Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ypq putso 4 maq. 12-14
  • Nka Lokisa Liphoso Tsa ka Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nka Lokisa Liphoso Tsa ka Joang?
  • Likarabo Tsa Lipotso Tse 10 Tseo Bacha ba li Botsang
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Nka Lokisa Liphoso Tsa ka Joang?
    Bacha Baa Botsa
  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Lumela Phoso?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Re Lokela ho ba le Maikutlo Afe ka Liphoso?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
  • Na U Ithuta Liphosong Tsa Hao?
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2022
Bala Tse Ling
Likarabo Tsa Lipotso Tse 10 Tseo Bacha ba li Botsang
ypq putso 4 maq. 12-14
Bashanyana ba babeli ba shebile fensetere ea koloi e pshatlehileng

POTSO EA 4

Nka Lokisa Liphoso Tsa ka Joang?

KE HOBANE’NG HA E LE HABOHLOKOA?

Ha u lumela liphoso tsa hao, batho ba tla u tšepa.

U NE U TLA ETSA’NG?

Nahana ka sena: Tim o ntse a bapala bolo le metsoalle ea hae, joale bolo e otla fensetere ea moahisani, ’me ea pshatleha.

Haeba e ne e le uena, u ne u tla etsa’ng?

NAHANISISA HANTLE!

U KA KHETHA HO ETSA E ’NGOE EA LINTHO TSENA TSE THARO:

  1. U ka baleha.

  2. Ua re ke e mong.

  3. Ua bolella moahisani se etsahetseng, ’me ua ithaopela ho e patala.

U ka ’na ua batla ho khetha A. Empa ke habohlokoa hore u lumele liphoso tsa hao, ho sa tsotelle hore na u entse’ng.

MABAKA A MARARO A BONTŠANG BOHLOKOA BA HO LUMELA LIPHOSO TSA HAO

  1. Ke ntho e nepahetseng.

    Bibele e re: “Re lakatsa ho itšoara ka botšepehi linthong tsohle.”—Baheberu 13:18.

  2. Hangata batho ba tla u tšoarela ha u lumela liphoso tsa hao.

    Bibele e re: “Ea koahelang litlōlo tsa hae a ke ke a atleha, empa ea li bolelang ’me a li tlohela o tla bontšoa mohau.” —Liproverbia 28:13.

  3. Ntho ea bohlokoa le ho feta, u tla thabisa Molimo.

    Bibele e re: “Motho ea mano ke ntho e manyala ho Jehova, empa o na le kamano e haufi-ufi le ba lokileng.”—Liproverbia 3:32.

Karina ea lilemo li 20 o ile a patela ntate oa hae hore o fumane tekete ea ho khanna ka lebelo le phahameng. Empa ntate oa hae o ile a qetella a tsebile. Karina o re: “Ka mor’a hore ho fete selemo ke e patile, ntate o ile a hlokomela tekete eo. Ke ile ka kena mathateng!”

O ile a ithuta’ng ho see? Karina o re: “Ho thōla ha u entse phoso ho senya litaba le ho feta. E ntse e tla hlahella nakong e tlang!”

U KA ITHUTA LIPHOSONG TSA HAO

Bibele e re: “Kaofela re khoptjoa hangata.” (Jakobo 3:2) Kahoo, joalokaha re bone, motho ea lumelang liphoso tsa hae hang-hang o bontša hore o hōlile kelellong ebile o ikokobelitse.

Ntlha e ’ngoe ke hore u ithute liphosong tsa hao. Ngoanana e mong ea bitsoang Vera o re: “Ke leka ho ithuta ho hong liphosong tsa ka, ’me seo se nthusa hore ke se ke ka li pheta nakong e tlang.” A re boneng hore na u ka etsa seo joang.

Ntate oa hao o u alimile baesekele, joale ea robeha. U ka etsa’ng?

  • Na u tla thōla, u tšepe hore a ke ke a e bona.

  • U tla bolella ntate oa hao se etsahetseng.

  • U tla bolella ntate oa hao se etsahetseng, ebe u re ke motho e mong.

U feitse tlhahlobo hobane u ne u sa bala. U ka etsa’ng?

  • Na u tla re ke hobane e ne e le thata.

  • U tla lumela hore ke hobane u ne u sa bala.

  • U tla re ke hobane tichere e sa u rate.

Ngoanana o shebile seipone se bontšang likoloi tse tlang ka morao

Ho lula u nahana ka liphoso tsa hao tsa nakong e fetileng ho tšoana le ho khanna koloi u shebile seipone se bontšang likoloi tse tlang ka morao

Joale nahana ka lintho tseo re sa tsoa bua ka tsona, ebe u nahana hore na u ne u tla etsa’ng haeba u ne u le (1) ntate oa hao (2) kapa tichere. Ntate oa hao le tichere ea hao ba ne ba tla u nka joang haeba u ile ua lumela phoso ea hao li sa tloha feela? Ba ne ba tla nahana’ng ka uena hoja u ile ua pata phoso ea hao?

Joale nahana ka phoso eo u ileng ua e etsa selemong se fetileng, ebe u araba lipotso tse latelang.

U ile ua etsa phoso efe? Eaba u etsa’ng?

  • Ke ile ka e pata.

  • Ke ile ka re e entsoe ke motho e mong.

  • Ke ile ka e lumela.

Haeba ha ua ka ua lumela phoso ea hao, u ile ua ikutloa joang ka mor’a moo?

  • Ke ile ka thabela hore ha ho na motho ea ileng a tseba!

  • Ke ile ka ikutloa ke le molato, ka lakatsa eka nkabe ke ile ka bua ’nete.

U ka be u ile ua etsa lintho joang ka tsela e molemo?

U ithutile’ng phosong eo?

U NAHANA’NG KA SEE?

Ke hobane’ng ha batho ba bang ba sa batle ho lumela liphoso tsa bona?

Batho ba tla nahana’ng ka uena ha u lula u batla ho pata liphoso tsa hao, empa ba tla nahana’ng ka uena ha u li lumela?—Luka 16:10.

SEO KE RERANG HO SE ETSA

  • Likhoeling tse 12 tse tlang, u ikemiselitse ho etsa’ng ka liphoso tsa hao?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela