THUTO EA 81
Thuto ea Thabeng
Ka mor’a ho khetha baapostola ba 12, Jesu o ile a theoha thabeng eaba o ea moo ho nang le batho ba bangata. Ba ne ba tsoa Galilea, Judea, Tire, Sidone, Siria le ka mose ho Jordane. Ba ile ba tlisa batho ba tšoeroeng ke mafu a fapaneng le ba neng ba hlokofatsoa ke bademona. Jesu o ile a ba folisa kaofela. Eaba o lula pel’a thaba o bua le bona. O ile a hlalosa seo re lokelang ho se etsa haeba re batla ho ba metsoalle ea Molimo. Re lokela ho rata Jehova ’me re tsebe hore rea mo hloka. Empa re ke ke ra rata Molimo haeba re sa rate batho ba bang. Re lokela ho ba mosa, re tšoare batho ba bang ka toka re be re rate lira tsa rona.
Jesu o ile a re: ‘Ha hoa lekana ho rata metsoalle ea rona feela. Re lokela ho rata le lira tsa rona, re ba tšoarele ho tsoa pelong. Haeba u koatisitse motho e mong, kopa tšoarelo. Tšoara ba bang ka tsela eo u batlang hore ba u tšoare ka eona.’
Jesu o ile a fana ka keletso e ntle ho bamameli ba hae mabapi le maruo. O ile a re: ‘Ke habohlokoa ho ba motsoalle oa Jehova ho feta ho ba le chelete e ngata. Lesholu le ka utsoa chelete ea hao empa ha ho na ea ka utsoang setsoalle sa hao le Jehova. Khaotsa ho tšoenyeha ka hore na u tla ja’ng, u tla noa’ng kapa u tla apara’ng. Sheba linonyana. Molimo o lula a etsa bonnete ba hore li na le lijo. Ho tšoenyeha ho ke ke ha lelefatsa matsatsi a hao a bophelo. Hopola hore Jehova oa tseba hore na u hloka’ng.’
Letšoele leo le ne le e-s’o utloe motho ea buang joaloka Jesu. Baeta-pele ba bona ba bolumeli ba ne ba sa ba ruta lintho tsena. Ke hobane’ng ha Jesu e ne e le mosuoe e moholo? Ke hobane ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a neng a e ruta e ne e tsoa ho Jehova.
“Jarang joko ea ka le ithute ho ’na hobane ke bonolo ebile ke ikokobelitse ’me le tla khatholoha.”—Matheu 11:29