Bana; Bacha
Molimo o ikutloa joang ka bana?
Jehova o bontša joang hore o nka bana le bacha ba le bohlokoa ho eena?
De 6:6, 7; 14:28, 29; Ps 110:3; 127:3-5; 128:3, 4; Jak 1:27
Sheba le Job 29:12; Ps 27:10; Pr 17:6
Sheba le “Lelapa”
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
Ge 1:27, 28—Jehova o ne a batla hore batho ba be le bana ’me ba tlale lefatše
Ge 9:1—Ka mor’a Moroallo, Molimo o ile a bolella Noe le bara ba hae hore ba be le bana ’me ba tlale lefatše
Ge 33:5—Jakobo o ne a nka bana ba hae e le mpho e tsoang ho Molimo
Mar 10:13-16—Jesu o ne a rata bana joaloka Ntate oa hae
Jehova o ikutloa joang ka batho ba hlorisang bana?
Ke keletso efe ea Bibele e bontšang hore ha rea lokela ho lebella hore bana ba etse lintho joaloka batho ba baholo?
Mohlala oa Bibele o ka u thusang:
Ge 33:12-14—Jakobo o ile a tsamaea butle e le hore bana ba ka nolofalloa ke ho qeta leeto
Na re lokela ho beha Molimo molato ha bana ba hlaheloa ke mathata?
Jehova o re kholisa joang hore mathata ’ohle a tla fela?
Haeba batsoali ba rona ba sa re behela mohlala o motle kapa ba ile ba re tšoara hampe, na seo se bolela hore ha re na thuso kapa hore le rona re tla etsa liphoso tse tšoanang le tseo ba li entseng?
Sheba le De 30:15, 16
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
2Ma 18:1-7; 2Kr 28:1-4—Ezekiase o ile a mamela Jehova ’me ea e-ba morena ea lokileng le hoja ntate oa hae a ne a le khopo hoo a ileng a chesa bana ba hae mollong
2Ma 21:19-26; 22:1, 2—Josiase e ile ea e-ba morena ea lokileng le hoja ntate oa hae Amone e ne e le morena ea sa lokang
1Ko 10:11, 12—Moapostola Pauluse o ile a re re ka ithuta liphosong tseo batho ba bang ba ileng ba li etsa ’me ra qoba ho etsa liphoso tse tšoanang
Baf 2:12, 13—Moapostola Pauluse o ile a re haeba re lula re tšepahala re tla pholoha
Boikarabelo ba bana le bacha
Jehova o ikutloa joang ka bana kapa bacha ba lulang le batsoali ba bona ba hlomphang Jehova?
Mohlala oa Bibele o ka u thusang:
Ge 19:12, 15—Mangeloi a ile a pholosa barali ba Lota ka lebaka la ntate oa bona ea neng a lokile
Haeba batsoali ba e-na le setsoalle se matla le Molimo, na see se bolela hore le bana ba bona joang kapa joang ba tla ba le setsoalle se joalo?
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
Le 10:1-3, 8, 9—Ho ka etsahala hore ebe bara ba Moprista ea Phahameng Arone ba ile ba bolaoa ka lebaka la botahoa
1Sa 8:1-5—Le hoja moprofeta Samuele a ne a lokile, bara ba hae ha baa ka ba tšepahala
Bana kapa bacha ba ka etsa’ng haeba ba batla ho thabisa Molimo?
Ke hobane’ng ha bana kapa bacha ba lokela ho ba teng libokeng kamehla?
Mohlala oa Bibele o ka u thusang:
Mat 15:32-38—Jesu o ne a ruta batho bohle ho akareletsa le bana
Re tseba joang hore Jehova o batla hore bana kapa bacha ba mo sebeletse?
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
1Sa 17:4, 8-10, 41, 42, 45-51—Jehova o ile a sireletsa lebitso la hae ka ho sebelisa Davida ea neng a le monyenyane lilemong ho hlola senatla sa Mofilista
2Ma 5:1-15—Jehova o ile a sebelisa ngoanana e monyenyane oa Moiseraele ho thusa molaoli oa masole a Asiria ho tseba ka Molimo oa ’nete
Mat 21:15, 16—Jesu o ne a nka bana ba neng ba mo rorisa e le ba bohlokoa
Molimo o ikutloa joang ka bana bao batsoali ba bona ba sa mo sebeletseng?
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
Nu 16:25, 26, 32, 33—Ha banna ba bang ba fetohela Moshe le Arone, Jehova o ile a ba felisa hammoho le ba malapa a bona ba ileng ba ba tšehetsa
Nu 26:10, 11—Ha Kora a bolaoa, bara ba hae ha baa ka ba bolaoa hobane ba ne ba tšepahalla Molimo
Ke hobane’ng ha bacha kapa bana ba lokela ho khetha metsoalle ka bohlale mehleng ee?
Sheba le 2Ti 3:1-5