Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • scl maq. 79-83
  • Lenyalo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lenyalo
  • Litemana Tsa Bibele Tse Thusang Bakreste
Litemana Tsa Bibele Tse Thusang Bakreste
scl maq. 79-83

Lenyalo

Ke mang ea entseng hore ho be le lenyalo?

Ge 1:​27, 28; 2:​22-24; Mat 19:​4-6

Mokreste o lokela ho khetha motho ea joang hore e be molekane oa hae?

Ke hobane’ng ha motsoali oa Mokreste a ke ke a tšehetsa qeto ea mora kapa morali oa hae ea ho nyalana le motho ea sa kolobetsoang?

1Ko 7:39; 2Ko 6:​14, 15

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Ge 24:​1-4, 7—Le hoja Abrahama a ne a se a tsofetse, o ile a etsa qeto ea ho batlela mora oa hae Isaka mosali ho batho ba sebeletsang Jehova eseng ho Bakanana ba neng ba rapela melimo e meng

    • Ge 28:​1-4—Isaka o ile a laela mora oa hae Jakobo hore a batle mosali ea sebeletsang Jehova eseng oa Mokanana

Jehova o ikutloa joang ka Lipaki tse nyalanang le batho ba sa mo sebeletseng?

De 7:​3, 4

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • 1Ma 11:​1-6, 9-11—Jehova o ile a halefela Morena Solomone hobane a ile a hana ho mo mamela, a nyala basali ba balichaba a ba a ba lumella hore ba mo khelose

    • Ne 13:​23-27—Letona Nehemia le eena o ile a halefela Baiseraele ba neng ba nyalane le batho ba linaha tse ling ba neng ba sa sebeletse Jehova

Ke hobane’ng ha u lokela ho khetha molekane ea sebeletsang Jehova a bile a tsebahala e le motho ea hantle?

Pr 18:22; 31:​10, 28

Sheba le Ef 5:​28-31, 33

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • 1Sa 25:​2, 3, 14-17—Nabale e ne e le morui empa e ne e se monna ea lokileng hobane o ne a le bohale a bile a sotla mosali oa hae Abigaile

    • Pr 21:9—Haeba u sa khethe molekane ea u tšoanelang, u ke ke oa thaba ebile le ke ke la phelisana ka khotso

    • Bar 7:2—Moapostola Pauluse o ile a hlalosa hore ha mosali a nyaloa, o lokela ho hopola hore o tlameha ho mamela monna oa hae eo ka linako tse ling a tla etsa liphoso. Ka lebaka leo, o lokela ho khetha hantle hore na o nyaloa ke motho ea joang

Ha u itokisetsa lenyalo

Ke hobane’ng ha monna a lokela ho itlhahloba hore na a ka khona ho hlokomela mosali le bana pele a nyala?

1Ti 5:8

  • Mohlala oa Bibele o ka u thusang:

    • Pr 24:27—Pele monna a nyala ’me a ba le bana, o lokela ho sebetsa ka thata e le hore a tle a khone ho hlokomela lelapa la hae

Ke hobane’ng ha baratani ba lokela ho kopa likeletso le ho tsebana hantle ho e-na le ho sheba feela hore na motho eo a ratanang le eena o motle hakae?

Pr 13:10; 1Pe 3:​3-6

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Ru 2:​4-7, 10-12—Boase o ne a tseba hore na Ruthe ke motho ea joang hobane o ile a mo bona ha a ne a sebetsa ka thata le ha a ne a hlokomela Naomi. O ile a boela a utloa lintho tse ntle tseo batho ba neng ba li bua ka eena le kamoo a neng a rata Jehova kateng

    • Ru 2:​8, 9, 20—Ruthe le eena o ile a bona hore Boase ke motho ea mosa, ea fanang le ea ratang Jehova

Ke hobane’ng ha Jehova a batla hore batho ba itšoare hantle ha ba ntse ba ratana leha ba se ba tšepisane ho nyalana?

Gal 5:19; Kol 3:5; 1Th 4:4

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Pr 5:​18, 19—Ho na le lintho tseo batho ba ratanang ba sa lokelang ho li etsa pele ba nyalana

    • Sef 1:2; 2:6—Ha moroetsana oa Moshulame le molisana ba ne ba ratana, ba ne ba buisana le ho bontšana lerato ka tsela e neng e e-na le seriti

    • Sef 4:12; 8:​8-10—Moroetsana oa Moshulame o ile a lula a itšoere hantle hoo Bibele e reng o tšoana le serapa se kampetsoeng

Ke hobane’ng ha banyalani ba lokela ho ngolisa lenyalo la bona ka molao?

Mat 22:21; Bar 13:1; Tit 3:1

Boikarabelo ba monna ka lapeng

Ke boikarabelo bofe boo Jehova a bo fileng banna ka lapeng?

Ef 5:​23, 25, 28-31, 33

Ke mohlala oa mang oo monna oa Mokreste a lokelang ho o etsisa?

1Ko 11:3; Ef 5:23

Ke hobane’ng ha monna oa Mokreste a lokela ho bontša hore o rata mosali oa hae le hore o utloisisa tsela eo a ikutloang ka eona?

Kol 3:19; 1Pe 3:7

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Ge 21:​8-12—Ha Abrahama a ne a sa lumellane le seo mosali oa hae Sara a neng a kopa hore a se etse, Jehova o ile a mo laela hore a mamele mosali oa hae

    • Pr 31:​10, 11, 16, 28—Litemana tsena li bontša hore monna ea bohlale ha aa laole mosali oa hae ebile ha aa lule a mo tšoaea liphoso empa oa mo tšepa le ho mo rorisa

    • Ef 5:33—Mantsoe a moapostola Pauluse a bontša hore mosali o batla ho ikutloa a ratoa ke monna oa hae

Mosali a ka thusa lelapa la hae joang?

Jehova o lebeletse hore basali ba etse’ng?

Ge 2:18; Kol 3:18; Tit 2:​4, 5

Na Jehova o nka basali e le batho ba bohlokoa?

Ge 1:​26-28, 31; 2:18

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Pr 1:8; 1Ko 7:4—Molimo o file basali le bo-’mè matla a itseng ka lapeng

    • 1Ko 11:3—Moapostola Pauluse o ile a re Jehova o entse hore batho bohle ba mo sebeletsang ba be le motho eo ba ikarabellang ho eena. Leha ho le joalo kaha Molimo ke ea Phahameng ka ho Fetisisa eena ha ho na motho eo a ikarabellang ho eena

    • Heb 13:​7, 17—Ka phuthehong banna le basali ba lokela ho hlompha le ho mamela batho ba khethiloeng hore ba ba etelle pele

Mosali eo monna oa hae e seng Paki ea Jehova a ka etsa’ng hore a thabise Jehova?

1Ko 7:​13-16; 1Pe 3:​1, 2

Ke hobane’ng ha mosali a lokela ho lula a hlompha monna oa hae?

Ef 5:33

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Ge 18:12; 1Pe 3:​5, 6—Sara o ne a hlompha monna oa hae haholo a bile a mo bitsa “morena” le ha a nahana ka eena

Bibele e re ke mosali ea joang ea lokelang ho rorisoa?

Pr 19:14; 31:​10, 13-31

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Ge 24:​62-67—Rebeka o ile a tšelisa monna oa hae Isaka ka mor’a hore ’mè oa hae a hlokahale

    • 1Sa 25:​14-24, 32-38—Abigaile o ile a sireletsa monna oa hae ea se nang kelello le lelapa la hae ka ho kopa Davida hore a ba hauhele

    • Est 4:​6-17; 5:​1-8; 7:​1-6; 8:​3-6—Mofumahali Esthere o ile a beha bophelo ba hae kotsing ka makhetlo a mabeli ka hore a ee ho morena a sa bitsoa. O ne a e’o kopa hore morena a sireletse batho ba Molimo

Banyalani ba ka rarolla mathata joang?

Ke likeletso life tsa Bibele tse ka thusang banyalani hore ba rarolle mathata?

1Ko 13:​4-8; Ef 5:33; Kol 3:​12-14

Ke likeletso life tsa Bibele tse ka thusang banyalani hore ba sebelise chelete hantle?

Lu 12:15; Baf 4:5; 1Ti 6:​9, 10; Heb 13:5

Sheba le “Chelete”

Ke likeletso life tsa Bibele tse ka thusang banyalani hore ba rarolle mathata a ka bang teng pakeng tsa bona le ba malapa a habo bona?

Ps 34:14; Mat 19:​5, 6; 1Ko 13:​4, 5

Ke likeletso life tsa Bibele tse ka thusang banyalani litabeng tse amanang le thobalano?

Pr 5:​15-20; Mat 5:​27, 28; 1Ko 7:​3-5; 10:24; Baf 2:4; Heb 13:4

Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore motho a shebe lintho tse ntle tseo molekane oa hae a li etsang ho e-na le ho sheba liphoso tsa hae?

Ps 103:14; 130:​3, 4; Pr 17:9; 1Pe 4:8

Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore re rarolle liqabang kapele re ikokobelitse ho e-na le hore re lule re koatile?

Ps 37:8; Pr 14:29; Ef 4:​26, 27; Jak 1:​19, 20

Ke hobane’ng ha Mokreste a sa lokela ho etsa lerata ha a halefile, ho bua lipuo tse hlabang le ho hlekefetsa molekane oa hae?

Ps 11:5; Gal 5:​19-21; Ef 4:​31, 32; Tit 3:2

Banyalani ba lokela ho ikemisetsa ho etsa’ng haeba ba sa lumellane ka taba e itseng?

Ps 34:14; Mat 5:9; Bar 12:​17, 18, 21

Jehova o hlohonolofatsa banyalani joang haeba ba mo mamela?

Moe 4:​9-12

Bibele e re’ng ka lenyalo?

Bibele e re’ng ka thobalano le lenyalo?

Pr 6:32; Mat 5:​27, 28; 1Ko 6:​9, 10; Heb 13:4

Na Bibele e lumella monna ho nyala basali ba bangata?

Mat 19:​8, 9; 1Ko 7:2; 1Ti 3:​2, 12

Re tseba joang hore ke monna le mosali feela ba lokelang ho nyalana?

Ge 2:​18, 22, 24; Mat 19:​4-6; Bar 1:​23-27

Ke hobane’ng ha banyalani ba sa lokela ho hlalana?

Mar 10:​6-9; Bar 7:​2, 3; 1Ko 7:​10, 11

Bibele e re ke lebaka lefe le ka etsang hore Mokreste a hlale molekane oa hae?

Mat 5:32; 19:9

Jehova o ikutloa joang ha banyalani ba hlalana ntle ho lebaka le utloahalang?

Mal 2:​13-16

Ha molekane e mong a hlokahala, na ea ntseng a phela a ka nyala kapa a nyaloa hape?

Bar 7:​2, 3; 1Ko 7:39

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela