Etsisa Mosa oa Jehova
JEHOVA MOLIMO o itlhomme pele ’me ke mohlala o motlehali tabeng ho bontša ba bang mosa ka litsela tse ngata, o bile o o bontša ba se nang teboho le ba khopo, o ba khothalletsa ho baka. (Luka 6:35) Ka lehlakoreng le leng, kaha Bakreste ba tlas’a joko e mosa ea Kreste, ba khothalletsoa ho ikapesa mosa ’me ba be le tholoana ea moea oa Molimo, e akarelletsang mosa. (Bagalata 5:22; Bakolose 3:12) Ka tsela ena, ba ipuella e le basebeletsi ba Molimo.—2 Bakorinthe 6:4-6.
Mosa o Lerato oa Jehova
Mosa o lerato ke tšobotsi ea Jehova Molimo ea bohlokoa le eo a e thabelang, ’me e bonahala litšebelisanong tsohle tsa hae le bahlanka ba hae. (Pesaleme ea 36:7) Haeba ho ne ho se joalo, e ka be e le khale haholo ba timetse. (Lillo Tsa Jeremia 3:22) Ka lebaka leo, Moshe o ne a ka buella Baiseraele ba marabele motheong oa lebitso la Jehova le phahameng le hobane E le Molimo ea nang le mosa o lerato.—Numere 14:13-19.
Mangolo a bontša hore mosa o lerato oa Jehova, kapa lerato le tšepahalang, o bonahala ka litsela tse sa tšoaneng le tlas’a maemo a fapa-fapaneng—ka ho pholosa le ho boloka, ka ho baballa le ho sireletsa, le ka ho lopolla motho ea mahlomoleng. (Pesaleme ea 6:4; 31:16, 21; 40:11) Bakhethoa ba Molimo ba thusoa ke oona.—Pesaleme ea 44:26.
Ha sechaba sa Iseraele se ntse se eketseha le ka mor’a moo, mosa o lerato oa Jehova o amanang le selekane sa hae o ile oa ’na oa phahamisoa. (Exoda 15:13) Seo ke sona se ileng sa etsahala ho Davida hammoho le Esdrase le ba neng ba e-na le eena. (2 Samuele 7:15; Esdrase 7:28; 9:9) E le ho bontša hore o tšehetsa selekane sa ’muso seo a neng a se hlabile le Davida, Jehova o ile a tsoela pele ho bontša mosa oa hae o lerato esita le ka mor’a lefu la Jesu, kaha O ile a tsosa enoa “ea tšepahalang” e le ho phethahatsa boprofeta bo reng: “Ke tla le fa lipontšo tse tšepahalang tsa mosa o lerato ho Davida.”—Liketso 13:34, 35; Esaia 55:3.
Ke mosa ona o lerato oa Jehova o hulelang batho ho eena. (Jeremia 31:3) Ba leboha Jehova ka mosa oa hae o lerato, baa mo rorisa le ho mo tlotlisa ka lebaka la oona, ebile ba bua le batho ba bang ka oona. Ka sebele mosa ona o lerato oa Molimo o tšoana le tsela eo ho leng monate ho tsamaea ho eona.—Pesaleme ea 25:10.
Hangata, tšobotsi ena e hlollang ea Jehova, e leng mosa oa hae o lerato, e amahanngoa le litšobotsi tse ling tse hlollang tsa Molimo—mohau, mosa, ’nete, ho tšoarela, ho loka, khotso, kahlolo le toka.—Exoda 34:6; Nehemia 9:17; Pesaleme ea 85:10.
Mosa o sa Tšoanelang oa Molimo
Pontšo e ikhethang ea mosa o sa tšoanelang oa Molimo ho moloko oa batho ka kakaretso e bile ho lokolloa tsuong ka thekollo e entsoeng ka mali a Mora ea ratoang oa Jehova, Jesu Kreste. (Baefese 1:7) Ka mosa ona o sa tšoanelang, Molimo o tlisetsa batho ba mefuta eohle poloko. (Tite 2:11) Kahoo, mabaka a Pauluse aa utloahala ha a re: “Joale haeba ke ka mosa o sa tšoanelang, ha e sa le ka lebaka la mesebetsi; ho seng joalo, mosa o sa tšoanelang ha e sa ba mosa o sa tšoanelang.”—Baroma 11:6.
Pauluse o buile ka mosa o sa tšoanelang oa Molimo ka makhetlo a mangata ho feta mongoli leha e le ofe e mong—o buile ka oona ka makhetlo a fetang 90 mangolong a hae a 14. Ka sebele Pauluse o ne a e-na le mabaka a utloahalang a ho hatisa mosa o sa tšoanelang oa Jehova, kaha pele e ne e kile ea e-ba “monyefoli le mohlorisi le monna oa monyelisi.” O re: “Leha ho le joalo, ke ile ka bontšoa mohau, hobane ke ne ke hloka tsebo ’me ke etsa ka ho hloka tumelo. Empa mosa o sa tšoanelang oa Morena oa rōna o ile oa ata ka ho fetisisa hammoho le tumelo le lerato le leng mabapi le Kreste Jesu.” (1 Timothea 1:13, 14) Pauluse ha aa ka a nyefola mosa oo o sa tšoanelang joalokaha ka bothoto ba bang ba ile ba etsa joalo, empa o ile a leboha ha a o amohela a ba a khothalletsa batho ba bang bao le bona ba o amohelang hore ba se ke ba “lahleheloa ke morero oa oona.”—Liketso 20:24; 2 Bakorinthe 6:1.
Mosa o Lerato oa Batho
Ka Bibeleng ho na le maemo a mangata ao ho ’ona batho ba ileng ba bontša ba bang mosa o lerato. Ka mohlala, Sara o ile a bontša monna oa hae lerato le joalo le tšepahalang ha ba ne ba le naheng ea sera, a mo sireletsa ka hore a re ke khaitseli ea hae. (Genese 20:13) Jakobo o ile a kōpa Josefa hore a mo bontše mosa o joalo ka ho mo tšepisa hore a ke ke a mo pata Egepeta. (Genese 47:29; 50:12, 13) Rahaba o ile a kōpa Baiseraele hore ba mo bontše mosa o lerato ka ho pholosa ba ntlo eabo, joalokaha le eena a ne a bontšitse lihloela tsa Baiseraele mosa o lerato. (Joshua 2:12, 13) Boaze o ile a babatsa Ruthe ka lebaka la ho bontša mosa o lerato joalo. (Ruthe 3:10) Jonathane o ile a kōpa Davida hore a mo bontše mosa o lerato hammoho le ba ntlo ea hae.—1 Samuele 20:14, 15.
Mabaka le maemo a susumelletsang batho ho bontša mosa kapa mosa o lerato a fapana haholo. Liketso tse mosa tseo batho ba li etsang ka tšohanyetso e ka ’na eaba li susumetsoa ke moetlo oa ho amohela baeti kapa pelo e bonolo, empa seo ha e hlile hase bopaki ba hore motho o tšaba Molimo. (Bapisa le Liketso 27:1, 3; 28:1, 2.) Tabeng ea monna ea itseng ea neng a tsoa motseng oa Bethele, bonneteng o ile a bontšoa mosa ho lebeletsoe hore le eena a etse ntho e itseng e molemo. (Baahloli 1:22-25) Ka linako tse ling, motho ea neng a bontšitsoe mohau nakong e fetileng o ne a kōptjoa hore a etse liketso tsa mosa o lerato, mohlomong kahobane mokōpi a le maqakabetsing. (Genese 40:12-15) Empa ka linako tse ling batho ba ne ba hlōleha ho bontša mosa o lerato joalo oo ba tlamehang ho o bontša.—Genese 40:23.
Joalokaha maele a bontša, letšoele la batho le tla phatlalatsa mosa oa lona o lerato, empa ke ba seng bakae ba tšepahalang ba tla o bontša. (Liproverbia 20:6) Saule le Davida ba ile ba hopola mosa o lerato oo batho ba bang ba neng ba ba bontšitse oona, ’me ho bonahala eka marena a Iseraele, mohlomong ha a bapisoa le babusi ba bahetene, a ile a iphumanela botumo bo itseng ba ho bontša mosa o lerato. (1 Samuele 15:6, 7; 2 Samuele 2:5, 6; 1 Marena 20:31) Leha ho le joalo, ka lekhetlo le leng mosa o lerato oa Davida o ile oa nyelisoa ka lebaka la ho se utloisise sepheo sa hae.—2 Samuele 10:2-4.
Batho ba lakatsang ho fumana mohau oa Molimo ba lokela ho ‘rata mosa’ ’me ba “etsetsane mosa o lerato le mehauhelo.” (Mikea 6:8; Zakaria 7:9) Joalokaha maele a bolela, “Ntho e lakatsehang ho motho oa lefatše ke mosa oa hae o lerato,” ebile o tlisa melemo e enneng. (Liproverbia 19:22; 11:17) Molimo o ile a hopola ’me a khahlisoa ke mosa o lerato o ileng oa bontšoa bocheng ba sechaba sa Iseraele. (Jeremia 2:2) Empa ha mosa oo o ba “joaloka maru a hoseng le joaloka phoka e tlohang kapele,” Jehova ha aa ka a khahlisoa ke seo, kaha o re “ke khahliloe ke mosa o lerato, eseng sehlabelo.”—Hosea 6:4, 6.
Baiseraele ba ile ba nyatsuoa ka lebaka la ho hloka mosa o lerato, ’me bonneteng ka ho etsa joalo Molimo o ne a ba bontša mosa o lerato. (Hosea 4:1) Sechaba seo se ile sa boela sa eletsoa hore se khutlele ho Molimo ka ho bontša mosa o lerato le toka. (Hosea 12:6) Motho o lokela ho bontša litšobotsi tseo ka linako tsohle e le hore Molimo le batho ba mo bontše mohau.—Jobo 6:14.