Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • bhs khao. 11 maq. 116-123
  • Ke Hobane’ng ha Lintho Tse Bohloko li Etsahala?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha Lintho Tse Bohloko li Etsahala?
  • Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
  • Bala le Seo Bibele e se Rutang (bh)
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • KE HOBANE’NG HA HO ETSAHALA LINTHO TSE BOHLOKO HAKAALE?
  • KE HOBANE’NG HA MOLIMO A LUMELLA LINTHO TSE BOHLOKO?
  • KE HOBANE’NG HA JEHOVA A EME NAKO E TELELE HAKAALE?
  • U TLA KHETHA HO SEBELETSA MANG?
  • Ke Hobane’ng ha re Hlaheloa ke Mathata?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Ke Hobane’ng ha Molimo a Lumella Mahlomola?
    Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng
  • Morero oa Molimo ke Ofe ka Lefatše?
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Ke Hobane’ng ha Molimo a Bopile Batho?
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
Bala Tse Ling
Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
bhs khao. 11 maq. 116-123

KHAOLO EA 11

Ke Hobane’ng Ha Lintho Tse Bohloko Li Etsahala?

1, 2. Batho ba bangata ba ipotsa lipotso life?

SEFEFO se senya motse. Motho o lematsa batho ka sethunya ka kerekeng le ho bolaea ba bang. ’Mè o bolaoa ke mofetše ’me o siea bana ba bahlano.

2 Batho ba bangata baa ipotsa hore na ke hobane’ng ha lintho tse mpe joaloka tsena li etsahala le hore na ke hobane’ng ha batho ba le khopo hakaale. Na le uena u kile oa ipotsa lipotso tsee?

3, 4. (a) Habakuke o ile a botsa lipotso life? b) Jehova o ile a mo araba joang?

3 Ka Bibeleng, re bala ka batho ba neng ba e-na le tumelo e matla ho Molimo bao le bona ba ileng ba botsa lipotso tse kang tsena. Ka mohlala, moprofeta Habakuke o ile a botsa Jehova: “Ke hobane’ng ha u etsa hore ke bone se kotsi, ’me u ntse u talima khathatso feela? Ke hobane’ng ha tlatlapo le pefo li le ka pel’a ka, hape ke hobane’ng ha qabang e e-ba teng, ’me ke hobane’ng ha tsekisano e ntšetsoa pele?”—Habakuke 1:3.

4 Molimo o ile a araba lipotso tsa Habakuke ’me a mo tšepisa hore o tla lokisa boemo. (Habakuke 2:2, 3) Bibele e re Jehova o rata batho haholo. E re: ‘Oa re tsotella.’ (1 Petrose 5:7) Ha e le hantle, Molimo ha a rate ho bona re utloa bohloko. (Esaia 55:8, 9) Kahoo, a re hlahlobe potso ena: Ke hobane’ng ha ho etsahala lintho tse bohloko hakaale lefatšeng?

KE HOBANE’NG HA HO ETSAHALA LINTHO TSE BOHLOKO HAKAALE?

5. Baruti ba re’ng ka lintho tse bohloko tse re etsahallang? Bibele eona e re’ng?

5 Baruti ba re ke thato ea Molimo hore batho ba hlaheloe ke lintho tse bohloko. Batho ba bang ba re Molimo o rerile hore re etsahalloe ke lintho tse bohloko ebile re ke ke ra mo utloisisa. Ba bang bona ba re batho ba shoa hobane Molimo a ba hloka leholimong. Empa ha ba bue ’nete. Ha ho mohla Jehova a re bakelang mathata. Bibele e re: “Ho ke ho be hōle le Molimo oa ’nete hore a sebetse bokhopo, Le hore Ea Matla ’Ohle a sebetse ka mokhoa o hlokang toka!”—Jobo 34:10.

6. Ke hobane’ng ha batho ba bangata ba beha Molimo molato ka lintho tse bohloko tse etsahalang lefatšeng?

6 Batho ba bangata ba beha Molimo molato ka lintho tse bohloko tse etsahalang lefatšeng kaha ba nahana hore le busoa ke Molimo. Empa joalokaha re ithutile khaolong ea 3, lefatše le busoa ke Satane Diabolose.

7, 8. Ke hobane’ng ha ho etsahala lintho tse bohloko hakaale lefatšeng?

7 Bibele e re “lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo.” (1 Johanne 5:19) ’Musi oa lefatše lena, Satane Diabolose, o khopo ebile o sehloho. O ‘khelosa lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona.’ (Tšenolo 12:9) Kahoo, lebaka le leng leo ka lona batho ba bangata ba leng khopo, ba buang mashano le ho hloeana ke hobane ba etsisa Satane.

8 Ho na le lebaka le leng leo ka lona lintho tse ngata tse bohloko li etsahalang. Ka mor’a hore Adama le Eva ba fetohele Molimo, bana ba bona ba ile ba futsa sebe ho bona. Kaha joale batho ke baetsalibe, ba bakela batho ba bang mathata. Baa ikhohomosa, baa loantšana ebile ba hatella batho ba bang. (Moeklesia 4:1; 8:9) Ka linako tse ling, batho ba hlaheloa ke lintho tse bohloko ka lebaka la “nako le ketsahalo e sa lebelloang.” (Moeklesia 9:11) Ba hlaheloa ke lintho tse bohloko hobane ba le sebakeng se itseng ka nako e fosahetseng.

9. Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore Jehova o na le lebaka le utloahalang la ho lumella lintho tse bohloko hore li etsahale?

9 Ha ho mohla Jehova a etsang hore batho ba hlaheloe ke lintho tse bohloko. Ha se eena ea etsang hore batho ba loantšane, ba etse tlolo ea molao le ho hatella ba bang. Molimo ha a bake likoluoa tse kang litšisinyeho tsa lefatše, maholiotsoana le meroallo. Empa u ka ’na oa ipotsa: ‘Haeba Jehova o matla ’ohle, ke hobane’ng ha a sa thibele lintho tsee tse mpe ho etsahala?’ Kaha rea tseba hore Molimo o re tsotella haholo, e tlameha ebe o na le lebaka le utloahalang la ho tlohella lintho tse bohloko hore li etsahale.—1 Johanne 4:8.

KE HOBANE’NG HA MOLIMO A LUMELLA LINTHO TSE BOHLOKO?

10. Satane o ile a qosa Jehova ka ho re’ng?

10 Diabolose o ile a khelosa Adama le Eva serapeng sa Edene. Satane o ile a qosa Molimo ka hore ke ’Musi ea khopo. O ile a re Molimo o patetse Adama le Eva ntho e itseng e molemo. Satane o ne a batla hore ba nahane hore a ka ba busa ka tsela e molemo ho feta Jehova le hore ha ba hloke ho busoa ke Jehova.—Genese 3:2-5; sheba tlhaloso ea 26 lethathamong la Litlhaloso qetellong ea buka.

11. Ke potso efe eo re lokelang ho e araba?

11 Adama le Eva ha baa ka ba mamela Jehova. Kahoo ba mo fetohela. Ba ne ba nahana hore ba na le tokelo ea ho itaola. Jehova o ne a ka etsa’ng ho bontša hore ba fositse le hore ke eena ea lokelang ho re busa?

12, 13. (a) Ke hobane’ng ha Jehova a sa ka a timetsa Adama le Eva hang-hang? (b) Ke hobane’ng ha Jehova a lumeletse Satane hore a buse lefatše le hore batho ba ipuse?

12 Jehova ha aa ka a timetsa Adama le Eva hang-hang. Ho e-na le hoo, o ile a tlohella Adama le Eva hore ba be le bana. Jehova o ile a fa bana ba Adama le Eva monyetla oa ho ikhethela hore na ba batla ho busoa ke mang. Jehova o ne a rerile ho tlatsa lefatše ka batho ba phethahetseng ’me ho ne ho tla fela ho be joalo.—Genese 1:28; Esaia 55:10, 11.

13 Satane o ile a qosa Jehova ka pel’a mangeloi a limilione. (Jobo 38:7; Daniele 7:10) Kahoo, Jehova o ile a fa Satane nako hore a fane ka bopaki ba lintho tseo a mo qosang ka tsona. Hape o file batho nako hore ba ipuse ba susumetsoa ke Satane e le hore ho tle ho bonahale hore na ba ka fela ba atleha ba sa busoe ke Molimo.

14. Na batho ba atlehile ho ipusa?

14 Batho ba lekile ho ipusa ka lilemo tse likete, empa ba hlolehile. Ho hlakile hore Satane o leshano. Batho ba hloka ho busoa ke Molimo. Moprofeta Jeremia o ne a nepile ha a re: “Ke tseba hantle, Jehova, hore tsela ea motho oa lefatše ha e matleng a hae. Ha ho matleng a motho ea tsamaeang hore a tsamaise mehato ea hae.”—Jeremia 10:23.

KE HOBANE’NG HA JEHOVA A EME NAKO E TELELE HAKAALE?

15, 16. (a) Ke hobane’ng ha Jehova a lumeletse lintho tse bohloko hore li etsahale ka nako e telele hakaale? (b) Ke hobane’ng ha hona joale Jehova a sa lokise mathata a bakiloeng ke Satane?

15 Ke hobane’ng ha Jehova a lumeletse lintho tse bohloko hore li etsahale ka nako e telele hakaale? Ke hobane’ng ha a sa li thibele ho etsahala? Ho ile ha lokela ho feta nako e telele hore ho bonahale hore Satane o hlolehile ho busa batho. Batho ba lekile mefuta e sa tšoaneng ea puso, empa ha baa atleha. Le hoja ba tsoetse pele litabeng tsa saense le theknoloji, lintho tse kang khethollo, bofutsana, tlolo ea molao le ntoa li se li etsahala ka sekhahla se seholo. Re ke ke ra atleha ho ipusa re sa tataisoe ke Molimo.

16 Ho ntse ho le joalo, Jehova ha a lokise mathata a bakiloeng ke Satane hobane ho tla bonahala eka o tšehetsa puso ea Satane ’me le ka mohla a ke ke a etsa joalo. Batho le bona ba ne ba tla nahana hore ba ka atleha ho ipusa ba sa tataisoe ke Molimo. Empa taba eo ke leshano leo Jehova a neng a ke ke a le tšehetsa. Le ka mohla a ke ke a bua leshano.—Baheberu 6:18.

17, 18. Jehova o tla etsa’ng ka mathata ’ohle ao Satane a a bakileng?

17 Na Jehova a ka rarolla mathata ’ohle ao Satane le batho ba a bakileng? E, a ka a rarolla hobane o matla ’ohle. O tla rarolla liqoso tsohle tsa Satane ka nako e nepahetseng ebe o etsa hore lefatše e be paradeise, joalokaha a ne a rerile. Bohle ba “mabitleng a khopotso” ba tla tsosoa. (Johanne 5:28, 29) Batho ha ba sa tla hlola ba kula kapa ba shoa. Jesu o tla lokisa mathata ’ohle ao Satane a a bakileng. Jehova o tla sebelisa Jesu “ho qhaqha mesebetsi ea Diabolose.” (1 Johanne 3:8) Rea thaba hore ebe Jehova o bile le mamello hobane re na le monyetla oa ho ithuta ka eena e le hore re ka khetha ho busoa ke eena. (Bala 2 Petrose 3:9, 10.) Leha re hlaheloa ke lintho tse bohloko, o re thusa ho li mamella.—Johanne 4:23; bala 1 Bakorinthe 10:13.

18 Jehova ha a re qobelle hore re khethe ho busoa ke eena. O re file bolokolohi ba ho ikhethela. Re ka sebelisa bolokolohi boo joang?

U TLA KHETHA HO SEBELETSA MANG?

19. Jehova o re file eng? Ke hobane’ng ha re lokela ho e ananela?

19 Kaha Jehova o re file bolokolohi ba ho ikhethela, ha re tšoane le liphoofolo. Li etsa lintho tse ngata ka tlhaho, empa rona re ka khetha hore na re batla ho etsa’ng bophelong le hore na re batla ho khahlisa Jehova kapa che. (Liproverbia 30:24) Hape ha re tšoane le mechine e etsang mosebetsi o le mong feela. Re na le bolokolohi ba ho ikhethela hore na re batla ho ba batho ba mofuta ofe, hore na re batla metsoalle e joang le hore na re batla ho etsa’ng bophelong. Jehova o batla hore re thabe bophelong.

20, 21. Ke ntho efe e molemo eo u ka khethang ho e etsa hona joale?

20 Jehova o batla hore re mo rate. (Matheu 22:37, 38) Ha ngoana a bolella ntate oa hae hore oa mo rata ’me a cho joalo hobane a hlile a mo rata eseng hobane a qobeletsoe, ntate oa thaba. Jehova le eena oa thaba ha re mo rata. O re file bolokolohi ba ho ikhethela hore na re batla ho mo sebeletsa kapa che. Satane, Adama le Eva ba ile ba khetha ho se sebeletse Jehova. Uena u tla khetha ho etsa’ng?

21 Khetha ho sebeletsa Jehova. Ho na le batho ba limilione ba khethileng ho sebeletsa Molimo ho e-na le ho sebeletsa Satane. (Liproverbia 27:11) U ka etsa’ng hona joale e le hore u tle u phele lefatšeng le lecha la Molimo, leo ho lona lintho tsohle tse bohloko li tla felisoa? Re tla araba potso ena khaolong e latelang.

KAKARETSO

MOLAETSA OA BIBELE 1: JEHOVA HA SE EENA EA RE BAKELANG MATHATA

“Ho ke ho be hōle le Molimo oa ’nete hore a sebetse bokhopo, le hore Ea Matla ’Ohle a sebetse ka mokhoa o hlokang toka!”—Jobo 34:10

Ke hobane’ng ha ho e-na le mathata a mangata hakaale lefatšeng?

  • 1 Johanne 5:19

    Satane Diabolose ke eena ea busang lefatše.

  • Moeklesia 8:9

    Batho le bona ba bakela batho ba bang mathata.

  • Moeklesia 9:11

    Ka linako tse ling batho ba hlaheloa ke mathata hobane ba le sebakeng se itseng ka nako e fosahetseng.

  • 1 Petrose 5:7

    Jehova o rata batho haholo, ebile ha aa thabe ho hang ha ba le mathateng.

MOLAETSA OA BIBELE 2: SATANE O ILE A RE JEHOVA HA A NA TOKELO EA HO BUSA

“Molimo oa tseba hore . . . mahlo a lōna a tla tutuboloha ’me le tla ba joaloka Molimo, le tsebe botle le bobe.”—Genese 3:5

Ke hobane’ng ha Jehova a sa ka a iphapanyetsa Satane?

  • Genese 3:2-5

    Satane o ile a qosa Molimo ka hore o khopo. O ne a batla hore batho ba mo kholoe ha a re ba ka iketsetsa liqeto ba sa tataisoe ke Molimo.

  • Jobo 38:7

    Satane o ile a qosa Jehova ka pel’a mangeloi a limilione.

MOLAETSA OA BIBELE 3: SATANE O NE A BUA LESHANO

“Ha ho matleng a motho ea tsamaeang hore a tsamaise mehato ea hae.”—Jeremia 10:23

Ke hobane’ng ha batho ba hlahetsoe ke mathata ka nako e telele hakaale?

  • Esaia 55:9

    Batho ba lekile mefuta e sa tšoaneng ea puso, empa ba ke ke ba atleha ho busa ba sa tataisoe ke Molimo.

  • 2 Petrose 3:9, 10

    Jehova o na le mamello. Kahoo, o re file nako e le hore re ka ithuta ka eena e le hore re ka khetha ho busoa ke eena.

  • 1 Johanne 3:8

    Jehova o tla sebelisa Jesu ho lokisa mathata ’ohle ao Satane a a bakileng.

MOLAETSA OA BIBELE 4: KHETHA HO SEBELETSA JEHOVA

“Mora oa ka, hlalefa . . . e le hore nka araba ea ’nyelisang.”—Liproverbia 27:11

Ke hobane’ng ha Jehova a sa re qobelle ho mo sebeletsa?

  • Liproverbia 30:24

    Liphoofolo li etsa lintho tse ngata ka tlhaho, empa rona re ka khetha hore na re batla ho etsa’ng bophelong le hore na re batla ho khahlisa Jehova kapa che.

  • Matheu 22:37, 38

    Jehova o batla hore re mo sebeletse hobane re mo rata.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela