Maikutlo a Fosahetseng
Ke maikutlo afe ao Bakreste ba lokelang ho a qoba?
Ho halefa
Ps 37:8, 9; Pr 29:22; Kol 3:8
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
Ge 37:18, 19, 23, 24, 31-35—Bana ba bo Josefa ba ile ba mo hlasela, ba mo rekisa hore e be lekhoba eaba ba thetsa ntate oa bona Jakobo ba re mora oa hae eo a mo ratang o hlokahetse
Ge 49:5-7—Simeone le Levi ba ile ba fuoa kotlo ka lebaka la lintho tse mpe tseo ba ileng ba li etsa ha ba ne ba halefile
1Sa 20:30-34—Ha Morena Saule a ne a halefile, o ile a rohaka mora oa hae Jonathane ’me a leka ho mo bolaea
1Sa 25:14-17—Nabale le banna bohle ba ntlo ea hae ba ile ba batla ba bolaoa hobane a ile a rohaka banna ba Davida
Ho rata liqabang
Ho ba makoala
Ho ba le pelo e mpe
De 15:7, 8; Mat 19:8; 1Jo 3:17
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
Ge 42:21-24—Bana ba bo Josefa ba ile ba re ba soabile hore ebe ba ile ba tšoara Josefa hampe
Mar 3:1-6—Jesu o ile a utloa bohloko ha a hlokomela kamoo Bafarisi ba neng ba le lipelo li mpe kateng hobane ba ne ba sa utloele batho bohloko
Ho se hlomphe
Sheba “Ho se Hlomphe”
Ho ikhohomosa
Sheba le Pr 3:7; 26:12; Bar 12:16
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
2Sa 15:1-6—Absalome o ne a ikhohomosa a bile a batla hore batho ba mo rate ho feta ntate oa hae Davida
Dan 4:29-32—Jehova o ile a fa Morena Nebukadnezare kotlo hobane o ne a ikhohomosa
Mona; ho lakatsa lintho tsa batho ba bang
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
Ge 26:12-15—Jehova o ile a hlohonolofatsa Isaka hobane o ne a sebetsa ka thata ’me Bafilista ba ile ba qala ho mo monela
1Ma 21:1-19—Morena Akabe ea khopo o ile a khalla tšimo ea Nabothe hoo a ileng a etsa hore a qosoe ka leshano ’me a bolaoe
Ho tšaba batho
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
Nu 13:25-33—Banna ba leshome bao e neng e le lihloela tsa Baiseraele ba ile ba tšoha haholo ha ba bona lira tsa bona ’me ba etsa hore batho ba bang le bona ba tšohe
Mat 26:69-75—Moapostola Petrose o ne a tšaba batho ke kahoo a ileng a latola Jesu ka makhetlo a mararo
Ho ba meharo
Sheba “Ho ba Meharo”
Lehloeo
Sheba le Nu 35:19-21; Mat 5:43, 44
Boikaketsi
Sheba “Boikaketsi”
Mona
Sheba “Mona”
Ho ba botsoa
Ho rata chelete le maruo
Sheba le 1Jo 2:15, 16
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
Job 31:24-28—Jobo e ne e le morui empa o ne a rata Jehova ho feta maruo a hae
Mar 10:17-27—Monna e mong o ne a rata maruo a hae haholo hoo a neng a sa batle ho a tlohela e le hore e be molateli oa Jesu
Lehloeo le tsamaisanang le ho halefa
Sheba le Jak 3:14
Mohlala oa Bibele o ka u thusang:
Ob 10-14—Jehova o ile a fa Baedomo kotlo hobane ba ne ba hloile bana ba bo bona e leng Baiseraele
Ho iketelletsa pele
Sheba “Ho Iketelletsa Pele”
Boikhohomoso; boikakaso
Sheba “Boikhohomoso”
Ho rata likhang
Pr 26:20; 1Ti 3:2, 3; Tit 3:2
Sheba le Pr 15:18; 17:14; 27:15; Jak 3:17, 18
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
Ge 13:5-9—Balisa ba Abrahama le balisa ba Lota ba ile ba qabana empa Abrahama o ile a etsa hore ho be le khotso pakeng tsa bona
Bhl 8:1-3—Banna ba Efraime ba ne ba batla ho loantša Moahloli Gideone empa o ile a etsa hore ho be le khotso pakeng tsa bona hobane o ne a ikokobelitse
Borabele
Sheba le De 21:18-21; Ps 78:7, 8; Tit 1:10
Ho nka hore u lokile ho feta batho ba bang
Moe 7:16; Mat 7:1-5; Bar 14:4, 10-13
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
Mat 12:1-7—Seo Bafarisi ba ileng ba se bua ho Jesu se ne se bontša hore ba ne ba nka ba lokile ho feta batho ba bang
Lu 18:9-14—Jesu o ile a etsa papiso e bontšang hore Molimo ha aa batle batho ba nkang hore ba lokile ho feta ba bang
Ho ba manganga
Sheba le Jer 7:23-27; Zak 7:11, 12
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
2Kr 36:11-17—Tsedekia e ne e le morena ea khopo a bile a le manganga ’me seo se ile sa etsa hore sechaba sohle se fuoe kotlo
Lik 19:8, 9—Moapostola Pauluse o ile a tlohela ho bolella batho ba manganga litaba tse monate
Ho se tsotelle maikutlo a batho ba bang
Sheba le 1Pe 2:15
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
1Sa 8:10-20—Baiseraele ba ile ba hana ho mamela ha moprofeta Samuele a ba bolella hore ba se ke ba ipatlela morena
1Sa 25:2-13, 34—Banna bohle ba ntlo ea Nabale ba batlile ba bolaoa hobane a ne a hana ho thusa Davida
Ho se tšepe batho ba bang le ho ba qosa
Mohlala oa Bibele o ka u thusang:
1Sa 18:6-9; 20:30-34—Morena Saule o ne a belaela hore Davida ha a mo tšepahalle ’me o ile a leka ho etsa hore Jonathane a mo fetohele