHOLIMONG

      “Ke il’o le lokisetsa sebaka.”—Johanne 14:2

      Ke bo-mang ba tla tsosetsoa ho ea phela leholimong?

      • 1 Petrose 3:8

        Jesu ke eena motho oa pele ea ileng a tsosetsoa ho ea phela leholimong.

      • Luka 12:32

        Jesu o ile a re ba tla tsosetsoa ho ea leholimong

      • e ne e tla ba palo e nyane.

        Tšenolo 14:1

        Jehova o khethile batho ba 144 000 feela hore ba tle ba tsosetsoe ho ea phela leholimong.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela