Mosebetsi
Ke hobane’ng ha re ka re ho sebetsa hoa re thabisa?
Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore u tsebe mosebetsi oa hao hantle?
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
1Sa 16:16-23—Davida o ne a sebelisa talenta ea hae ea ho letsa harepa ho thoba maikutlo a morena oa Iseraele
2Kr 2:13, 14—Morena Solomone o ile a sebelisa Hirame-abi hobane o ne a tseba mosebetsi oa matsoho hantle
Bahlanka ba Jehova ba batla ho tsejoa e le basebetsi ba joang?
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
Ge 24:10-21—Rebeka e ne e le motho ea sebetsang ka thata a bile a rata ho thusa batho ’me o ile a bontša seo nakong eo a neng a thusa mohlanka oa Abrahama
Baf 2:19-23—Moapostola Pauluse o ile a fa Timothea mosebetsi oa bohlokoa hobane o ne a ikokobelitse a bile a sebetsa ka thata
Ke hobane’ng ha re sa lokela ho ba botsoa?
Pr 13:4; 18:9; 21:25, 26; Moe 10:18
Mohlala oa Bibele o ka u thusang:
Pr 6:6-11—Morena Solomone o ile a etsa mohlala ka bohloa ho re ruta hore re lokela ho sebetsa ka thata le hore re se ke ra ba botsoa
Ke hobane’ng ha re lokela ho sebetsa ka thata hore re itlhokomele?
Ke hobane’ng ha re lokela ho sebetsa ka thata ho hlokomela ba malapa a rona?
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
Ru 1:16, 17; 2:2, 3, 6, 7, 17, 18—Ruthe o ne a sebetsa ka thata ho hlokomela matsale oa hae Naomi
Mat 15:4-9—Jesu o ile a khalemela batho ba neng ba sa hlokomele batsoali ba bona hobane ba re ba sebeletsa Molimo
Ke hobane’ng ha Bakreste ba lokela ho arolela ba bang lintho tseo ba li sebelelitseng ka thata?
Re lokela ho ba le boikutlo bofe ka chelete eo re e kholang?
Ke’ng e re kholisang hore Jehova o tla re thusa hore re fumane lintho tseo re li hlokang haeba re sebetsa ka thata?
Mat 6:25, 30-32; Lu 11:2, 3; 2Ko 9:10
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
Ge 31:3-13—Labane o ile a sebetsa Jakobo hampe empa Jehova o ile a hlohonolofatsa Jakobo hobane o ne a sebetsa ka thata
Ge 39:1-6, 20-23—Jehova o ile a hlohonolofatsa Josefa hobane o ile a sebetsa ka thata e le lekhoba ntlong ea Potifaro le ha a le teronkong
Ke hobane’ng ha borapeli ba rona e lokela ho ba ba bohlokoa ho feta mosebetsi?
Ps 39:5-7; Mat 6:33; Joh 6:27
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
Lu 12:15-21—Jesu o ile a etsa papiso e bontšang hore ho sebeletsa Jehova ho bohlokoa ho feta ho ba le chelete e ngata
1Ti 6:17-19—Moapostola Pauluse o ile a re Bakreste ba ruileng ba se ke ba ikhohomosa empa “ba etse lintho tse ngata tse ntle”
Ke keletso efe ea Bibele e ka re thusang hore na re khethe mosebetsi ofe?
Ex 20:4; Lik 15:29; Ef 4:28; Tše 21:8—Na mosebetsi oo ke o khethang o tla etsa hore ke tlole melao ea Molimo?
Ex 21:22-24; Esa 2:4; 1Ko 6:9, 10; 2Ko 7:1—Na mosebetsi oo o tla etsa hore ke tšehetse lintho tseo Molimo a sa li batleng le ho khothalletsa batho hore ba li etse?
Bar 13:1-7; Tit 3:1, 2—Na mosebetsi oo o tla etsa hore ke tlole melao ea naha?
2Ko 6:14-16; Tše 18:2, 4—Na mosebetsi oo o tla etsa hore ke tšehetse bolumeli ba bohata ?
Ho Sebeletsa Jehova
Ke mosebetsi ofe oa bohlokoa oo Bakreste ba o etsang?
Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore re sebetse ka thata ha re sebeletsa Jehova?
Lu 13:24; Bar 12:11; 1Ko 15:58; Heb 6:10-12
Sheba le 1Ti 3:1
Ke hobane’ng ha re sa lokela ho ipapisa le ba bang ha re sebeletsa Jehova?
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
Mat 25:14, 15—Papiso ea Jesu e-ea bontša hore ha aa lebella hore balateli ba hae ba etse mosebetsi o lekanang
Lu 21:2-4—Jesu o ile a bontša hore o nka monehelo oa mosali oa mohlolohali e le oa bohlokoa le hoja o ne o le monyenyane
Ke mang ea re fang matla a hore re sebeletse Jehova?
2Ko 4:7; Ef 3:20, 21; Baf 4:13
Mohlala oa Bibele o ka u thusang:
2Ti 4:17—Moapostola Pauluse o ile a fuoa matla nakong eo a neng a a hloka
Ho sebeletsa Jehova ho etsa hore re ikutloe joang?
Sheba le Mat 25:23