Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • scl maq. 36-38
  • Ho Baka

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Baka
  • Litemana Tsa Bibele Tse Thusang Bakreste
Litemana Tsa Bibele Tse Thusang Bakreste
scl maq. 36-38

Ho Baka

Ke hobane’ng ha batho bohle ba lokela ho baka ’me ba kope hore Jehova a ba tšoarele?

Bar 3:23; 5:12; 1Jo 1:8

Sheba le Lik 26:20

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Lu 18:​9-14—Jesu o ile a etsa papiso e bontšang hore re lokela ho bolela libe tsa rona re be re rapelle hore Jehova a re thuse

    • Bar 7:​15-25—Pauluse e ne e le moapostola ea nang le tumelo e matla empa o ne a utloisoa bohloko ke liphoso tsa hae

Jehova o ikutloa joang ha motho a bakela libe tsa hae?

Eze 33:11; Bar 2:4; 2Pe 3:9

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Lu 15:​1-10—Jesu o ile a etsa papiso e bontšang hore Jehova le mangeloi baa thaba ha motho a bakela libe tsa hae

    • Lu 19:​1-10—Jesu o ile a tšoarela Zakiase eo e neng e le ’mokelli e moholo oa lekhetho ha a bontša hore o soabetse liketso tsa hae tsa ho nkela batho lintho ka bolotsana

Re ka bontša joang hore kannete re bakile?

Eze 18:​21-23; Lik 3:19; Ef 4:​17, 22-24; Kol 3:​5-10

Sheba le 1Pe 4:​1-3

Tsebo e nepahetseng ea ’nete e ka thusa motho ea bakileng joang?

Bar 12:2; Kol 3:​9, 10; 2Ti 2:25

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Lik 17:​29-31—Moapostola Pauluse o ile a hlalosetsa Baathene hore Molimo ha aa tšoane le litšoantšo tseo ba iketselitseng tsona ’me a ba khothaletsa hore ba bake

    • 1Ti 1:​12-15—Moapostola Pauluse o ile a etsa libe tse kholo pele a ithuta ka Jesu Kreste

Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore motho a bake?

Mar 1:​14, 15; Lu 24:​45-47; Lik 2:38; 17:30; 20:21

Re tseba joang hore le haeba re ka etsa libe ka makhetlo a mangata, haeba re baka Jehova o tla re tšoarela?

Esa 1:18; Gal 6:1; 1Jo 2:1

Jehova o etsa’ng ha motho a bolela libe tsa hae a bile a fetola tsela eo a etsang lintho ka eona?

Ps 32:5; Pr 28:13; 1Jo 1:9

Sheba le “Mohau”

Re tseba joang hore motho ea bakileng oa fetoha, ha a felle feela ka ho kopa tšoarelo le ho ikutloa a le molato?

2Kr 7:14; Pr 28:13; Eze 18:​30, 31; 33:​14-16; Mat 3:8; Lik 3:19; 26:20

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • 2Kr 33:​1-6, 10-16—Le hoja Morena Manase a ile a etsa libe tse kholo, o ile a baka e le kannete, a ikokobetsa, a tsoela pele ho rapela a ba a fetola bophelo ba hae

    • Ps 32:​1-6; 51:​1-4, 17—Morena Davida o ile a bontša hore o bakile ha a ne a rapela Jehova a mo bolella libe tsa hae a bile a kopa tšoarelo

Ke hobane’ng ha re lokela ho tšoarela batho ba re sitetsoeng haeba ba bakile?

Mat 6:​14, 15; 18:​21, 22; Lu 17:​3, 4

Sheba le “Ho Tšoarela”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela