Tšimo e ‘Soeufetseng Bakeng sa Kotulo’
Hloahloa ea Guajira e ntlheng e ka leboea ea Amerika Boroa. E pakeng tsa Colombia-leboea le Venezuela-leboea-bophiri- mela. Ntho e utloisang bohloko sebakeng sena se batlang se le lehoatata ke letsatsi le chesang haholo le pula e nyenyane, ’me mocheso oa teng o fihla likhatong tse 43 tsa Celsius. Ho sa tsotellehe boemo bona ba leholimo, batho ba mona ba mahlahahlaha ebile ke lihoai tse hloahloa. Ba khona ho phela ka lebaka la meea e pholileng ea leoatle le e fokang e sa khaotse ea leboea-bochabela e lumellang baeti ho thabela botle bo tsotoang ba naha le ba mabōpo a leoatle.
UA AMOHELOA naheng ena ea Maindia a Mawayuu. Ho na le Mawayuu a ka bang 305- 000, ’me a 135 000 a lula Colombia. Morabe ona o lutse mona nako e telele pele Masepanishe a etsa naha ena kolone.
Mawayuu a phela haholo ka ho rua mehlape le ka ho lema. A boetse a tšoasa litlhapi le ho hoeba le linaha tsa boahelani. Basali ba etsa masela a matle haholo a mebala e khanyang, ’me bahahlauli ba rata ho reka lintho tseo ba li etsang.
Mawayuu a tsejoa ka botšepehi le ho amohela baeti. Leha ho le joalo, le ’ona a phela ‘linakong tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.’ (2 Timothea 3:1) Bothata bo bong bo boholo ba ’ona ke bofutsana, ’me bo baka mathata a mang a kang ho se tsebe ho bala le ho ngola, bana ba sa feptjoeng hantle, ho haelloa ke lingaka le botlokotsebe libakeng tse ling.
Ho se ho fetile lilemo tse ngata likereke tsa Bokreste-’mōtoana li ntse li romela baromuoa har’a Mawayuu. Ka lebaka leo, likolo tse ngata tsa botichere le likolo tseo liithuti li lulang ho tsona li laoloa ke likereke. Mawayuu a mangata a amohetse mekhoa eo ho thoeng ke ea Bokreste, e kang ho rapela litšoantšo le ho kolobetsa masea, empa ha aa lahla litšōmo le litumela-khoela tsa ’ona.
Mawayuu ke batho ba tšabang Molimo ’me a rata linnete tsa Bibele tse rutoang ke Lipaki Tsa Jehova. Mathoasong a lilemo tsa bo-1980, ho ne ho e-na le Lipaki tse supileng feela tsa Mawayuu motseng oa Guajira, tse tharo ho tsona li ne li lula motse-moholo, Ríohacha. Ntle ho Lipaki tsa matsoalloa, bahoeletsi ba bang ba 20 le bona ba ne ba bolela litaba tse molemo tsa ’Muso moo ka Sepanishe.
Ba Bolelloa Molaetsa ka Leleme la Habo Bona
Mawayuu a mangata a Ríohacha a bua leleme la moo, e leng Sewayuu, ’me a itōma leleme ka Sepanishe. Qalong, katleho e ne e fokola ha ho boleloa molaetsa oa ’Muso. Ho ne ho bonahala matsoalloa a qoba batho bao e seng Mawayuu, bao a ba bitsang ma-arijuna. Ha Lipaki li ne li fihla malapeng a Mawayuu, a mangata a ne a li araba ka puo ea habo ’ona, eseng ka Sepanishe. Lipaki le tsona li ne li feta li thotse ho ea ntlong e latelang.
Leha ho le joalo, bofelong ba 1994, ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e Colombia e ile ea romela sehlopha sa bo-pula-maliboho ba khethehileng, kapa baboleli ba nako e tletseng, ho ea sebetsa le Phutheho ea Ríohacha. Bo-pula-maliboho bana ba ile ba kōpa Paki ea Mowayuu hore e ba rute Sewayuu. Ka mor’a ho ithuta linehelano tse bonolo, baboleli bao ba ile ba ea tšimong ’me ka potlako ba hlokomela phetoho e khōlō tseleng eo batho ba ba arabang ka eona. Le hoja bo-pula-maliboho bana ba khethehileng ba ne ba itōma leleme ka Sewayuu, beng ba matlo ba ne ba maketse empa ba thabile, ba ikemiselitse ho mamela, ’me ka linako tse ling ba ne ba lelefatsa moqoqo ka ho itōma leleme ka Sepanishe!
‘E Soeufetse Bakeng sa Kotulo’
Moapostola Pauluse o ile a tšoantša mosebetsi oa Bokreste oa ho etsa barutuoa le tšimo e lengoang, ’me kaha Mawayuu ke lihoai, a utloisisa papiso ena habonolo. (1 Bakorinthe 3:5-9) Ha re bua ka puo ea tšoantšetso, ha ho pelaelo hore tšimo ea Mawayuu e “soeufetse bakeng sa kotulo.”—Johanne 4:35.
Neil ke Moindia oa Mowayuu ea neng a lula Manaure, ’me o ne a tsoetsoe a holofetse. Neil o ne a re ke molato oa Molimo hore ebe o holofetse, ’me o ne a tepeletse maikutlo hoo a neng a nahana ho ipolaea. Paki e ’ngoe e ileng ea ipha nako ea ho bolela ka ntlo le ntlo ha e ntse e etetse metse e fapa-fapaneng ka mosebetsi oa boipheliso, e ile ea bua le Neil ka ’Muso oa Molimo. Neil o ne a e-na le lilemo tse 14 feela. Ha Paki ena e hlokomela thabo ea Neil, e ile ea qalisa thuto ea Bibele le eena. Neil o ile a thabela ho ithuta ka botho bo lerato ba Jehova, eaba o etsa qeto ea hore Molimo hase eena ea mo bakelang mahlomola. O ile a thaba haholo ha a bala ka tšepiso ea Molimo ea lefatše le lecha la paradeise leo ho kula ho tla fela ho lona!—Esaia 33:24; Matheu 6:9, 10.
Ka nako eo, lelapa labo Neil le ne le loana le lelapa le leng. Babo Neil ba ile ba leka ho etsa meetlo e itseng e ba sireletsang. Neil o re: “Qalong, ke ne ke tšaba ho bolella beng ka ’na ka bolumeli ba ka bo bocha, haholo-holo ke ne ke tšaba lihlooho tsa lelapa, hobane li hlomphuoa haholo.” Batsoali ba Neil ba ile ba halefa haholo ha ba utloa hore a ke ke a latela litumelo tseo e seng tsa Mangolo le hore a ke ke a etsa meetlo e amanang le ho sebelisana le meea. Ka mor’a moo Neil o ile a fallela Ríohacha eaba o qala ho kopanela le phutheho moo. Hamorao o ile a kolobetsoa. Ka 1993 o ile a khethoa hore e be mohlanka ea sebeletsang, ’me lilemo tse tharo hamorao e ile ea e-ba pula-maliboho oa kamehla. Joale, ka 1997 o ile a khethoa hore e be moholo oa phutheho. Selemong sa 2000, o ile a eketsa tšebeletso ea hae, ’me ea e-ba pula-maliboho ea khethehileng.
Hape, nahana ka Teresa, eena ke Mowayuu ea ileng a qala ho ithuta Bibele le Lipaki. Monna eo a neng a lula le eena ea bitsoang Daniel, o ne a mo soma a bile a mo shapa le bana ba bona ba bararo. Le hoja hamorao a ile a lumela ho ithuta Bibele le Teresa, hangata o ne a itlopa joala le metsoalle ea hae, ka linako tse ling ka matsatsi a mane kapa a mahlano. Lelapa la hae le ne le futsanehile. Teresa o ile a tsoela pele ho ithuta ka botšepehi le ho ba teng libokeng tsa Bokreste. Sena se ile sa thusa Daniel hore a bone bohlokoa ba ho ithuta Bibele. Joale, ka phoso e mong oa bana ba bona o ile a oela ka pitseng ea metsi a belang eaba o bolaoa ke maqeba a mabe a ho cha. Ntle ho ho mamella mahlomola a ho shoeloa ke mora, Teresa o ile a tlameha ho shebana le khatello ea metsoalle le baahelani ba neng ba re a latele meetlo ea lepato e sa lumellaneng le Bibele.
Nakong eo e bohloko, Teresa le Daniel ba ile ba thusoa ba ba ba tšelisoa ke liphutheho tse haufi le bona. Ka mor’a lepato, phutheho ea Sewayuu e ile ea ba tšelisa ka ho ’na e ba etela. Daniel o ile a bona lerato la phutheho eo, ’me a hatela pele linthong tsa moea. O ile a khaotsa ho noa le ho hlorisa Teresa. Daniel le Teresa ba ile ba nyalana ka molao, ’me Daniel o ile a leka ka matla ho hlokomela lelapa la hae. Ba ile ba hatela pele moeeng, ’me ba kolobetsoa ka 2003. Ba khanna lithuto tse ngata tsa Bibele. Ka lebaka la bopaki bo botle boo Teresa a faneng ka bona lapeng labo, hona joale beng ka eena ba rata ho mamela Lipaki ha li ba etetse. Mochana e mong oa Daniel ke mohoeletsi ea sa kolobetsoang, ’me bana ba bararo ba banab’abo le bona ba ithuta Bibele ebile ba ba teng libokeng tsa phutheho. Lelapa la molamo oa Teresa eo le eena a ileng a shoeloa ke mora ka kotsi, le bontšitse hore le thabela ho ithuta Bibele.
Lijo Tsa Moea ka Sewayuu
Ka 1998, ho ile ha lokolloa bukana ea Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng!a ka Sewayuu. Bukana ena e ile ea khatha tema tšimong ea Sewayuu ’me ea thusa le hore ho khannoe lithuto tsa lehae tsa Bibele. Ka 2003 ho ile ha etsoa litokisetso tsa ho koetlisa barab’abo rōna ba bangata hore ba fetolele lingoliloeng tsa Lipaki Tsa Jehova ka Sewayuu. Ka lebaka la boikitlaetso ba sehlopha sa bafetoleli sa Ríohacha, ho fetoletsoe libukana tse ling hape, ’me barutuoa ba buang Sewayuu ba matlafala moeeng ebile baa eketseha.
Ho tloha ka 2001, lipuo tse ling tsa lenaneo la kopano ea setereke li ’nile tsa fetoleloa ka Sewayuu. Liithuti tsa Bibele lia khothala ha li utloa lenaneo ka puo ea habo tsona. Li na le tšepo ea hore haufinyane litšoantšiso tsa Bibele le tsona li tla etsoa ka Sewayuu.
Tšimo e Hōlang
Toropo ea Uribia e hōle le Ríohacha ka lik’hilomithara tse 100 ka leboea-bochabela. Phutheho ea Uribia ea Sewayuu e na le bahoeletsi ba ’Muso ba 16, ’me boholo ba bona ba eketsa boiteko ba bona ba ho ruta Maindia a lulang metseng ea mahae. Moholo e mong oa phutheho eo o bua ka leeto le leng le joalo la ho paka, o re: “Re ile ra etela polasi e ’ngoe e nang le matlo a ka bang 12 a nang le marulelo a tlaase le lifensetere tse nyenyane. Ka pele ho ntlo e ’ngoe le e ’ngoe ho na le lephephe le ruletsoeng ka yotojolo, kapa lithupa tsa lekhala. Beng ba lelapa le baeti ba itšireletsa letsatsi le tlabolang tlas’a lona. Re ile ra thabela ho bona hore ba bangata ba ne ba rata linnete haholo, kahoo re ile ra etsa litokisetso tsa ho khutla le ho qalisa lithuto tsa Bibele. Ha re khutla, re ile ra hlokomela hore ba bangata ha ba tsebe ho bala le ho ngola. Ba ile ba re bolella hore ho na le sekolo se sa sebelisoeng ka lebaka la ho hloka chelete. Motho ea ikarabellang ka sona o ile a re lumella ho sebelisa phaposi e ’ngoe bakeng sa lithuto tsa Bibele le lihlopha tsa ba rutoang ho bala le ho ngola. Batho ba tšeletseng ba Mawayuu ba ithutile ho bala le ho ngola ’me ba hatela pele ho ithuteng Bibele. Re thabile haholo ka lebaka la kananelo e bontšoang, ’me re rera ho tšoara liboka polasing ena.”
Lipaki tse ngata tseo e seng Mawayuu li ithutile Sewayuu, ’me thuso ea tsona e ananeloa haholo. Hloahloeng ea Guajira, hona joale ho na le liphutheho tse robeli le lihlopha tse peli tse buang Sewayuu.
Ho totobetse hore Jehova o hlohonolofatsa boiteko bo etsoang. Ha ho pelaelo hore ho ka finyelloa ho hongata ha ho ntse ho bolelloa Mawayuu litaba tse molemo. Ho lebeletsoe katleho ha ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea e ntse e e-ba barutuoa ba Bakreste. E se eka Jehova a ka romela basebetsi ba eketsehileng ba tla hlokomela tšimo ena e seng e “soeufetse bakeng sa kotulo.”—Matheu 9:37, 38.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.
[Limmapa tse leqepheng la 16]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
VENEZUELA
COLOMBIA
LA GUAJIRA
Manaure
Ríohacha
Uribia
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 16]
Wayuu camp on both pages: Victor Englebert