Lenyalo
Ke mang ea entseng hore ho be le lenyalo?
Mokreste o lokela ho khetha motho ea joang hore e be molekane oa hae?
Ke hobane’ng ha motsoali oa Mokreste a ke ke a tšehetsa qeto ea mora kapa morali oa hae ea ho nyalana le motho ea sa kolobetsoang?
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
Ge 24:1-4, 7—Le hoja Abrahama a ne a se a tsofetse, o ile a etsa qeto ea ho batlela mora oa hae Isaka mosali ho batho ba sebeletsang Jehova eseng ho Bakanana ba neng ba rapela melimo e meng
Ge 28:1-4—Isaka o ile a laela mora oa hae Jakobo hore a batle mosali ea sebeletsang Jehova eseng oa Mokanana
Jehova o ikutloa joang ka Lipaki tse nyalanang le batho ba sa mo sebeletseng?
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
1Ma 11:1-6, 9-11—Jehova o ile a halefela Morena Solomone hobane a ile a hana ho mo mamela, a nyala basali ba balichaba a ba a ba lumella hore ba mo khelose
Ne 13:23-27—Letona Nehemia le eena o ile a halefela Baiseraele ba neng ba nyalane le batho ba linaha tse ling ba neng ba sa sebeletse Jehova
Ke hobane’ng ha u lokela ho khetha molekane ea sebeletsang Jehova a bile a tsebahala e le motho ea hantle?
Sheba le Ef 5:28-31, 33
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
1Sa 25:2, 3, 14-17—Nabale e ne e le morui empa e ne e se monna ea lokileng hobane o ne a le bohale a bile a sotla mosali oa hae Abigaile
Pr 21:9—Haeba u sa khethe molekane ea u tšoanelang, u ke ke oa thaba ebile le ke ke la phelisana ka khotso
Bar 7:2—Moapostola Pauluse o ile a hlalosa hore ha mosali a nyaloa, o lokela ho hopola hore o tlameha ho mamela monna oa hae eo ka linako tse ling a tla etsa liphoso. Ka lebaka leo, o lokela ho khetha hantle hore na o nyaloa ke motho ea joang
Ha u itokisetsa lenyalo
Ke hobane’ng ha monna a lokela ho itlhahloba hore na a ka khona ho hlokomela mosali le bana pele a nyala?
Mohlala oa Bibele o ka u thusang:
Pr 24:27—Pele monna a nyala ’me a ba le bana, o lokela ho sebetsa ka thata e le hore a tle a khone ho hlokomela lelapa la hae
Ke hobane’ng ha baratani ba lokela ho kopa likeletso le ho tsebana hantle ho e-na le ho sheba feela hore na motho eo a ratanang le eena o motle hakae?
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
Ru 2:4-7, 10-12—Boase o ne a tseba hore na Ruthe ke motho ea joang hobane o ile a mo bona ha a ne a sebetsa ka thata le ha a ne a hlokomela Naomi. O ile a boela a utloa lintho tse ntle tseo batho ba neng ba li bua ka eena le kamoo a neng a rata Jehova kateng
Ru 2:8, 9, 20—Ruthe le eena o ile a bona hore Boase ke motho ea mosa, ea fanang le ea ratang Jehova
Ke hobane’ng ha Jehova a batla hore batho ba itšoare hantle ha ba ntse ba ratana leha ba se ba tšepisane ho nyalana?
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
Pr 5:18, 19—Ho na le lintho tseo batho ba ratanang ba sa lokelang ho li etsa pele ba nyalana
Sef 1:2; 2:6—Ha moroetsana oa Moshulame le molisana ba ne ba ratana, ba ne ba buisana le ho bontšana lerato ka tsela e neng e e-na le seriti
Sef 4:12; 8:8-10—Moroetsana oa Moshulame o ile a lula a itšoere hantle hoo Bibele e reng o tšoana le serapa se kampetsoeng
Ke hobane’ng ha banyalani ba lokela ho ngolisa lenyalo la bona ka molao?
Boikarabelo ba monna ka lapeng
Ke boikarabelo bofe boo Jehova a bo fileng banna ka lapeng?
Ke mohlala oa mang oo monna oa Mokreste a lokelang ho o etsisa?
Ke hobane’ng ha monna oa Mokreste a lokela ho bontša hore o rata mosali oa hae le hore o utloisisa tsela eo a ikutloang ka eona?
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
Ge 21:8-12—Ha Abrahama a ne a sa lumellane le seo mosali oa hae Sara a neng a kopa hore a se etse, Jehova o ile a mo laela hore a mamele mosali oa hae
Pr 31:10, 11, 16, 28—Litemana tsena li bontša hore monna ea bohlale ha aa laole mosali oa hae ebile ha aa lule a mo tšoaea liphoso empa oa mo tšepa le ho mo rorisa
Ef 5:33—Mantsoe a moapostola Pauluse a bontša hore mosali o batla ho ikutloa a ratoa ke monna oa hae
Mosali a ka thusa lelapa la hae joang?
Jehova o lebeletse hore basali ba etse’ng?
Na Jehova o nka basali e le batho ba bohlokoa?
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
Pr 1:8; 1Ko 7:4—Molimo o file basali le bo-’mè matla a itseng ka lapeng
1Ko 11:3—Moapostola Pauluse o ile a re Jehova o entse hore batho bohle ba mo sebeletsang ba be le motho eo ba ikarabellang ho eena. Leha ho le joalo kaha Molimo ke ea Phahameng ka ho Fetisisa eena ha ho na motho eo a ikarabellang ho eena
Heb 13:7, 17—Ka phuthehong banna le basali ba lokela ho hlompha le ho mamela batho ba khethiloeng hore ba ba etelle pele
Mosali eo monna oa hae e seng Paki ea Jehova a ka etsa’ng hore a thabise Jehova?
Ke hobane’ng ha mosali a lokela ho lula a hlompha monna oa hae?
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
Ge 18:12; 1Pe 3:5, 6—Sara o ne a hlompha monna oa hae haholo a bile a mo bitsa “morena” le ha a nahana ka eena
Bibele e re ke mosali ea joang ea lokelang ho rorisoa?
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
Ge 24:62-67—Rebeka o ile a tšelisa monna oa hae Isaka ka mor’a hore ’mè oa hae a hlokahale
1Sa 25:14-24, 32-38—Abigaile o ile a sireletsa monna oa hae ea se nang kelello le lelapa la hae ka ho kopa Davida hore a ba hauhele
Est 4:6-17; 5:1-8; 7:1-6; 8:3-6—Mofumahali Esthere o ile a beha bophelo ba hae kotsing ka makhetlo a mabeli ka hore a ee ho morena a sa bitsoa. O ne a e’o kopa hore morena a sireletse batho ba Molimo
Banyalani ba ka rarolla mathata joang?
Ke likeletso life tsa Bibele tse ka thusang banyalani hore ba rarolle mathata?
Ke likeletso life tsa Bibele tse ka thusang banyalani hore ba sebelise chelete hantle?
Lu 12:15; Baf 4:5; 1Ti 6:9, 10; Heb 13:5
Sheba le “Chelete”